Kolobetso ea Clovis—Lilemo Tse 1 500 Tsa Bok’hatholike Fora
MOLAETSA o neng o ngotsoe holim’a bomo ea maiketsetso e ileng ea fumanoa kerekeng ea Fora eo Mopapa John-Paul II a neng a tla etela ho eona ka September 1996 o ne o re: “Ka lebaka la Mopapa, ho phatloloa bomo.” Ona e ne e le mohlala o feteletseng oa boipelaetso bo teng khahlanong le ho etela ha hae Fora ka lekhetlo la bohlano. Leha ho le joalo, selemong seo, ke batho ba ka bang 200 000 ba ileng ba tla motseng oa Fora oa Reims ho tla ikhopotsa le mopapa lilemo tse 1 500 Morena Clovis oa Fora a sokolohetse Bok’hatholikeng. Morena enoa eo kolobetso ea hae e ’nileng ea bitsoa hore ke kolobetso ea Fora e ne e le mang? ’Me ke hobane’ng ha mokete oa ho ikhopotsa kolobetso ea hae o tsositse khang e kang ee?
’Muso o Ntseng o Kokobela
Clovis o hlahile hoo e ka bang ka 466 C.E., ke mora oa Childeric I, morena oa Mafrank a Masalii. Ka mor’a hore o hlōloe ke Baroma ka 358 C.E., morabe ona oa Majeremane o ile oa lumelloa ho lula sebakeng se tsejoang e le Belgium kajeno ka tumellano ea hore o tla lebela moeli le ho tšehetsa lebotho la Baroma ka masole. Ho tsoaka-tsoakana ha ’ona le baahi ba sebaka seo ba Baroma ba Fora, ho ile ha fella ka hore butle-butle Mafrank ana a oele mekhoeng ea Roma. Childeric I o ne a entse selekane le Baroma, a loantša merabe e meng ea Majeremane e neng e leka ho tšela meeli ka likhoka, merabe e kang Mavisigothe le Masaxon. Ka lebaka leo o ile a hlomphuoa ke Baroma ba Fora.
Meeli ea profinse ea Roma ea Gaul e ne e qala nōkeng ea Rhine ka leboea ho ea fihla Pyrenees ka boroa. Leha ho le joalo, ka mor’a lefu la Aetius eo e neng e le molaoli oa mabotho a Roma ka 454 C.E., naha eo eohle e ile ea hloka ’musi. Ho feta moo, ho ketoloa setulong ha Romulus Augustulus, eo e neng e le moemphera oa ho qetela oa Roma, ka 476 C.E. le ho timela ha karolo e ka bophirimela ea ’Muso oa Roma ho ile ha hlokisa naha eo botsitso lipolotiking. Ho latelang, Gaul e ne e le joaloka feiga e butsoitseng e emetseng ho khuoa ke o mong oa merabe e ka hare ho meeli ea eona. Kahoo ha ho makatse hore ebe ka mor’a ho hlahlama ntata’e boreneng, Clovis o ile a qala ho batla ho atolosa meeli ea ’muso oa hae. Ka 486 C.E., o ile a hlōla moemeli oa ho qetela oa Roma Gaul ntoeng haufi le motse oa Soissons. Tlhōlo ena e ile ea mo fa matla a ho laela sebakeng sohle se pakeng tsa nōka ea Somme ka leboea le nōka ea Loire, Gaul bohareng le ka bophirimela.
Monna eo e Neng e Tla ba Morena
Ho fapana le merabe e meng ea Majeremane, Mafrank e ne e sa ntse e le bahetene. Leha ho le joalo, ho nyalana ha Clovis le khosatsana ea Burgundy, Clotilda, ho ile ha e-ba le tšusumetso e khōlō bophelong ba hae. Kaha e ne e le Mok’hatholike oa popota, Clotilda kantle le ho nyahama o ile a leka ka makhetlo a mangata ho susumelletsa monna oa hae ho sokoloha. Ho ea ka histori e tlalehiloeng ke Gregory oa Tours lekholong la botšelela la lilemo C.E., e ne e le ka 496 C.E., ntoeng ea Tolbiac (Zülpich, Jeremane) khahlanong le morabe oa Baalemanni, ha Clovis a ikana hore o tla tlohela bohetene haeba Molimo oa Clotilda a ka etsa hore a hlōle. Le hoja masole a Clovis a ne a le haufi le ho hlōloa, morena oa Baalemanni o ile a bolaoa ’me masole a hae a inehela. Clovis o ne a kholisehile hore ke Molimo oa Clotilda ea entseng hore a hlōle. Ho latela neano, Clovis o ile a kolobetsoa ke “Mohalaleli” Remigius kerekeng ea Reims, ka la 25 December, 496 C.E. Leha ho le joalo, ba bang ba nahana hore o kolobelitsoe hamorao ka 498/9 C.E.
