Re Etsa Sohle se Matleng a Rōna!
“ETSA sohle se matleng a hao.” Moromuoa e mong o kile a fuoa keletso ena e sebetsang ke setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova. Empa ke hobane’ng ha mosebeletsi ea nang le phihlelo a ne a ka fuoa keletso ea mantlha joalo? Na baromuoa ba bangata hase batho ba sebete bao letsatsi le leng le le leng ba thulanang ka katleho le likokoanyana tse lomang, linoha, mocheso, maloetse le mathata a mang a fapaneng?
Ha e le hantle, baromuoa ba Lipaki tsa Jehova ke banna le basali ba tloaelehileng, Bakreste bao lerato la bona le tebileng bakeng sa Jehova le moahisani le ba susumelelitseng hore ba sebeletse linaheng lisele. Ba leka ho sebeletsa Jehova ka hohle kamoo ba ka khonang, ’me ba talima ho eena bakeng sa bonatla.—Baefese 6:10.
E le hore re ka ithuta ho eketsehileng ka mosebetsi oa boromuoa, a re nke hore re qeta letsatsi re etetse lehae la baromuoa le tloaelehileng Afrika Bophirimela.
Letsatsi Mosebetsing oa Boromuoa
E se e batla e le hora ea bosupa hoseng. Re fihlile lehaeng la baromuoa ka nako e le hore re ka kopanela puisanong ea temana ea Mangolo bakeng sa letsatsi. Baromuoa ba leshome ba re amohela ka mofuthu ’me ba re fa sebaka tafoleng bakeng sa lijo tsa hoseng. Ha re ntse re tsebana, e mong oa baromuoa, ea bileng kabelong ea hae ka lilemo tse ngata, o qala ho re bolella phihlelo e qabolang eo a bileng le eona tšebeletsong. Empa moqoqo oa rōna o khaoletsoa ke molula-setulo oa puisano letsatsing leo ea hopotsang sehlopha sena se thabileng hore e se e le nako ea ho hlahloba temana ea letsatsi. Puisano e tla tšoaroa ka Sefora. Le hoja re sa bue puo eo, ho ea kamoo ba itlhalosang kateng, ho hlakile hore baromuoa bana ba tsoang linaheng lisele ba tsoela pele hantle hoo ba seng ba tseba puo eo hantle.
Ka mor’a hore ho buisanoe ka Mangolo, ho latela thapelo e tlohang pelong, ’me ka mor’a moo ke nako ea lijo tsa hoseng. Ha re ntse re itšella phamphang ea lijo tse entsoeng ka lijo-thollo, moromuoa ea lutseng pel’a rōna o re khothalletsa ho li jelella ka libanana. Re hlalosa hore ha re rate libanana, empa o re bolella hore re tla fetola maikutlo a rōna hang ha re se re latsoitse libanana tsa sebakeng seo. Kahoo, re jelella ka libanana. O nepile hakaakang! Libanana tsena lia latsoeha—li monate joaloka ice cream! ’Me re kholisoa hore bohobe bo entsoeng ka mokhoa oa Sefora boo re tla bo ja bo bakiloe ka matjeke lebenkeleng le lenyenyane le ka mose ho lehae la baromuoa.
Ka mor’a lijo tsa hoseng, re tla qeta letsatsi le banyalani ba baromuoa, bao re tla ba reha Ben le Karen. Re utloile ho hongata ka tšimo e behang litholoana naheng ena e ka Bophirimela ea Afrika, ’me re tatetse ho inoesa ka nkho.
Ha re fihla boemelong ba bese, re fumana ho se ho e-na le batho ba bangata. E e-s’o be neng, bo-mphato ba rōna ba baromuoa ba se ba qalisitse moqoqo o susumetsang o mabapi le sehlooho se seng sa Bibele le mosali e mong hammoho le mora oa hae. Kaha ha re tsebe Sefora, seo re ka se etsang feela ke ho ema moo le ho bososela! Moo mosali eo a amohelang likopi tsa Molula-Qhooa le Tsoha!, bese ea fihla, ’me bohle ba leka ho kena ka hare, kaofela ka nako e le ’ngoe! Ha re leka ka matla ho kena ka beseng, letšoele le re sutumetsa ka morao. Ke phephetso ho boloka botsitso ha re ntse re kenella ka hare ho ea morao beseng. Hang ha mokhanni a lumisa bese, rea itšoareletsa ho itokisetsa leeto le lebe. Nako le nako, bese ea ema, ’me batho ba bang ba eketsehileng ba ipeteletsa ka hare. Re bososela le bapalami-’moho le rōna, ’me le bona baa bososela. Re lakatsa hakaakang hore ebe re ne re ka khona ho buisana le bona!
Ha bese eo re e palameng e ntse e tsamaea e pepetlololitse, re hlolisa ka lifensetere ho bona ho feresela ho etsahalang seterateng. Basali ba babeli ba tsamaea hammoho ba roetse meroalo e boima hloohong. E mong oa bona o roetse nkho e khōlō ea metsi. Monna ea rekisang o alile kobo ka thōko ho tsela ’me o behile mabenyane a seng makae ao a batlang ho a rekisa holim’a eona. Hohle ke batho ba rekang le ba rekisang hoo e ka bang ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka rekoang kapa e ka rekisoang.
Ka tšohanyetso Ben, ea emeng haufi le ’na, o lemoha hore ho na le ntho e ntseng e mo kobola maotong. Ekaba ke’ng? Bese e tletse tsoete! empa ke eo ntho e kobola hape. O khona ho lahlela mahlo fatše. Maotong a hae ho na le mokotla o nang le letata leo ka linako tse ling le hlahisang hlooho ’me le mo kobola! Ben o hlalosa hore ho ka etsahala hore ebe mong’a letata leo o le isa ’marakeng ho ea le rekisa.
Ha re fihla tšimong ea rōna, re thabela ho bona hore re etetse sebakeng seo e hlileng e leng sa Afrika. Ha re atamela ntlong ea pele, Ben o opa liatla haholo ho hlokomelisa mong’a ntlo. Ke kamoo batho ba “kokotang” kateng karolong ena ea lefatše. Ho hlaha mohlankana ’me o bolela hore o phathahane empa o kōpa hore re khutle ka mor’a nako e itseng hona hoseng hoo.
Monyakong o hlahlamang, re teana le mosali ea buang puo eo Ben a sa e tsebeng. O bitsa mora oa hae ’me o mo kōpa hore a fetolele seo Ben a se buang. Ha Ben a qeta, mosali eo o amohela bukana e mabapi le lihlooho tsa Bibele, ’me mora oa hae o tšepisa hore o tla mo hlalosetsa eona. Ntlong ea boraro, ho na le bacha ba ’maloa ba lutseng karolong e ka pele ea jarete. Kapele-pele ba babeli ba bona ba tloha litulong e le hore baeti ba ka lula fatše. Ho latela puisano e etsoang ka cheseho mabapi le tšebeliso ea sefapano borapeling. Ho etsoa litokisetso tsa ho ntšetsa moqoqo pele bekeng e hlahlamang. Joale e se e le nako ea ho khutlela ho mohlankana eane ea neng a phathahane eo re teaneng le eena ntlong ea pele. Ka tsela e itseng o se a utloetse ka moqoqo oa rōna le bacha ba bang tlaasenyana hona seterateng sena. O na le lipotso tse ngata tse thehiloeng Bibeleng ’me o kōpa ho khanneloa thuto ea Bibele. Ka mor’a hore a hlahlobe kemiso ea hae, Ben o lumela ho khutlela ho eena ka nako e tšoanang bekeng e hlahlamang. Ha re le tseleng re khutlela lehaeng la baromuoa bakeng sa lijo tsa motšehare, Ben le Karen ba bolela hore ba lokela ho hlophisa mosebetsi oa bona oa lithuto tsa Bibele hantle hobane ho seng joalo, ho ka ba bonolo hore ba qalise lithuto tsa Bibele tse ngata ho feta tseo ba ka khonang ho li khanna.
Re ba babatsa kamoo ba buang Sefora ha phollatsi kateng. Ben o re e se e le lilemo tse tšeletseng eena le Karen e le baromuoa, ’me ba se ba qala ho ikutloa ba phutholoha ha ba bua Sefora. Ba re tiisetsa hore ho ithuta puo e ncha ho ne ho se bonolo, empa ho ba le mamello ho ba tsoetse molemo.
Ka 12:30 motšehare, baromuoa kaofela ba lula hammoho tafoleng bakeng sa lijo tsa motšehare. Re hlokomela hore letsatsi le leng le le leng, moromuoa ea fapaneng o abeloa ho pheha lijo tsa hoseng le tsa motšehare le ho hlatsoa lijana ka mor’a moo. Kajeno, e mong oa baromuoa o phehile lijo tse lutlisang mathe, nama ea khōhō e halikiloeng le litapole tse halikiloeng, hammoho le salate ea tamati—tseo a ipabolang ka tsona!
Ke eng seo Ben le Karen ba rerang ho se etsa motšehare oa mantsiboea? Ba re ho tloha ka hora ea pele ho fihlela ka hora ea boraro thapama batho bohle ba balehela mocheso oa letsatsi, kahoo hangata baromuoa ba sebelisa karolo e ’ngoe ea nako eo bakeng sa ho ithuta kapa ho phomola. Ha re makale ha Karen a re bolella hore ha ho nke baromuoa ba bacha nako e telele hore ba tloaele mokhoa ona!
Ka mor’a ho phomola, re khutlela tšebeletsong ea tšimo. Monna e mong ea thahasellang eo Ben a lekileng ka nako e itseng ho iteanya le eena o sa ntse a sa fumanehe lapeng, empa bahlankana ba babeli ba bula monyako ha Ben a opa liatla. Ba re mong’a ntlo o ba boleletse ka ho eta ha Ben ’me o ba khothalelitse ka matla hore ba kōpe thuso ea ho ithuta Bibele, e leng Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Re thabela ho ba siela buka eo. Ka mor’a moo, re palama bese e re isang sebakeng seo Karen a tla beng a khannela mosali ea thahasellang thuto ea Bibele ho sona.
Ha bese e ntse e tsamaea literateng tse tletseng batho, Karen o re bolella hore o ile a teana le mosali eo ka letsatsi le leng ha ba ne ba palame tekesi hammoho le bapalami ba bang. Karen o ile a mo fa pampitšana hore a e bale nakong ea leeto. Mosali eo o ile a e bala ’me a kōpa e ’ngoe hape. O ile a bala eo e ’ngoe ka thahasello e eketsehileng. Ha ba fihla moo ba eang teng, Karen o ile a etsa litokisetso tsa ho etela mosali eo lelapeng la hae eaba o qalisa thuto ea Bibele e behang litholoana ka bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? Kajeno Karen o il’o ithuta le eena khaolo ea bohlano ea bukana eo.
Re thabetse letsatsi la rōna haholo tšebeletsong ea tšimo, empa re na le lipotso tseo re batlang ho li botsa mabapi le mosebetsi oa boromuoa. Ben le Karen ba re tšepisa hore ha re khutlela hae, ba tla re phehela lijo tse bobebe le ho araba lipotso tsa rōna.
Kamoo ba Khonang ho Tsoela Pele ka Lebelo le Hlokahalang Kateng
Nakong eo re ntseng re e-ja mahe a halikiloeng, bohobe bo entsoeng ka tsela ea Sefora le chisi, re ntse re ithuta ho eketsehileng ka bophelo ba boromuoa. Ka tloaelo baromuoa baa phomola kapa ba etsa mesebetsi ea botho ka Mantaha o mong le o mong. Baromuoa ba bangata ba qeta nako e itseng letsatsing leo ba ngolla malapa le metsoalle ea bona. Litaba tse tsoang hae ke tsa bohlokoa haholo ho bona, ’me ba thabela ho ngola le ho amohela mangolo.
Kaha baromuoa ba lula le ho sebetsa hammoho sebakeng se le seng, ke habohlokoa hore ba lule ba e-na le puisano e ntle ka ho thabela botsoalle le ho buisana ka litaba tsa moea le baromuoa-’moho le bona. Ho finyella seo, ho phaella ho bolokeng kemiso ea kamehla ea thuto ea botho ea Bibele, ka Mantaha o mong le o mong ka phirimana baromuoa ba ithuta Bibele ba sebelisa makasine ea Molula-Qhooa. Ben o re ha baromuoa ba tsoang libakeng tse fapaneng ba lula hammoho, ho ba le liphapang tse nyenyane tsa maikutlo tse ke keng tsa qojoa, empa tokisetso ea moea ea thuto ea lelapa e ba thusa hore ba tsoele pele ba phela tikolohong e tletseng khotso le kutloano. O hatisa hore e boetse e ba thusa hore ba se inke e le ba bohlokoa haholo.
Boikokobetso le bona ke ba bohlokoa. Baromuoa ha baa romeloa ho ea sebeletsoa, empa ba rometsoe ho ea sebeletsa. Metsoalle ea rōna e hlokomela hore e ’ngoe ea lintho tseo ho leng thata ka ho fetisisa ho li bua ka puo leha e le efe ke hore “ke kōpa tšoarelo,” haholo-holo ha motho a kōpa tšoarelo bakeng sa ntho e itseng eo a e buileng kapa eo a e entseng kantle le boikemisetso. Ben o re hopotsa ka mohlala oa Bibele oa Abigaile, ea ileng a kōpa tšoarelo ka lebaka la boitšoaro ba monna oa hae ba ho hloka tlhompho ’me ka ho etsa joalo a kokobetsa boemo bo neng bo ka fella ka tlokotsi. (1 Samuele 25:23-28) Ho khona “ho phela ka khotso” ke karolo ea bohlokoa ea ho ba moromuoa ea molemo.—2 Bakorinthe 13:11.
Hang ka khoeli baromuoa ba ba le seboka seo ho sona ba buang ka lintho tse amang lelapa, le ho etsa liphetoho tse hlokahalang mabapi le ho hlokomela lehae la baromuoa. Ka mor’a moo, bohle ba thabela lijo tse bobebe tse khethehileng. Re bona ena e le tokisetso e sebetsang—le e monate.
Ka mor’a lijo tsa mantsiboea, re nka leeto le lekhutšoanyane ho bona lehae lena la baromuoa. Re hlokomela hore, le hoja lehae lena e le la boemo bo itekanetseng, baromuoa ba sebelisana hammoho ho le boloka le le makhethe haholo. Ho na le sehatsetsi, mochine o hlatsoang liaparo le setofo. Karen o re bolella hore linaheng tse chesang le tse mongobo, joaloka ena eo ba leng ho eona Afrika Bophirimela, mechine e lekanyetsang mocheso le mohatsela le eona e ka ’na ea e-ba teng. Lintho tse thusang baromuoa hore ba lule ba phela hantle ’meleng ba bile ba beha litholoana ke sebaka se tšoanelehang sa bolulo, lijo tse hahang le ho itlhokomela hantle ’meleng.
Tsepamisa Maikutlo Linthong Tse Ntle
Re khahliloe ke sohle seo re se boneng. Na ebe mosebetsi oa boromuoa o re loketse? Hona re ka tseba joang? Batho bao re ba etetseng ba re fa lintlha tse ’maloa tseo re ka nahanang ka tsona.
Pele, ba re baromuoa ba Bakreste ha ba tsamaee ka morero oa ho ithabisa ho sa tsotellehe ho ipepesetsa likotsi. Ba batla batho ba lipelo li tšepahalang ba batlang ho ithuta ka litšepiso tsa Molimo tse hlollang. Baromuoa ba qeta bonyane lihora tse 140 ka khoeli ba le tšebeletsong ea tšimo, kahoo lerato la tšebeletso ke la bohlokoahali.
Rea ipotsa, ‘Ebe ba etsa joang ha ba kopana le linoha, lifelekoane le likokoanyana tse lomang?’ Kaha tsena ke lintho tse fumanoang likabelong tse ngata tsa baromuoa, Ben o re bolella hore baromuoa baa li tloaela. O phaella ka ho re kabelo e ’ngoe le e ’ngoe ea boromuoa e na le botle ba eona bo ikhethang, ’me ha nako e ntse e ea, baromuoa ba tsepamisa maikutlo litšobotsing tse ntle tsa kabelo ea bona. Maemo ao pejana ho neng ho ka thoe ke a “fapaneng” kapele aa tloaeleha, ’me ka linako tse ling e ba a thabisang. Moromuoa e mong ea ileng a sebeletsa Afrika Bophirimela ka lilemo tse ngata pele mabaka a botho a mo tlama ho khutlela ha habo o ile a re ho ne ho le thata ho tloha kabelong ea hae ho feta ho tloha naheng ea habo lilemong tse ngata tse fetileng. Kabelo ea hae ea boromuoa e ne e se e fetohile lehae la hae.
Na U se U le Malala-a-laotsoe?
Ben le Karen ba re boleletse lintho tse ngata tseo re ka nahanang ka tsona. Ho thoe’ng ka uena? Na u se u kile ua nahana ka ho sebeletsa u le moromuoa tšimong ea naha esele? Haeba ho joalo, e ka ’na eaba u haufi haholo le pakane eo ho feta kamoo u neng u nahana kateng. E ’ngoe ea lintho tse ka sehloohong tse hlokahalang ke ho rata tšebeletso ea nako e tletseng le ho thabela mosebetsi oa ho thusa batho ba bang. Hopola hore baromuoa hase batho ba phahametseng ba bang ka matla, empa e le banna le basali ba tloaelehileng. Ba etsa sohle se matleng a bona ho phetha mosebetsi oa bohlokoa haholo.
[Litšoantšo tse leqepheng la 27]
Letsatsi le leng le le leng le qala ka ho ba le puisano ka temana ea Bibele
[Litšoantšo tse leqepheng la 28, 29]
Bophelo ba ho ba moromuoa e ka ba bo khotsofatsang haholo
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Seo u ka se bohang Afrika