Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w03 7/1 maq. 26-29
  • Batho ba sa Rutehang ba Fetolela Bibele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batho ba sa Rutehang ba Fetolela Bibele
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ho Phaphamisa ho Hoholo”
  • Batho ba sa Rutehang ba Thula Thaba
  • Mosebetsi o Thata
  • Lisebelisoa li ne li Fokola Empa Bokhoni bo le Bongata
  • Phetolelo ea Phethoa
  • Tšusumetso e Bileng le Liphello Tse Matla Haholo
  • Ho Fihla ha Likereke Tahiti
    Tsoha!—2008
  • Baromuoa ba Ntšetsa Pele Keketseho Lefatšeng ka Bophara
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Baromuoa ba Romeloa “Karolong e Hole-hole ea Lefatše”
    Kamoo Menehelo e Sebelisoang Kateng
  • Ho Etsa Barutuoa ba ’Nete Kajeno
    Tsoha!—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
w03 7/1 maq. 26-29

Batho ba sa Rutehang ba Fetolela Bibele

KA 1835, monna oa Lenyesemane oa sehahi ea bitsoang Henry Nott le monna oa Wales ea neng a ithutela mosebetsi oa lebenkele la korosari ea bitsoang John Davies, ba ile ba phetha mosebetsi o moholo haholo. Ka mor’a ho sebetsa ka thata ka lilemo tse fetang tse 30, ba ile ba phetha phetolelo ea Bibele eohle ka Setahiti. Banna baa ba babeli ba sa rutehang ba ile ba thulana le mathata afe, ’me mosebetsi oa bona oa boithaopo o ile oa fella ka eng?

“Ho Phaphamisa ho Hoholo”

Ka 1751-1800 litho tsa mokhatlo oa Boprostanta o neng o bitsoa Ho Phaphamisa ho Hoholo, kapa Ho Phaphamisa, li ne li bolela molaetsa mapatlelong a metse le pel’a merafo le lifeme Brithani. Sepheo sa tsona e ne e le ho bua le basebetsi. Ka cheseho baboleli ba mokhatlo oa Ho Phaphamisa ba ne ba khothalletsa ho ajoa ha Bibele.

A susumelitsoe ke mokhatlo ona, Mobaptiste ea bitsoang William Carey, o bile le karolo ho thehoeng ha London Missionary Society (LMS), e thehiloeng ka 1795. LMS e ile ea koetlisa batho ba neng ba ikemiselitse ho ithuta lipuo tsa baahi ba libaka tsa Pacific Boroa le ba neng ba utloisisa ho sebetsa teng e le baromuoa. Pakane ea baromuoa bana e ne e le ho bolela Kosepele ka lipuo tsa batho ba moo.

Tšimo ea pele ea boromuoa ea LMS e bile lihlekehleke tsa Tahiti, tse neng li sa tsoa sibolloa. Ho litho tsa mokhatlo oa Ho Phaphamisa, lihlekehleke tsena e ne e le ‘libaka tse lefifing’ la bohetene, e le masimo a loketseng kotulo.

Batho ba sa Rutehang ba Thula Thaba

E le hore ho boleloe molaetsa, baromuoa ba fetang 30 ba khethiloeng ka lepotlapotla le ba sa tšoaneleheng hantle hore e ka ba baromuoa, ba ile ba palama sekepe se bitsoang Duff, se neng se rekiloe ke LMS. Tlaleho e thathamisa “baboleli ba bane ba khethiloeng [ba sa koetlisoang], libetli tse tšeletseng, baetsi ba lieta ba babeli, lihahi tse peli, ba babeli ba ohlang, lirōki tse peli, ralebenkele, moetsi oa lisale, ea sebetsang lapeng, ea sebetsang jareteng, ngaka, setei sa tšepe, sa koporo, moetsi oa lintho tsa k’hothono, moetsi oa likatiba, moetsi oa masela, moetsi oa liraka, basali ba bahlano le bana ba bararo.”

Lintho feela tseo baromuoa bana ba neng ba e-na le tsona bakeng sa ho ithuta lipuo tsa pele tsa Bibele e ne e le buka e hlalosang mantsoe ea Segerike le Senyesemane le Bibele e nang le tlhaloso ea mantsoe a Seheberu. Likhoeling tse supileng tseo baromuoa bana ba neng ba le leoatleng ka tsona, ba ile ba tšoara ka hlooho mantsoe a mang a Setahiti a neng a ngotsoe ke batho ba neng ba ile ba etela moo pele, ao boholo a neng a ngotsoe ke marabele a sekepe sa Bounty. Qetellong, sekepe sa Duff se ile sa fihla Tahiti, ’me ka la 7 March, 1797, baromuoa bana ba ile ba theoha. Leha ho le joalo, ka mor’a selemo ba bangata ba ne ba nyahame ’me ba ile ba tloha. Ho ile ha sala baromuoa ba supileng feela.