Boiteko ba Clovis ba ho hapa ’muso oa Burgundy ho ella ka boroa-bochabela, bo ile ba nyopa. Empa letšolo la hae khahlanong le Mavisigothe le ile la mo tsoalla katleho ka 507 C.E. ha a a hlōla Vouillé, haufi le Poitiers, e leng tlhōlo e ileng ea mo fa matla a eketsehileng holim’a karolo e khōlō ea Gaul ka boroa-bophirimela. Ka lebaka la ho hlōla hona, Anastasius, moemphera oa ’Muso oa Roma Bochabela o ile a fa Clovis tlotla ea ho ba moemeli. Ka lebaka leo o ne a phahametse marena ’ohle a ka bophirimela, ’me bobusi ba hae bo ile ba emisoa ka molao mahlong a Baroma ba Fora.
Kaha tikoloho eohle ea Mafrank e ka bochabela mabapa le lebōpo la nōka ea Rhine e ne e se e le ka tlas’a taolo ea hae, Clovis o ile a etsa Paris motse-moholo. Lilemong tsa ho qetela tsa bophelo ba hae, o ile a matlafatsa ’muso oa hae ka ho o ngolla molao o bitsoang Lex Salica, le ka ho kopanya lekhotla la kereke Orléans hore le hlakise kamano pakeng tsa Kereke le ’Muso. Ka mor’a lefu la hae, hoo e ka bang ka la 27 November, 511 C.E., e ne e le ’musi ea ka sehloohong oa likarolo tse tharo ho tse ’nè tsa naha ea Gaul.
The New Encyclopædia Britannica e bitsa ho sokolohela ha Clovis tumelong ea Bok’hatholike ka hore ke “nako ea bohlokoa ka ho fetisisa historing ea Europe ka bophirimela.” Ke hobane’ng ha ho sokoloha ha morena eo oa mohetene e bile habohlokoa hakaale? Taba ea bohlokoa ke hore Clovis o ile a khetha Bok’hatholike ho e-na le ho khetha borapeli ba Arius.
Ho Pheha Khang ka Borapeli ba Arius
Hoo e ka bang ka 320 C.E., Arius, moprista oa Alexandria, Egepeta, o ile a qala ho phatlalatsa likhopolo tse fapaneng le maikutlo a neng a atile mehleng eo mabapi le Boraro-bo-bong. Arius o ile a hana hehehe hore Mora o lekana le Ntate. Mora e ne e ke ke ea e-ba Molimo kapa a lekana le Ntate, hobane o na le tšimoloho. (Bakolose 1:15) Mabapi le moea o halalelang, Arius o ne a lumela hore ke motho, empa motho ea fokolang ha a bapisoa le Ntate le Mora. Thuto ena e ileng ea tuma hōle le haufi, e ile ea baka khanyetso e mabifi ka har’a kereke. Ka 325 C.E., Lekhotleng la Nicea, Arius o ile a lelekoa naheng ea habo ’me lithuto tsa hae tsa nyatsoa.a
Leha ho le joalo, sena ha sea ka sa felisa khang eo. Phehisano ena ea bolumeli e ile ea tsoela pele ka lilemo tse 60, ’me baemphera ka ho hlahlamana ha bona ba ne ba nka mahlakore a fapaneng. Qetellong, ka 392 C.E., Moemphera Theodosius I o ile a etsa Bok’hatholike ba orthodox le thuto ea bona ea Boraro-bo-bong bolumeli ba ’Muso oa Roma. Khabareng, Magothe a ile a sokolohela borapeling ba Arius ka lebaka la tšusumetso ea Ulfilas, mobishopo oa Lejeremane. Merabe e meng ea Majeremane le eona e ile ea potlakela ho amohela mofuta ona oa “Bokreste.”b
Ha ho fihla mehla ea Clovis, Kereke e K’hatholike, Gaul, e ne e le maqakabetsing. Mavisigothe a Arius a ne a leka ho hatella Bok’hatholike ka ho hana hore babishopo ba shoeleng ba nkeloe sebaka ke ba bang. Ho feta moo, kereke e ne e se e ntse e le maqakabetsing a ho arohana likoto tse peli tse latelang bapapa ba fapaneng, hobane baprista ba ka mahlakoreng a mabeli a hanyetsanang ba ne ba bolaeana Roma. Ntho e mpe le ho feta, bangoli ba bang ba K’hatholike ba ne ba boletse hore lefatše le tla fela ka 500 C.E. Kahoo, ho sokolohela ha mohapi enoa oa Mofrank Bok’hatholikeng ho ile ha nkuoa e le ketsahalo ea bohlokoa, e tšoaeang “lilemo tse ncha tse sekete tsa bahalaleli.”
Empa sepheo sa Clovis e ne e le sefe? Le hoja ho susumetsoa ke bolumeli ho ke ke ha behelloa ka thōko, pakane ea hae e ka sehloohong e ne e le ho iphumanela matla lipolotiking. Ka ho khetha Bok’hatholike, Clovis o ile a ratoa ke baahi ba bangata ba Baroma ba Fora bao e leng Mak’hatholike le ho tšehetsoa ke sehlopha se busang sa kereke se nang le tšusumetso. Kantle ho pelaelo sena se ile sa mo phahamisetsa ka holim’a ba tsekisanang matla a ho busa le eena. The New Encyclopædia Britannica e bolela hore “ho hapa ha hae Gaul e ne e le ntoa ea tokollo jokong ea bakhelohi ba Arius ba neng ba hlouoe.”
Clovis e ne e le Motho oa Mofuta Ofe?
Pelenyana ho mokete oo oa sehopotso ka 1996, moarekabishopo oa Reims, Gérard Defois, o ile a hlalosa Clovis e le “letšoao la tšokoloho e nahanisisitsoeng hantle le e entsoeng ka kelello e hlaphohileng.” Leha ho le joalo, rahistori oa Lefora Ernest Lavisse o ile a re: “Ha ho kamoo ho sokoloha ha Clovis ho ileng ha fetola botho ba hae kateng; pelo ea hae ha ea ka ea susumetsoa ke thuto e bonolo le e tletseng khotso ea Kosepele.” Rahistori e mong o ile a re: “Ho e-na le ho rapela Odin [molimo oa Manorse], o ile a rapela Kreste empa leha ho le joalo ha aa ka a fetoha.” Joaloka Constantine ka mor’a ho etsa eka o sokolohetse tumelong ea Bokreste, Clovis o ile a qala ho matlafatsa borena ba hae ka hore hanyane ka hanyane a bolaee lira tsa hae ka bonngoe. O ile a bolaea “beng ka eena kaofela, esita le meneketsela.”
Ka mor’a lefu la Clovis, ho ile ha etsoa litšōmo tse buang ka eena tse neng li tla mo etsa mohalaleli ea tummeng eseng mohlabani ea khopo. Tlaleho ea Gregory oa Tours, e ngotsoeng hoo e ka bang lilemo tse lekholo hamorao, e nkuoa e le boiteko bo nahannoeng hantle ba ho bapisa Clovis le Constantine, moemphera oa pele oa Roma ea ileng a amohela “Bokreste.” Ka ho bolela hore Clovis o kolobelitsoe a le lilemo li 30, ho bonahala eka Gregory o ne a leka ho mo tšoantša le Kreste.—Luka 3:23.
Hincmar, mobishopo oa Reims o ile a ntšetsa mokhoa ona pele lekholong la borobong la lilemo. Nakong eo likereke li neng li hlōlisana ka ho romela baemeli linaheng lisele, bukeng eo a ileng a e ngola ka mobishopo oa pele ho eena, “Mohalaleli” Remigius, o ne a leka ho eketsa botumo ba kereke ea hae le ho e ruisa. Tlalehong ea hae, leeba le lesoeu le ile la tlisa komana e tšetseng oli hore a tlotse Clovis ka eona kolobetsong ea hae—ka ho hlakileng ketsahalo ena e bapisitsoe le ha Jesu a ne a tlotsoa ka moea o halalelang. (Matheu 3:16) Ka tsela ena Hincmar o ile a tšoantša Clovis, Reims, le ’muso o busoang ke morena ’me ka tsela ena a etsa hore ho amohelehe hore Clovis e ne e le motlotsuoa oa Morena.c
Mokete oa Sehopotso o Tsosang Khang
Eo e kileng ea e-ba mopresidente oa Fora Charles de Gaulle o kile a re: “Ke nahana hore histori ea Fora e simolohile ho Clovis, ea ileng a khetheloa ho ba morena oa Fora ke Mafrank, a ileng a rehella ka Fora ka lebitso la ’ona.” Leha ho le joalo, hase e mong le e mong ea lumellanang le seo. Mokete oa ho ikhopotsa lilemo tse 1 500 Clovis a kolobelitsoe o ile oa tsosa khang. Naheng eo ’Muso le Kereke li ileng tsa aroloa ka molao ho tloha ka 1905, ba bangata ba ile ba nyatsa ’muso ka ho kopanela moketeng oa khopotso oo ba neng ba lumela hore ke oa kereke. Mohla lekhotla la motse oa Reims le neng le tsebisa phatlalatsa hore le tla lefella sethala seo mopapa a neng a tla se sebelisa nakong ea ketelo ea hae, mokhatlo o mong o ile oa etsa hore lekhotla le hane qeto eo e le e sa eeng ka molao-motheo. Ba bang ba ne ba nahana hore Kereke e batla hore seeta ho boele ho lle sa eona Fora. Ntho e ’ngoe e ileng ea thatafatsa mokete ona oa sehopotso le ho feta ke ho nkoa ha Clovis e le letšoao la sehlopha sa majela-thōko a Sechaba le sehlopha sa Mak’hatholike se lumelang hore Bibele ha e hlalosoe.
Ba bang ba ne ba nyatsa mokete ona oa sehopotso ba itšetlehile ka histori. Ba ile ba re kolobetso ea Clovis ha ea ka ea etsa hore Fora e be ka tlas’a Bok’hatholike, kaha bolumeli bona bo ne bo se bo ntse bo metse ka metso ho Baroma ba Fora. ’Me ba ne ba bolela hore Fora ha ea ba teng e le sechaba ka lebaka la kolobetso ea hae. Ba re Fora e bile teng ka lebaka la karohano ea ’muso oa Charlemagne ka 843 C.E., ho bolelang hore Charles ea Lefatla, eseng Clovis, ke eena morena oa pele oa Fora.
Lilemo Tse 1 500 Tsa Bok’hatholike
Bok’hatholike bo ntse bo tsoela pele joang Fora kajeno ka mor’a lilemo tse fetang 1 500 e le “morali e moholo oa Kereke”? Fora e ne e le eona e li hulang pele ka palo ea Mak’hatholike a kolobelitsoeng ho fihlela ka 1938. Hona joale e boemong ba botšelela, ka mor’a linaha tse kang Philippines le United States. Le hoja ho e-na le Mak’hatholike a limilione tse 45 Fora, ke limilione tse tšeletseng feela tse kopanelang ’Misa kamehla. Lipatlisiso tsa morao tjena tse entsoeng har’a Mak’hatholike a Fora li supa hore Mak’hatholike a etsang karolo ea 65 lekholong “a hlokomoloha thuto ea Kereke mabapi le ho kopanela likobo,” ’me ho karolo ea bohlano lekholong, Jesu “hase letho.” Mekhoa ena e mebe e ile ea susumetsa mopapa ho botsa potso ena nakong ea ketelo ea hae Fora ka 1980: “Mafora, le entse’ng ka litšepiso tseo le li entseng ha le kolobetsoa?”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa August 1, 1984, leqepheng la 24.
c Lebitso le reng Louis le nkiloe ho Clovis, eo marena a 19 a Fora a reheletsoeng ka eena (ho akarelletsa Louis XVII le Louis-Philippe).
[’Mapa o leqepheng la 27]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
MASAXON
Nōka ea Rhine
Nōka ea Somme
Soissons
Reims
Paris
GAUL
Nōka ea Loire
Vouillé
Poitiers
PYRENEES
MAVISIGOTHE
Roma
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Kolobetso ea Clovis joalokaha e bontšitsoe bukeng e ngotsoeng ka letsoho ea lekholo la bo14 la lilemo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
© Cliché Bibliothèque nationale de France, Paris
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Seemahale sa kolobetso ea Clovis (setšoantšo se bohareng) ka ntle ho Kereke ea Reims, Fora
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Ho etela ha John Paul II Fora ho ea ikhopotsa kolobetso ea Clovis ho ile ha tsosa khang