Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w01 10/15 leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Areka ea Noe le Tsela eo Likepe li Raloang ka Eona
    Tsoha!—2007
  • Batho ba Robeli ba Pholoha Moroallo
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Re U Lome Tsebe?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
w01 10/15 leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Lipalo tsa ho jara areka ea selekane li ne li shebile hokae, kaha 1 Marena 8:8 e bontša hore li ne li bonahala ha motho a le ka Sehalalelong?

Ha Jehova a ne a neha Moshe polane ea tabernakele lefeelleng, ntho e ka sehloohong e ne e le areka ea selekane. Lebokose lena le mahlakore a bapileng a lekanang, le manehiloeng khauta, le ne le tšetse matlapa a Molao le lintho tse ling. Le ne le bolokoa karolong e ka hare-hare, e leng Sehalalelisiso. Sekoahelong sa Areka ho ne ho e-na le litšoantšo tse peli tsa khauta tsa likerubime tse nang le mapheo a otlolohileng. Ka lehlakoreng le leng le le leng la Areka ho ne ho e-na le mehele e le hore e ka jaroa ka lipalo tse peli, tse entsoeng ka lehong la sefate sa leoka le manehiloeng khauta. Hoa utloahala hore lipalo tsena li ne li kentsoe meheleng ena li e-ea le bolelele ba Areka. Kahoo, Areka e ne e le sebakeng sa eona ka Sehalalelisisong sa tabernakele, se neng se shebile bochabela athe lipalo tsona li ne li shebile leboea-boroa. Boemo bo ne bo tšoana hamorao ha Areka e se e le tempeleng e ileng ea ahoa ke Solomone.—Exoda 25:10-22; 37:4-9; 40:17-21.a

Lesira le ne le arola Sehalalelisiso ho Sehalalelo (e leng kamore e ka ntle). Baprista ba ka Sehalalelong ba ne ba ke ke ba sheba ka Sehalalelisisong ’me ba talima Areka, eo Molimo a neng a itlhahisa ho eona. (Baheberu 9:1-7) Kahoo, 1 Marena 8:8 e ka ’na ea utloahala e makatsa ha e re: “Lipalo li ne li le telele, hoo lintlha tsa lipalo tseo li neng li bonahala ho tloha Sehalalelong ka pel’a kamore e ka hare-hare, empa li ne li sa bonahale ka ntle.” Ho buuoa ntho e tšoanang ho 2 Likronike 5:9. Lipalo li ne li bonahala joang ho mang le mang ea ka Sehalalelong sa tempele?

Ba bang ba ’nile ba nahana hore lipalo li ne li thetsa lesira, li etsa likuru. Empa ho ne ho ke ke ha e-ba joalo haeba lipalo li ne li shebisitsoe leboea-boroa, lesira le lebile nģa e le ’ngoe le tsona. (Numere 3:38) Ho na le tlhaloso e utloahalang haholoanyane. Lipalo li ne li ka bonahala haeba ho ne ho e-na le lekhalo pakeng tsa lesira le lebota la tempele kapa ha moprista ea phahameng a ne a kena ka Sehalalelisisong. Lesira le ne le sira Areka ka boeona hore e se ke ea bonoa empa ho ka etsahala hore ebe lipalo tse tsoetseng ka mahlakoreng a mabeli li ne li bonahala lekhalong. Le hoja tlhaloso ena e utloahala, re ke ke ra tiisa hore ho hlile ho joalo.

Ho hlakile hore ho na le makolopetso a mangata ao re sa ntsaneng re tla ithuta ’ona. Moapostola Pauluse o boletse lintlha tse seng kae lengolong la hae le eang ho Baheberu. Eaba o re: “Joale hase nako ea ho bua ka ho qaqileng malebana le lintho tsena.” (Baheberu 9:5) Tsoho e tlang ea ba tšepahalang e lokela ho re bulela menyetla e susumetsang ea ho ithuta ho banna ba kang Moshe, Arone, Bezalele le ba bang ba neng ba tseba polane ea tabernakele le mosebetsi oa eona.—Exoda 36:1.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lipalo tsena li ne li sa lokela ho ntšoa meheleng ena esita leha Areka e ne e le sebakeng sa eona ka tabernakeleng. Ka lebaka leo, lipalo tsena li ne li ke ke tsa sebelisetsoa morero ofe kapa ofe o mong. Hape, ho ne ho sa tlo hlokahala hore Areka e tšoaroe; ha lipalo li ne li ka ntšoa meheleng, ho ne ho tla hlokahala hore nako le nako ha Areka e halalelang e tlosoa, e tšoaroe e le hore ho khutlisetsoe lipalo meheleng. Tlhaloso e ho Numere 4:6 e buang ka ‘ho kenya lipalo’ e ka ’na ea bolela ho lokisoa ha lipalo hore ho jaroe lekese lena le boima ho le isa moo ho neng ho tla hlongoa liahelo bocha teng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela