Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 3/15 maq. 8-9
  • Pele le ka Morao—Bophelo ba Hae bo Fetohile

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pele le ka Morao—Bophelo ba Hae bo Fetohile
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Patlo ea ’Nete e-ea Putsoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Ho Tloha ho Tepelleng Maikutlo ho ea Thabong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Kamoo ba Bang ba Fumaneng Likarabo Kateng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Ho Ikemisetsa ho Phela ka Melao ea Jehova ea Boitšoaro
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 3/15 maq. 8-9

“Atamelang ho Molimo, ’me o Tla Atamela ho Lōna”

Pele le ka Morao—Bophelo ba Hae bo Fetohile

’MATŠEPANG o ne a phela bophelo bo bosula le bo se nang morero hakaakang! E ne e le ngoananyana oa Lesotho, naheng e pota-potiloeng ke Afrika Boroa. ’Matšepang o ne a hōlisitsoe e le Mok’hatholike. Leha ho le joalo, ho e-na le hore a thusoe ho atamela ho Molimo, ka lilemo tse ngata o ile a tšoaroa hampe ke baitlami ba neng ba mo eka ka chelete hore a kopanele boitšoarong bo bobe.

Ka lebaka leo, ’Matšepang o ile a soabisoa ke bolumeli ’me o ne a sitoa ho lumela ho ’Mōpi ea lerato ea tsotellang batho ba hae e le kannete. Ka lebaka la ho se tsotelloe le ho tšoaroa hampe, ’Matšepang o ile a utloa bohloko haholo ’me a nahana hore ha a na thuso. O ile a hōla a le mabifi haholo a bile a rata ntoa. Sena se ile sa mo etsa hore e be setlokotsebe.

Hamorao ’Matšepang o ile a ikopanya le batho ba k’hothotsang litereneng. O ile a tšoaroa ’me a ahloleloa ho hlola chankaneng ea Afrika Boroa. Ka mor’a moo o ile a romelloa ha habo Lesotho, moo a ileng a ’na a tsoela pele a phela ka tlōlo ea molao, botahoa, pefo le boitšoaro bo bobe.

Ketsahalong e neng e mo nyahamisitse ka ho fetisisa, o ile a rapela Molimo ka tieo hore a mo thuse. O ile a etsa tšepiso ena, a re: “Molimo, ha nka phela, ke tla etsa sohle se matleng a ka ho u sebeletsa.”

Ka mor’a nakoana, ’Matšepang o ile a eteloa ke baromuoa ba Lipaki Tsa Jehova. Ba ile ba ithaopela ho mo ruta Bibele. Ha a ntse a ithuta o ile a hlokomela hore Molimo o thahasella batho e bile oa ba tsotella. Ha e le hantle, o ile a lemoha hore Satane, “ntate oa leshano” o sebelisa maqiti a bolotsana le a thetsang hore batho ba bang ba ikutloe ba se na thuso le hore ba lumele hore Jehova a ke ke a ba rata.—Johanne 8:44; Baefese 6:11.

Empa ’Matšepang o ile a tšeliseha hakaakang ha a ithuta hore batho ba ka phela bophelo ba boitlhompho haeba ba bakela libe tsa bona tsa nakong e fetileng, ba kōpa hore Molimo a ba tšoarele ’me ba loanela ho mo khahlisa! O ile a thusoa ho elelloa hore “Molimo o moholo ho lipelo tsa rōna” le hore o re talima ka tsela eo e ka ’nang eaba e fapane le eo re italimang ka eona.—1 Johanne 3:19, 20.

’Matšepang o ile a hlolloa ha a bala mantsoe ana a mopesaleme Davida: “Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng; o pholosa ba sithabetseng moeeng.” (Pesaleme ea 34:18) Joalokaha e ne e le e mong oa “ba sithabetseng moeeng,” o ile a hlokomela hore Jehova ha a lahle bahlanka ba hae, esita le haeba ba bang ba bona ba ka nyahama kapa ba nahana hore hase ba bohlokoa. O ile a thabela ho ithuta hore Molimo o hlokomela linku tsohle tsa hae le hore oa li baballa ha ho le thata. (Pesaleme ea 55:22; 1 Petrose 5:6, 7) O ile a angoa maikutlo haholo-holo ke mantsoe a reng: “Atamelang ho Molimo, ’me o tla atamela ho lōna.”—Jakobo 4:8.

Matla a Lentsoe la Molimo, e leng Bibele, a ile a bonahala kapele bophelong ba ’Matšepang. O ile a qala ho ba teng kamehla libokeng tsa Bokreste ’me a tlohela mekhoa ea hae e hananang le mangolo. Liphello e bile life? Ha a sa nka hore ha a tšoaneloe ke lerato la Molimo le mohau oa hae. Ho tloha ha a kolobetsoa e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o se a qetile lihora tse ngata tšebeletsong ea Bokreste e le ’moleli oa litaba tse molemo tsa ’Muso. Ho sa tsotellehe mathata a bophelo ba nakong e fetileng, hona joale ’Matšepang o phela bophelo bo thabileng le bo nang le morero. Ke pontšo e matla hakaakang ea hore Bibele e na le matla a ho fetola bophelo!—Baheberu 4:12.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]

“Molimo, ha nka phela, ke tla etsa sohle se matleng a ka ho u sebeletsa”

[Lebokose le leqepheng la 9]

Melao-motheo e Thusang ea Bibele

Melao-motheo ea Bibele e tšelisitseng ba ileng ba tšoaroa hampe e akarelletsa ena e latelang:

“Ha menahano ea ka e hlokisang botsitso e ngatafala ka hare ho ’na, matšeliso a hao [Molimo] a ile a qala ho hlabolla moea oa ka.” (Pesaleme ea 94:19) “Matšeliso” a Jehova a fumanoang ka Lentsoeng la hae ke mohloli oa matšeliso a maholo. Ho nahana ka ’ona ha re thuisa le ha re rapela ho re thusa ho fokotsa menahano e ka re hlokisang botsitso ’me ho etsa hore re tšepe Molimo hore ke Motsoalle ea utloisisang.

“[Jehova] o folisa ba robehileng lipelo, o tlamisa maqeba a bona a bohloko.” (Pesaleme ea 147:3) Haeba re ananela mohau oa Jehova le tokisetso ea hae ea ho koahela libe tsa rōna ka sehlabelo sa Jesu sa thekollo, ka kholiseho re ka atamela Molimo ka lipelo tse sa re ahloleng. Sena se ka re tšelisa haholo sa ba sa re khotsofatsa.

“Ha ho motho ea ka tlang ho ’na [Jesu Kreste] ntle leha a huloa ke Ntate ea nthomileng; ’me ke tla mo tsosa ka letsatsi la ho qetela.” (Johanne 6:44) Ka moea oa hae o halalelang le ka mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso, Jehova ka boeena o re hulela ho Mora oa hae ’me o re tšepisa bophelo bo sa feleng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela