Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 3/1 maq. 5-7
  • Bokreste ba ’Nete Boa Hōla

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bokreste ba ’Nete Boa Hōla
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Se Momahanyang Bakreste
  • Lebaka le Etsang Hore Ebe Likereke li Arohane
  • Bakreste ba ’Nete ba sa Ntse ba Momahane
  • Bakreste ba Rapela ka Moea le ka ’Nete
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Bokreste Na Jesu e ne e le Tsela e Isang ho Molimo?
    Moloko oa Batho o Batla Molimo
  • Lipaki tsa Jehova
    Ho Bea Mabaka ka Mangolo
  • Na u Kholisehile Hore u Fumane ’Nete?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2021
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 3/1 maq. 5-7

Bokreste ba ’Nete Boa Hōla

TŠEBELETSO eo Jesu Kreste a e entseng e ile ea susumetsa lefatše ka matla lekholong la pele la lilemo. Molaetsa oa hae o ne o matlafatsa, o hlakisa lintho, e bile o khothatsa ka tsela e neng e hlolla batho. Mantsoe a hae a ile a ama ka botebo batho ba bangata ba ileng ba mo utloa ha a bua.—Matheu 7:28, 29.

Ntle ho tšabo Jesu o ile a hana ho kena-kenana le litsamaiso tse hatellang tsa baruti le tsa lipolotiki tsa mehleng eo, empa o ile a nolofalletsa batho feela hore ba tle ho eena. (Matheu 11:25-30) O ile a bolela phatlalatsa hore ho na le tšusumetso e atileng ea meea e khopo lefatšeng a ba a bontša hore o na le matla ao a a filoeng ke Molimo a ho e laola. (Matheu 4:2-11, 24; Johanne 14:30) Jesu o ile a hlakisa ka bohlale kamano e ka sehloohong pakeng tsa ho utloa bohloko le sebe, ’me ka lerato o ile a bontša hore ’Muso oa Molimo ke oona o tla lopolla batho ka ho sa feleng. (Mareka 2:1-12; Luka 11:2, 17-23) O ile a tlosa ka ho feletseng lesira la lefifi leo ka nako e telele le neng le patile botho ba ’nete ba Ntat’ae, ’me a senola lebitso la Hae ho bohle ba neng ba rata ho ba le kamano le Molimo.—Johanne 17:6, 26.

Ka lebaka leo, ha ho makatse hore ebe ho sa tsotellehe mahloriso a matla a etsoang ke batho ba lipolotiki le ba bolumeli, barutuoa ba Jesu ka potlako ba ile ba jala molaetsa oa hae o matla. Ho ile ha nka nako e ka etsang lilemo tse 30 feela hore ho thehoe liphutheho tse sehlahlo tsa Bokreste Afrika, Asia le Europe. (Bakolose 1:23) Linnete tse bonolo tseo Jesu a neng a li rutile li ile tsa khantšetsa lipelo tsa batho ba ikokobelitseng le ba lipelo li lokileng ’Musong oohle oa Roma.—Baefese 1:17, 18.

Leha ho le joalo, ebe barutuoa baa bohle ba bacha bao maemo a bona a moruo a neng a fapane, ba sa tšoane ka litso, lipuo le bolumeli, ba ne ba tla kopana joang ho seo moapostola Pauluse a neng a re ke ‘tumelo e le ’ngoe’ e momahaneng kannete? (Baefese 4:5) Ke eng se neng se tla ba etsa hore ba ’ne ba “bue ka tumellano” e le hore ba se ke ba arohana? (1 Bakorinthe 1:10) Ka lebaka la ho se momahane ho matla ho teng har’a batho ba ipolelang hore ke Bakreste kajeno, re lokela ho hlahloba seo Jesu ka boeena a ileng a se ruta.

Se Momahanyang Bakreste

Ha Jesu a ne a qositsoe ka pel’a Ponse Pilato, o ile a bolela hore na ke eng se momahanyang Bakreste. O itse: “Ke tsoaletsoe sena, ’me ke tletse sena lefatšeng, hore ke pakele ’nete. E mong le e mong ea leng ka lehlakoreng la ’nete o mamela lentsoe la ka.” (Johanne 18:37) Kahoo, ho amohela lithuto tsa Jesu hammoho le Lentsoe lohle le bululetsoeng la Molimo, Bibele, ho na le matla a ho momahanya barutuoa ba ’nete ba Kreste.—1 Bakorinthe 4:6; 2 Timothea 3:16, 17.

Leha ho le joalo, ka linako tse ling barutuoa ba Jesu ba ne ba tla ba le lipelaelo kapa likhang tse tlohang botebong ba pelo. Ebe ba ne ba tla thusoa ke eng? Jesu o ile a hlalosa, a re: “Ha eo a fihla, moea oa ’nete, o tla le tataisetsa ’neteng eohle, kaha a ke ke a bua ka ho itšusumetsa, empa o tla bua lintho tseo a li utloang, ’me o tla le bolella lintho tse tlang.” (Johanne 16:12, 13) Kahoo, moea o halalelang oa Molimo o ne o tla thusa barutuoa ba ’nete ba Jesu hore ba utloisise ’nete ha Molimo a ntse a e senola butle-butle. Hape, moea oo o ne o tla hlahisa litholoana tse kang lerato, thabo le khotso, ’me tsona li ne li tla etsa hore ba momahane.—Liketso 15:28; Bagalata 5:22, 23.

Jesu ha aa ka a lumella likhohlano kapa lihlotšoana har’a barutuoa ba hae; ebile ha aa ka a ba fa matla a ho hlalosa linnete tsa Bibele ka tsela eo li neng li tla lumellana le meetlo kapa lineano tsa bolumeli tsa batho bao ba neng ba tla kopana le bona. Ho e-na le hoo, bosiung ba ho qetela boo a neng a e-na le bona ka bona, o ile a rapela ka tieo a re: “Ha ke etse kōpo malebana le bana feela, empa hape ke etsa kōpo malebana le ba behang tumelo ho ’na ka lentsoe la bona; e le hore kaofela ba ka ba bang, feela joalokaha uena, Ntate, u le bonngoeng le ’na ’me ’na ke le bonngoeng le uena, e le hore le bona ba ka ba bonngoeng le rōna, e le hore lefatše le ka lumela hore u nthomile.” (Johanne 17:20, 21) Kahoo, letšoao leo barutuoa ba Kreste ba neng ba lokela ho tsejoa ka lona ho tloha qalong ea Bokreste ho tla fihlela mehleng ea rōna, e ne e lokela ho ba ho momahana ha sebele moeeng le ’neteng. (Johanne 4:23, 24) Leha ho le joalo, likereke tsa kajeno ha lia momahana, empa li arohane. Li arohantsoe ke eng?

Lebaka le Etsang Hore Ebe Likereke li Arohane

Tlhaloso e hlakileng ea hore na ke hobane’ng ha litumelo le mekhoa ea ba ipitsang Bakreste kajeno e fapane hakana, ke hore ha baa tšoarella lithutong tsa Jesu. Mongoli e mong o ile a re: “Joaloka nakong e fetileng, batho ba fetohang Bakreste kajeno ho bonahala ba amohela eng kapa eng e ka Bibeleng e lumellanang le maikutlo a bona empa ba hlokomoloha eng kapa eng e sa lumellaneng le lineano tsa bolumeli tsa sehahabo bona.” Sena ke sona seo Jesu le baapostola ba hae ba ileng ba bolela esale pele hore se ne se tla etsahala.

Ka mohlala, moapostola Pauluse o ile a bululeloa hore a ngolle molebeli-’moho le eena Timothea a re: “Ho tla ba le nako ea ha ba sa tl’o mamella thuto e phelisang hantle, empa, tumellanong le litakatso tsa bona, ba tla ipokellela mesuoe hore litsebe tsa bona li tsikinyetsoe; ’me ba tla retelletsa litsebe tsa bona hōle le ’nete, athe ba tla khelosetsoa lipaleng tsa bohata.” Na ho ne ho tla khelosoa Bakreste bohle? Che. Pauluse o ile a tsoela pele a re: “Leha ho le joalo, uena u lule u hlaphohetsoe kelellong linthong tsohle, u utloisoe bohloko ke bobe, u etse mosebetsi oa moevangeli, u phethe bosebeletsi ba hao ka botlalo.” (2 Timothea 4:3-5; Luka 21:8; Liketso 20:29, 30; 2 Petrose 2:1-3) Timothea le Bakreste ba bang ba tšepahalang ba ile ba phelela keletso eo e bululetsoeng.

Bakreste ba ’Nete ba sa Ntse ba Momahane

Joaloka Timothea, Bakreste ba ’nete kajeno ba lula ba hlaphohetsoe kelellong ka ho hana monahano oa batho le ka ho amohela hore Mangolo ke ’ona feela mohloli oa lithuto tseo ba li lumelang. (Bakolose 2:8; 1 Johanne 4:1) Lipaki Tsa Jehova li etsisa Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ka ho phetha tšebeletso ea tsona linaheng tse fetang 230, li isetsa batho ba libaka tsohle molaetsa o simolotsoeng ke Jesu, e leng litaba tse molemo tsa ’Muso. Hlahloba litsela tse ’nè tsa bohlokoa tseo ka tsona li etsisang Jesu le ho sebelisa Bokreste ba ’nete li momahane, ho sa tsotellehe hore na li lula hokae.

Litumelo tsa tsona li thehiloe Lentsoeng la Molimo. (Johanne 17:17) Moprista e mong oa parishe oa Belgium o ile a ngola ka tsona a re: “Ntho eo re ka ithutang eona ho tsona [Lipaki Tsa Jehova] ke hore li ikemiselitse ho mamela Lentsoe la Molimo le hore li sebete ho paka ka lona.”

Li lebeletse hore ’Muso oa Molimo ke oona o tla li lopolla mathateng a lefatše. (Luka 8:1) Barranquilla, Colombia, Paki e ’ngoe e ile ea bua le Antonio, eo e neng e le motšehetsi ea matla oa mokhatlo o mong oa bopolotiki. Paki eo ha ea ka ea mo tšehetsa kapa ea buella maikutlo a mang a bopolotiki. Ho e-na le hoo, e ile ea ithaopela ho ithuta Bibele mahala le Antonio le likhaitseli tsa hae. Antonio o ile a hlokomela kapele hore ka sebele ’Muso oa Molimo ke oona feela oo mafutsana a Colombia le a lefatše lohle a ka behang tšepo ho oona.

Li hlompha lebitso la Molimo. (Matheu 6:9) Ha Lipaki Tsa Jehova li qala ho kopana le Mok’hatholike e mong oa popota oa Australia ea bitsoang Maria, o ile a lumella Lipaki hore li mo bontše lebitso la Molimo ka Bibeleng. O ile a etsa joang ka mor’a moo? O re: “Ha ke qala ho bona lebitso la Molimo ka Bibeleng, ke ile ka lla. Ka ho tseba hore ha e le hantle hoa khoneha hore ke tsebe lebitso la Molimo ke be ke le sebelise, ke ile ka ameha maikutlo haholo.” Maria o ile a tsoela pele ho ithuta Bibele, ’me ka lekhetlo la pele o ile a tseba hore na Jehova ke motho oa mofuta ofe a ba a khona ho qalisa ho ba le kamano e sa feleng le eena.

Li momahantsoe ke lerato. (Johanne 13:34, 35) Sehlooho sa mohlophisi koranteng ea The Ladysmith-Chemainus Chronicle ea Canada, se ile sa re: “Ho sa tsotellehe hore na u molumeli kapa che, u lokela ho babatsa Lipaki Tsa Jehova tse 4 500 tse ileng tsa sebetsa bosiu le motšehare bekeng e fetileng le halofo ea beke ha li ne li haha Holo ea Kopano ea Cassidy e boholo ba lisekoere-mithara tse 2 300 . . . Ho etsa sena ka thabo, ntle ho ho ngangisana, likhohlano kapa ho batla ho hlahella ke letšoao la Bokreste ba ’nete.”

Kahoo, hlahloba bopaki. Ha litsebi tsa thuto ea bolumeli tsa Bokreste-’mōtoana, baromuoa le batho ba kenang kereke ba ntse ba loantša bothata ba liqhoebeshano tse ntseng li phaellana ka likerekeng tsa bona, Bokreste ba ’nete boa hōla lefatšeng lohle. Ka sebele, Bakreste ba ’nete ba etsa tšebeletso eo ba e abetsoeng ea ho bolela le ho ruta Lentsoe la Molimo. (Matheu 24:14; 28:19, 20) Haeba u e mong oa “ba feheloang le ba bobolang” ka lebaka la lintho tse manyala tse etsahalang hona joale le ba tšoentsoeng ke ho se momahane ha malumeli a Bokreste-’mōtoana, re u mema hore u ikamahanye le Lipaki Tsa Jehova borapeling bo momahaneng ba Bokreste ba Molimo a le mong feela oa ’nete, Jehova.—Ezekiele 9:4; Esaia 2:2-4.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela