Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Ho Fumana ’Nete Sebakeng se sa Lebelloang
KE THATO ea Molimo hore “batho ba mefuta eohle ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Timothea 2:3, 4) E le hore li ka finyella pakane eo, Lipaki tsa Jehova li hatisitse le ho aba Libibele tse limilione le lithuso tsa ho ithuta Bibele. Ka linako tse ling, libuka tsena li thusitse batho ba lipelo li tšepahalang ho tseba ’nete ka litsela tse sa lebelloang. Mabapi le taba ena, baboleli ba ’Muso ba Freetown, Sierra Leone, ba fane ka tlaleho ena e latelang.
Osman e ne e le ngoana oa bobeli lelapeng la bana ba robong. Kaha o ne a hōletse lelapeng la bolumeli, kamehla o ne a tsamaea le ntat’ae ho ea rapela. Leha ho le joalo, Osman, o ne a tšoentsoe haholo ke seo bolumeli ba hae bo neng bo se ruta ka lihele. O ne a sa utloisise hore na ho tla joang hore Molimo ea mohau a hlokofatse batho ba khopo ka ho ba chesa mollong. Litlhaloso tsohle tseo Osman a ileng a li utloa tse neng li reretsoe ho mo thusa ho utloisisa thuto ea bolumeli ea mollo oa lihele ha lia ka tsa mo khotsofatsa.
Ka letsatsi le leng, ha Osman a le lilemo li 20, o ile a bona buka e ’ngoe e putsoa e neng e le ka har’a moqomo oa lithōle. Kaha o ne a rata ho bala, o ile a e ntša, a e hloekisa, ’me a bona sehlooho sa eona se reng—’Nete e Isang Bophelong bo sa Feleng.a
Osman o ile a ipotsa, a re: ‘Ke ’nete efe eo ho buuoang ka eona?’ Osman o ne a batla ho tseba, ’me o ile a nka buka eo ’me a ea le eona hae moo a ileng a e bala ho tloha leqepheng la pele ho fihlela leqepheng la ho qetela ka eona nako eo. O ne a thabile hakaakang ho tseba hore Molimo o na le lebitso—Jehova! (Pesaleme ea 83:18) Osman o ile a boela a ithuta hore tšobotsi e hlahelletseng ka ho fetisisa ea Molimo ke lerato le hore Molimo o nyonya khopolo ea ho hlokofatsa batho mollong oa lihele. (Jeremia 32:35; 1 Johanne 4:8) Qetellong, Osman o ile a bala hore haufinyane Jehova o tla tlisa lefatše la paradeise moo batho ba tla phela teng ka ho sa feleng. (Pesaleme ea 37:29; Tšenolo 21:3, 4) A ’nete e hlollang hakaakang e tsoang ho Molimo ea mohau le ea lerato! A bontša kananelo e tsoang pelong, Osman o ile a leboha Jehova ha a mo lumeletse ho fumana ’nete sebakeng se sa lebelloang.
Matsatsi a ’maloa hamorao, ka thuso ea metsoalle ea hae, Osman o ile a fumana Holo ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova ’me a kopanela libokeng ka lekhetlo la pele. Ha a ntse a le moo, o ile a kōpa Paki hore e ithute Bibele le eena. Ho sa tsotelle khanyetso e matla ea lelapa, Osman o ile a hatela pele moeeng ho fihlela a kolobetsoa. (Matheu 10:36) Kajeno, o sebeletsa e le moholo ka har’a phutheho. Ho hlolla hakaakang hore ebe see sohle se etsahetse ka lebaka la ho fumana buka e buang ka Bibele ka har’a moqomo oa lithōle!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Lipaki tsa Jehova ka 1969.