Ho ba supileng bana, Henry Nott, eo e neng e le sehahi, o ne a le lilemo li 23 feela. Lengolo la pele leo a ileng a le ngola le fana ka maikutlo a hore o ne a sa ruteha. Leha ho le joalo, ho tloha qalong feela, o ile a bontša bokhoni bo boholo ba ho ithuta puo ea Setahiti. Ho ne ho hlalosoa hore ke motho oa ’nete, ea phutholohileng le ea thabileng.

Ka 1801, Nott o ile a khethoa hore a rute baromuoa ba robong ba neng ba sa tsoa fihla puo ea Setahiti. E mong oa bona e ne e le monna oa Wales ea lilemo li 28 ea bitsoang John Davies, ea ileng a bontša hore ke seithuti se nang le bokhoni, mosebetsi ea khothetseng, ea bonolo le ea botsoalle. Ka mor’a nakoana, banna bana ba babeli ba ile ba rera ho fetolela Bibele ka Setahiti.

Mosebetsi o Thata

Leha ho le joalo, ho fetolela ka Setahiti e ile ea e-ba mosebetsi o thata hobane nakong eo Setahiti e ne e se puo e ngoloang. Baromuoa ba ne ba lokela ho ithuta eona ka ho mamela. Ba ne ba se na buka e hlalosang mantsoe kapa ea sebōpeho-puo. Melumo ea eona e etsang hore motho a khitlele ha a bua, liluma-noosi tse ngata tse latellanang (tse ngata hoo e ka bang tse hlano lentsoeng le le leng) le liluma-’moho tse ’maloa, li ne li nyahamisa baromuoa bana. Ba ne ba tletleba ka hore “mantsoe a mangata ke liluma-noosi feela, ’me se seng le se seng se na le molumo oa sona.” Ba ile ba bolela hore ha ba khone “ho utloa molumo oa mantsoe hantle, ka nepo e hlokahalang.” Ba ne ba bile ba nahana hore ba utloa melumo e leng sieo!

Ho thata le ho feta, nako le nako mantsoe a mang a ne a sa lumelloe ka Setahiti ’me kahoo a lokela ho nkeloa sebaka ka a mang. Mantsoe a tšoanang a ne a baka bothata bo bong. Ka Setahiti ho ne ho e-na le mantsoe a fetang 70 bakeng sa “thapelo.” Tšitiso e ’ngoe hape e ne e le lihokelo tsa Setahiti, tse neng li fapane ka ho feletseng le tsa Senyesemane. Ho sa tsotellehe mathata ana, butle-butle baromuoa bana ba ile ba etsa letoto la mantsoe ao qetellong Davies a neng a tla a phatlalatsa lilemo tse 50 hamorao e le buka e hlalosang mantsoe e nang le mantsoe a 10 000.

Ho feta moo, ho ngola Setahiti e ne e le bothata. Baromuoa ba ile ba leka ho se ngola ka mongolo o amohelehang oa Senyesemane. Leha ho le joalo, mantsoe a Senyesemane a ngoloang ka tsela ea Selatine a ne a sa lumellane le melumo ea Setahiti. Kahoo, baromuoa ba ne ba buisana khafetsa ka melumo ea mantsoe le mongolo. Hangata baromuoa ba ne ba qapa mekhoa e mecha ea ho ngola mantsoe, kaha e ne e le bona ba pele Maoatleng a Boroa ba ileng ba ngola puo e sa ngoloeng. Ba ne ba sa hlokomele hore mosebetsi oa bona hamorao e ne e tla ba motheo bakeng sa lipuo tse ngata tsa Pacific Boroa.

Lisebelisoa li ne li Fokola Empa Bokhoni bo le Bongata

Bafetoleli ba ne ba e-na le libuka tse seng kae feela tse ba thusang. LMS e ile ea laela hore ba sebelise haholo Textus Receptus le King James Version. Nott o ile a kōpa LMS hore e romele libuka tse eketsehileng tse hlalosang mantsoe ka Seheberu le ka Segerike hammoho le Libibele tsa lipuo tseo ka bobeli. Ha ho tsejoe hore na ebe o kile a fumana libuka tseo. Davies eena o ile a fumana libuka tse thusang tse tsoang ho metsoalle ea Mawelshe. Litlaleho li bontša hore bonyane o ne a e-na le buka e hlalosang mantsoe ea Segerike, Bibele ea Seheberu, Testamente e Ncha ea Segerike le Septuagint.

Khabareng, mosebetsi oa boboleli oa baromuoa bana ha oa ka oa tsoela pele. Le hoja ba ne ba bile Tahiti ka lilemo tse 12, ho ne ho se moahi le ea mong oa moo ea kolobelitsoeng. Qetellong, lintoa tse sa khaotseng tsa lehae li ile tsa qobella baromuoa bohle, ntle ho Nott ea sebete, hore ba balehele Australia. Ka nakoana e ne e le eena feela moromuoa ea setseng Lihlekehlekeng Tsa Windward tsa sehlopha sa Lihlekehleke Tsa Society, empa o ile a tlameha ho latela Morena Pomare II ha morena eo a balehela sehlekehlekeng se haufi sa Moorea.

Leha ho le joalo, bohato ba Nott ba ho tloha ha boa ka ba emisa mosebetsi oa ho fetolela, hape, ka mor’a hore Davies a qete lilemo tse peli Australia, o ile a ea ho Nott. Khabareng, Nott o ne a ithutile Segerike le Seheberu ’me a se a li tseba. Ka lebaka leo, o ile a qala ho fetolela likarolo tse itseng tsa Mangolo a Seheberu ka Setahiti. O ile a khetha litemana tsa Bibele tse nang le litlaleho tseo batho ba moo ba neng ba ka li utloisisa habonolo.

Nott o ile a tšoarisana le Davies, ’me a qala ho fetolela Kosepele ea Luka, e ileng ea phethoa ka September 1814. O ile a ngola phetolelo e neng e utloahala hantle ka Setahiti, ha Davies eena a ntse a hlahloba phetolelo ena hore e lumellane le se ngotsoeng lipuong tsa pele. Ka 1817, Morena Pomare II o ile a kōpa hore na a ka hatisa ka boeena leqephe la pele la Kosepele ea Luka. O ile a etsa joalo mochineng oa khatiso o monyenyane oa letsoho o neng o tlisitsoe Moorea ke baromuoa. Pale ea ho fetoleloa ha Bibele ea Setahiti e ne e ke ke ea fella haeba re sa bolele ka Motahiti ea tšepahalang ea bitsoang Tuahine, ea ileng a tšehetsa baromuoa ka lilemo tsena tsohle ’me a ba thusa ho utloisisa makolopetso a Setahiti.

Phetolelo ea Phethoa

Ka 1819, ka mor’a lilemo tse tšeletseng tsa mosebetsi o boima, ho ile ha phethoa phetolelo ea Likosepele, Liketso Tsa Baapostola le buka ea Lipesaleme. Mochine oa khatiso, o neng o tlile le baromuoa ba bacha, o ile oa thusa khatisong le kabong ea libuka tsena tsa Bibele.

Ho ile ha latela nako ea mosebetsi o boima oa ho fetolela, ho lokisa liphoso le ho ntlafatsa. Ka mor’a ho lula Tahiti ka lilemo tse 28, Nott o ile a kula ka 1825, ’me LMS e ile ea mo lumella ho khutlela Engelane ka sekepe. Ho thabisang ke hore nakong ena phetolelo ea Mangolo a Segerike e ne e batla e felile. O ile a tsoela pele ho fetolela karolo e setseng ea Bibele ha a le leetong le eang Engelane le nakong ea ha a ntse a le moo. Nott o ile a khutlela Tahiti ka 1827. Lilemo tse robeli hamorao, ka December 1835, o ile a qeta ho fetolela. Ho ile ha nka lilemo tse fetang tse 30 tsa mosebetsi o boima hore ho fetoleloe Bibele eohle.

Ka 1836, Nott o ile a khutlela Engelane e le hore Bibele eohle ea Setahiti e hatisoe London. Ka la 8 June, 1838, Nott ea nyakaletseng o ile a fa Mofumahali Victoria phetolelo ea pele e hatisitsoeng ea Bibele ea Setahiti. Hoa utloahala hore ebe nako ena e ne e le ea thabo e khōlō bakeng sa monna enoa eo e neng e le sehahi, ea ileng a tloha ka sekepe sa Duff lilemo tse 40 pele ho moo, ’me a ikakhela ka setotsoana setsong sa Matahiti e le hore a phethe mosebetsi ona o moholo o mo nkileng bophelo bohle.

Likhoeli tse peli hamorao, Nott o ile a khutlela Pacific Boroa a e-na le mabokose a 27 a tšetseng likopi tsa pele tse 3 000 tsa Bibele e feletseng ea Setahiti. Ka mor’a ho emisa Sydney, o ile a kula hape, empa a hana ho arohana le mabokose ana a bohlokoa. Ka mor’a hore a fole, o ile a fihla Tahiti ka 1840, moo baahi ba teng ba ileng ba tšolohela Libibele tsa hae tsa Setahiti. Nott o ile a shoela Tahiti ka May 1844, a le lilemo li 70.

Tšusumetso e Bileng le Liphello Tse Matla Haholo

Leha ho le joalo, mosebetsi oa Nott o ile oa sala. Phetolelo ea hae e bile le tšusumetso e bileng le liphello tse matla haholo lipuong tsa Polynesia. Baromuoa ba ile ba boloka puo ea Setahiti ka ho etsa hore e ngoloe. Mongoli e mong o ile a re: “Nott o ile a rala sebōpeho-puo bakeng sa lingoliloeng tsa Setahiti. Kamehla motho o tla lokela ho ea Bibeleng hore a ithute Setahiti sa ’makhonthe.” Mosebetsi o entsoeng ka khothalo oa bafetoleli bana o ile oa boloka mantsoe a mangata haholo hore a se ke a lebaloa. Lilemo tse lekholo hamorao, mongoli e mong o ile a re: “Bibele e babatsehang ea Nott ea Setahiti ke mosebetsi o tsoileng matsoho oa puo ea Setahiti—e mong le e mong o lumellana le seo.”

Mosebetsi ona oa bohlokoa ha oa tsoela Matahiti feela molemo empa hape o ile oa rala motheo bakeng sa liphetolelo tsa lipuo tse ling tsa Pacific Boroa. Ka mohlala, bafetoleli ba Lihlekehleke Tsa Cook le Samoa ba ile ba nka mohlala ho eona. Mofetoleli e mong o ile a re: “Moo ho hlokahalang, ke etsisitse Monghali Nott eo ke hlahlobileng phetolelo ea hae ka hloko.” Tlaleho e ’ngoe e boletse hore mofetoleli e mong ‘o ne a phetlile buka ea Lipesaleme ea Seheberu le phetolelo ea Senyesemane le ea Setahiti’ ha a ntse ‘a fetolela pesaleme e ’ngoe ea Davida ka Sesamoa.’

Ka cheseho, baromuoa ba Tahiti ba ile ba latela mohlala oa litho tsa mokhatlo oa Ho Phaphamisa tsa Engelane ho khothalletsa batho ho tseba ho bala le ho ngola. Ha e le hantle, ka lilemo tse fetang tse lekholo, Bibele e ne e le eona buka feela ka Setahiti. Ka lebaka lena e ile ea susumetsa setso sa Matahiti haholo.

Tšobotsi e ’ngoe ea bohlokoa ka ho fetisisa ea Nott Version, ke makhetlo a mangata ao lebitso la Molimo le hlahang ka ’ona ka Mangolong a Seheberu le a Segerike. Ka lebaka leo, lebitso la Jehova lea tsebahala kajeno Tahiti le lihlekehlekeng tsa eona. Le ngotsoe le likerekeng tse ling tsa Boprostanta. Leha ho le joalo, hona joale lebitso la Molimo le amahanngoa haholo le Lipaki Tsa Jehova le mosebetsi oa tsona oa boboleli o etsoang ka cheseho, oo ho oona li sebelisang haholo Bibele ea Setahiti e fetoletsoeng ke Nott le basebetsi-’moho le eena. ’Me boikitlaetso bo matla bo entsoeng ke bafetoleli ba kang Henry Nott bo re hopotsa kamoo re lokelang ho leboha kateng hore ebe kajeno karolo e khōlō ea moloko oa batho e fumana Lentsoe la Molimo habonolo.

[Litšoantšo tse leqepheng la 26]

Liphetolelo tsa pele tsa Bibele tsa Setahiti, 1815. Li na le lebitso la Jehova

Henry Nott (1774-1844), mofetoleli ea ka sehloohong oa Bibele ea Setahiti

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Tahitian Bible: Copyright the British Library (3070.a.32); Henry Nott and letter: Collection du Musée de Tahiti et de ses Îles, Punaauia, Tahiti; catechism: With permission of the London Missionary Society Papers, Alexander Turnbull Library, Wellington, New Zealand

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Katekisima ea lipuo tse peli ea Setahiti le Sewelshe ea 1801, e nang le lebitso la Molimo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

With permission of the London Missionary Society Papers, Alexander Turnbull Library, Wellington, New Zealand

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Kereke ea Boprostanta e ngotsoeng lebitso la Jehova ka pele, sehlekehlekeng sa Huahine, French Polynesia

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Avec la permission du Pasteur Teoroi Firipa

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela