Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 4/15 maq. 23-26
  • Lenyalo le sa Lebelloang la Boaze le Ruthe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lenyalo le sa Lebelloang la Boaze le Ruthe
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ketso ea Sekhukhu
  • “Mosali ea Khabane ka ho Fetisisa”
  • Mosireletsi le Mothusi
  • Ho Fumana “Sebaka sa Phomolo”
  • Morekolli oa Koeneha
  • “Moputso o Phethahetseng”
  • “Mosali ea Khabane ka ho Fetisisa”
    Etsisa Tumelo ea Bona
  • “Mosali ea Khabane ka ho Fetisisa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Buka ea Bibele ea 8—Ruthe
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Ruthe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 4/15 maq. 23-26

Lenyalo le sa Lebelloang la Boaze le Ruthe

HOA phethesela seotlong se haufi le Bethlehema ho etsoa mesebetsi ea nakong ea selemo. Ho sebelitsoe ka thata tsatsing lena. Lephoka le monate la lijo-thollo tse qetang ho halikoa le etsa hore basebetsi ba lapileng ba tsebe hore e se e le nako ea lijo. E mong le e mong o tla ja litholoana tsa mosebetsi oa hae o thata.

Boaze, mong’a naha ea nang le leruo le leholo oa ja le ho noa, ka mor’a moo o phomola pel’a qubu e khōlō ea lijo-thollo. Hamorao mosebetsi oa kotulo oa emisoa bakeng sa letsatsi leo, ’me motho ka mong o batla sebaka seo a tla phomola hamonate ho sona. Boaze o khotše, joale oa ikoahela ’me o ea le sephume sa boroko.

Ketso ea Sekhukhu

Har’a mp’a bosiu, Boaze o tsosoa ke serame ’me oa qhaqhasela. Ha a re phapha! o fumana maoto a hae a apotsoe ’me motho a robetse maotong a hae! Kaha ho lefifi, ha a bone hore na ke mang, ’me oa botsa o re: “U mang?” Mosali oa araba o re: “Ke ’na lekhabunyane la hao Ruthe, u apese lekhabunyane la hao seaparo sa hao, kaha u morekolli.”—Ruthe 3:1-9.

Ba buela lefifing ho se ea ba mametseng. Basali ha ba tle seotlong ba le bang. (Ruthe 3:14) Leha ho le joalo, Boaze o re Ruthe a ’ne a robale maotong a hae ho fihlela pele mafube a hlaha, ka mor’a moo oa tsoha ’me oa tsamaea, ka tsela ena o qoba ho nyatsoa ntle ho mabaka.

Na ba ne ba laetsane ka litaba tsa lerato? Na monna eo ea hōlileng ea ruileng o ile a ekoa ka bohlale ke Ruthe—mohlolohali e mocha ea futsanehileng ea tsoang naheng ea bahetene? Kapa na Boaze o ne a nka monyetla ka maemo a Ruthe le ho tla ha hae a le mong bosiung boo? Che, ha e le hantle, se etsahetseng ke mohlala oa botšepehi le lerato ho Molimo. Ebile se ama maikutlo.

Empa Ruthe ke mang? Sepheo sa hae e ne e le sefe? ’Me Boaze eo oa morui ke mang?

“Mosali ea Khabane ka ho Fetisisa”

Lilemo pele ho etsahala sena, ho ile ha e-ba le tlala Juda. Lelapa la Baiseraele ba bane—Elimeleke; mosali oa hae Naomi; le bara ba bona ba babeli, Mahalone le Kilione—le ile la fallela naheng e nonneng ea Moabe. Bara ba ile ba nyala basali ba babeli ba Bamoabe, e leng Ruthe le Orpa. Ka mor’a lefu la banna bana ba bararo naheng ea Moabe, basali ba bararo ba ile ba utloa hore maemo a ntlafetse Iseraele. Kahoo Naomi—eo joale e neng e se e le mohlolohali ea utloileng bohloko haholo, ea se nang bana kapa litloholo—o ile a etsa qeto ea ho khutlela naheng ea habo.—Ruthe 1:1-14.

Ha ba le tseleng e eang Iseraele, Naomi o ile a kholisa Orpa hore a khutlele ho ba habo. Ka mor’a moo Naomi a re ho Ruthe: “Bona! Ngoetsi-’moho le uena ea mohlolohali e khutletse ho batho ba habo eona le ho melimo ea habo eona. Khutla le ngoetsi-’moho le uena ea mohlolohali.” Empa Ruthe a re: “U se ke ua nkōpa ka tieo hore ke u tlohele, . . . kaha ke tla ea moo u eang teng . . . Batho ba heno e tla ba batho ba heso, ’me Molimo oa hao e tla ba Molimo oa ka. Ke tla shoela moo u shoelang teng, ’me ke hona moo ke tla pateloa teng.” (Ruthe 1:15-17) Kahoo bahlolohali ba babeli ba lesitsi ba ile ba khutlela Bethlehema. Ha ba le moo, lerato la Ruthe le tlhokomelo ea hae ho matsal’ae li ile tsa khahla baahelani hoo ba ileng ba nka hore o “molemo ho [Naomi] ho feta bara ba supileng.” Ba bang ba ne ba re ke “mosali ea khabane ka ho fetisisa.”—Ruthe 3:11; 4:15.

Ha ba le Bethlehema qalong ea kotulo ea harese, Ruthe o ile a re ho Naomi: “Ka kōpo, e-re ke ee masimong ’me ke e’o khoahlapisa har’a liqoapi tsa lijo-thollo ke ntse ke latela ka mor’a mang kapa mang eo nka fumanang kamohelo mahlong a hae.”—Ruthe 2:2.

Ho etsahala hore a ee tšimong ea Boaze, e leng mong ka ntat’ae matsale, Elimeleke. O kōpa ho khoahlapisa ho mohlankana ea neng a behiloe hore a okamele bakotuli. Mahlahahlaha a hae ha a khoahlapisa a hlile aa ipabola, ’me mookameli oa bakotuli o babatsa mosebetsi oa hae ho Boaze.—Ruthe 1:22–2:7.

Mosireletsi le Mothusi

Boaze ke morapeli ea chesehang oa Jehova. Hoseng ho hong le ho hong, Boaze o ne a lumelisa bakotuli ba hae ka ho re: “Jehova a be le lōna,” ’me ba araba ka ho re: “Jehova a u hlohonolofatse.” (Ruthe 2:4) Ka mor’a ho bona Ruthe a sebetsa ka mahlahahlaha le ho utloa kamoo a tšepahaletseng Naomi kateng, Boaze o lokisetsa hore Ruthe a kotule a sa khathatsoe. Ka ho toba o re ho eena: ‘U se ke ua tloha tšimong ea ka; ha ho hlokahale hore u ee tšimong e ’ngoe. Lula haufi le baroetsana ba ka; u tla sireletseha ha u e-na le bona. Ke laetse bahlankana hore ba se ke ba u ama. Ha u nyoriloe, ba tla u khella metsi.’—Ruthe 2:8, 9.

Ruthe oa inama ’me o re: ‘Ho tla joang hore ebe ke fumane kamohelo mahlong a hao, le hoja ke le osele?’ Boaze oa araba o re: ‘Ke ile ka tlaleheloa ka botlalo ka sohle seo u se entseng ho ’m’ao matsale ka mor’a lefu la monna oa hao—kamoo u ileng ua siea ntat’ao, ’m’ao, beng ka uena le naha ea heno le ho ea bathong bao u neng u sa ka ua ba tseba pele. E se eka Jehova a ka putsa tsela eo u sebetsang ka eona. E se eka a ka u fa moputso o phethahetseng.’—Ruthe 2:10-12.

Boaze ha a leke ho hapa maikutlo a hae. O mo babatsa ho tsoa pelong. Ruthe o ikokobelitse ’me o mo leboha ha a mo tšelisitse ka mokhoa o khothatsang. O nka seo a se etselitsoeng se sa mo tšoanele ’me o tsoela pele ho sebetsa ka thata le ho feta. Hamorao nakong ea lijo, Boaze o bitsa Ruthe o re: ‘Atamela, e-ja bohobe ’me u qopetse sengoathoana sa hao aseneng.’ Oa ja ’me o isetsa Naomi lijo tse setseng.—Ruthe 2:14.

Ha mosebetsi oa letsatsi leo o fela, Ruthe o khoahlapisitse lilithara tse ka bang 22 tsa harese. Oa e nka, o nka le lijo tse setseng o li isa ho Naomi. (Ruthe 2:15-18) A thabisitsoe ke matletsetletse ana, Naomi oa botsa o re: “U ile ua khoahlapisa hokae kajeno? . . . E se eka ea ileng a u ela hloko a ka hlohonolofatsoa.” Ha a utloa hore ke Boaze, Naomi o re: “E se eka a ka hlohonolofatsoa ke Jehova, ea sa tlohelang mosa oa hae o lerato ho ba phelang le ho bafu. . . . Monna eo o amana le rōna. Ke e mong oa barekolli ba rōna.”—Ruthe 2:19, 20.

Ho Fumana “Sebaka sa Phomolo”

Kaha o batla ho fumanela ngoetsi ea hae “sebaka sa phomolo,” kapa lehae, Naomi o sebelisa monyetla ona ho lokisetsa hore ba kōpe thekollo, tumellanong le Molao oa Molimo. (Levitike 25:25; Deuteronoma 25:5, 6) Joale Naomi o fa Ruthe litaelo ka tsela e atlehang ka ho fetisisa, esita le ka boqhetseke—mabapi le tsela ea ho hapa tlhokomelo ea Boaze. A itokisitse a bile a lauoe ka thata, Ruthe o theohela seotlong sa Boaze ka mafifi. O mo fumana a robetse. O apola maoto a hae ’me o emela hore a tsohe.—Ruthe 3:1-7.

Ha Boaze a tsoha, ha ho pelaelo hore ketso ea Ruthe e mo thusa hore a utloisise se boleloang ke kōpo ea hae ea hore a ‘apese lekhabunyane la hae seaparo sa hae.’ Ketso ena ea Ruthe e etsa hore monna enoa ea hōlileng oa Judea a hlokomele boikarabelo ba hae e le morekolli, kaha e ne e le mong ka Mahalone, monna ea shoeleng oa Ruthe.—Ruthe 3:9.

Boaze o ne a sa lebella hore Ruthe a tle moo bosiu. Leha ho le joalo, ketso ea Boaze e bontša hore o ne a ntse a lebeletse hore Ruthe a batle thekollo. Boaze o ne a ikemiselitse ho phetha kōpo ea Ruthe.

E tlameha ebe lentsoe la Ruthe le ne le bontša hore o tsietsing, ke kahoo Boaze a ileng a theola maikutlo a hae ka ho re: “Joale, morali oa ka, u se ke ua tšaba. Ke tla u etsetsa sohle seo u se bolelang, kaha e mong le e mong ea hekeng ea batho ba heso oa hlokomela hore u mosali ea khabane ka ho fetisisa.”—Ruthe 3:11.

Ho bontša hore Boaze o ne a nka liketso tsa Ruthe e le tse lokileng ka ho feletseng, o ile a re: “E se eka Jehova a ka u hlohonolofatsa, morali oa ka. U bontšitse mosa oa hao o lerato hamolemo lekhetlong la ho qetela ho feta lekhetlong la pele.” (Ruthe 3:10) Lekhetlong la pele, Ruthe o ile a bontša mosa o lerato, kapa lerato le tšepahalang ho Naomi. Lekhetlong la ho qetela ka ho hloka boithati o ile a itlhahisa hore a rekolloe ke Boaze, ea seng a hōlile, hobane e le morekolli. O ne a ikemiselitse ho ba le bana lebitsong la monna oa hae ea shoeleng, Mahalone le lebitsong la Naomi.

Morekolli oa Koeneha

Hoseng ho hlahlamang, Boaze o bitsa mong ka eena, eo ho thoeng ke “’Nyeo,” ea amanang le Naomi haufi-ufi ho feta Boaze. Boaze o bua ka pel’a baahi le banna ba hōlileng ba motse, o re: ‘Ke ile ka nahana ho u senolela hore u na le tokelo ea ho rekolla tšimo ho Naomi, ea monna oa hae Elimeleke, kahobane o lokela ho e rekisa.’ Boaze o tsoela pele o re: ‘Na u tla e rekolla? Haeba u ke ke ua e rekolla, ’na ke tla e rekolla.’ Eaba ’Nyeo o re o tla e rekolla.—Ruthe 4:1-4.

Empa ’Nyeo o ne a sa tsebe se larileng ka pele! Joale Boaze o bua ka pel’a lipaki tsohle, o re: “Letsatsing leo ka lona u rekang tšimo letsohong la Naomi, u tla e reka ho Ruthe mosali oa Momoabe, mosali oa monna ea shoeleng, e le hore ho ka tsosoa lebitso la monna ea shoeleng holim’a lefa la hae.” Moo a tšabang hore a ka ’na a senya lefa la hae, ’Nyeo o tlohela tokelo ea hae ea ho rekolla, o re: “Ha ke khone ho rekolla.”—Ruthe 4:5, 6.

Ho ea ka tloaelo, monna ea hanang ho rekolla o ne a lokela ho rōla moqathatso oa hae ’me a o fe oa habo. Kahoo, ha morekolli a re ho Boaze, “Ithekele eona,” o rōla moqathatso oa hae. Joale Boaze o re ho banna ba baholo le batho bohle: “Kajeno le lipaki tsa hore ke reka sohle seo e neng e le sa Elimeleke le sohle seo e neng e le sa Kilione le Mahalone letsohong la Naomi. Ke ithekela le Ruthe mosali oa Momoabe, mosali oa Mahalone, hore e be mosali oa ka ho tsosa lebitso la monna ea shoeleng lefeng la hae . . . Kajeno le lipaki.”—Ruthe 4:7-10.

Batho bohle ba neng ba le hekeng ba re ho Boaze: “E se eka Jehova a ka lumella mosali ea tlang ka tlung ea hao ho ba joaloka Ragele le joaloka Lea, bao ka bobeli ba hahileng ntlo ea Iseraele; ’me u pake bohlokoa ba hao Efratha le ho etsa lebitso le tummeng Bethlehema.”—Ruthe 4:11, 12.

Kaha batho baa lumela, Boaze o nyala Ruthe. O mo tsoalla mora ea bitsoang Obede, ’me Ruthe le Boaze e ba baholo-holo ba Morena Davida ’me ka lebaka leo e ba baholo-holo ba Jesu Kreste.—Ruthe 4:13-17; Matheu 1:5, 6, 16.

“Moputso o Phethahetseng”

Tlalehong ena eohle, ho tloha ha Boaze a lumelisa basebetsi ka mosa ho fihlela a amohela boikarabelo ba ho boloka lebitso la lelapa la Elimeleke, o ipaka hore ke monna ea ikhethang—monna ea nkang khato le ea nang le matla a ho laela. Ka nako e tšoanang, e ne e le monna ea nang le boitšoaro, tumelo le botšepehi. Boaze o ne a boetse a fana ka seatla se bulehileng, a le mosa, a hloekile boitšoarong ’me a mamela litaelo tsa Jehova ka botlalo.

Ruthe o hlahella ka lerato la hae ho Jehova, ka lerato la hae le tšepahalang ho Naomi, le ka mahlahahlaha a hae le boikokobetso. Ha ho makatse ha batho ba nka hore ke “mosali ea khabane ka ho fetisisa.” O ne a sa je “bohobe ba botsoa,” ’me ka lebaka la ho sebetsa ka thata, o ile a khona ho fa matsal’ae lintho tseo a li hlokang. (Liproverbia 31:27, 31) Ha Ruthe a jara boikarabelo ba Naomi, e tlameha ebe o ile a latsoa thabo e tlisoang ke ho fana.—Liketso 20:35; 1 Timothea 5:4, 8.

Re fumana mehlala e metle hakaakang bukeng ea Ruthe! Jehova o hopola Naomi. Ruthe o amohela “moputso o phethahetseng” oa ho ba nkhono oa Jesu Kreste. Boaze o hlohonolofatsoa ka “mosali ea khabane ka ho fetisisa.” Ha e le rōna, batho bana ba re fa mehlala ea tumelo.

[Lebokose le leqepheng la 26]

Tlhase ea Tšepo

Haeba u ikutloa hore u phela linakong tse sa thabiseng, pale ea Ruthe e ka u fa tlhase ea tšepo. E hlahella e le sephetho sa bohlokoa bukeng ea Baahloli. Buka ea Ruthe e re bolella kamoo Jehova a ileng a sebelisa mohlolohali oa boemo bo tlaase ea tsoang sechabeng sa basele sa Moabe hore a hlahise morena oa sechaba sa hae. Ha re nahana ka se ngotsoeng bukeng ea Baahloli, tumelo ea Ruthe e khanya joaloka leseli la mehleng eo.

Ka ho bala tlaleho ea Ruthe, u ka kholiseha hore ho sa tsotellehe hore na linako tseo re phelang ho tsona li ka ba thata hakae, ka linako tsohle Molimo o hlokomela batho ba hae ’me o phetha merero ea hae.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela