Re Kile ra ba Liphiri—Joale re Linku!
Ha ’na le Sakina re sa le bananyana, malapa abo rōna a ne a ahelane. Sakina e ne e le sehanyata, athe ’na ke ne ke le seheshana. Re ne re rata ho ngangisana, empa ka letsatsi le leng re ile ra loana ea khumamela. Ho tloha tsatsing leo, ha rea ka ra hlola re buisana kapa re lumelisana. Qetellong ka bobeli re ile ra tloha sebakeng seo eaba ha re sa kopana.
Ka 1994, ke ile ka qala ho ithuta Bibele le Lipaki tsa Jehova, ’me botho ba ka bo ile ba fetoha butle-butle. Lilemo tse ’nè hamorao ha ke le kopanong ea rōna ea letsatsi le khethehileng Bujumbura, Burundi, ke ile ka makala ha ke re ptjanptjang! le Sakina. Ke ne ke thabetse hore o ne a le teng, empa re ile ra lumelisetsana ka marameng. Hamorao letsatsing leo, ha kea ka ka kholoa mahlo a ka ha ke mo bona har’a ba eang kolobetsong! Le eena o ne a fetohile haholo. E ne e se e se nkoapo eane eo ke neng ke qoaketsana le eona khafetsa. E bile ho tsotehang hakaakang ho mo bona a bontša boinehelo ba hae ho Molimo phatlalatsa ka ho kolobetsoa metsing!
Ha a tsoa ka metsing, ke ile ka potlakela ho ea mo kopa eaba kea mo sebela: “U sa hopola kamoo re neng re loana kateng?” O ile a re: “E, ke sa hopola, empa tseo li fetile. Hona joale ke motho e mocha.”
Ka bobeli re thabetse hore ebe re fumane ’nete ea Bibele e kopanyang batho ’me re fetotse botho ba rōna bo kang ba liphiri ho ba bo kang ba linku tsa Molisa e Moholo, Jehova Molimo. Ka sebele, ’nete ea Bibele e hlile e fetola bophelo.