U Lokela ho Khetha Bolumeli Bofe?
‘MALUMELI a sa tšoaneng e mpa e le litsela tse sa tšoaneng feela tse lebisang nģa e le ’ngoe. Etsoe, akere Molimo o mong feela?’ Ana ke maikutlo a batho ba bangata ba nahanang hore le hoja ho kopanela bolumeling bo itseng e le habohlokoa, ha ho tsotellehe hakaalo hore na motho o khetha ho ea bolumeling bofe.
Ha motho a lekola taba ka holimo feela, lebaka lena le ka ’na la utloahala le kholisa, kaha ke ’nete hore ho na le Molimo a le mong feela, Ea Matla ’Ohle. (Esaia 44:6; Johanne 17:3; 1 Bakorinthe 8:5, 6) Empa re ke ke ra hlokomoloha ho se tšoane ho totobetseng—esita le ho hanyetsana—ha malumeli a mangata a ipolelang hore a sebeletsa Molimo oa ’nete. A fapana haholo ha ho tluoa tseleng eo a etsang lintho ka eona, seo a se lumelang, seo a se rutang le seo a laelang hore se etsoe. A fapane hoo ba bolumeling bo itseng kapa sehlopheng se itseng ba fumanang ho le thata ho utloisisa kapa ho amohela seo ba bang ba se rutang kapa ba se lumelang.
Ka lehlakoreng le leng, Jesu o ile a re: “Molimo ke Moea, ’me ba mo rapelang ba tla rapela ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:24) Na ho rapela Molimo ka ’nete ho lumella hore ho be le likhopolo tse ngata tse hanyetsanang ka hore na Molimo ke mang, merero ea hae ke efe le hore na o batla ho rapeloa joang? Na ke ho utloahalang ho lumela hore Molimo ea Matla ’Ohle ha a tsotelle hore na re mo rapela joang?
Bakreste ba ’Nete Nakong e Fetileng le Hona Joale
Ka linako tse ling Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba e-ba le maikutlo a sa tšoaneng ka lintho tse itseng. Ka mohlala, ha moapostola Pauluse a bua ka Bakorinthe o ile a re: “Ke ile ka senoleloa mabapi le lōna, barab’eso, ke ba ntlo ea Kloe, hore ho hloka kutloano ho teng har’a lōna. Seo ke se bolelang ke sena, hore e mong le e mong oa lōna o re: ‘’Na ke oa Pauluse,’ ‘Empa ’na ke oa Apolose,’ ‘Empa ’na ke oa Kefase,’ ‘Empa ’na ke oa Kreste.’”—1 Bakorinthe 1:11, 12.
Na Pauluse o ile a nka ho se utloane hoo e le ho sa reng letho? Na motho e mong le e mong o ne a mpa a itsamaela ka tsela ea hae e isang polokong? Le hanyenyane! Pauluse o ile a lemosa: “Kea le eletsa, barab’eso, ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste hore kaofela le bue ka tumellano, le hore ho se ke ha e-ba le likarohano har’a lōna, empa hore le kopane ka ho loketseng kelellong e tšoanang le mokhoeng o tšoanang oa ho nahana.”—1 Bakorinthe 1:10.
Ke ’nete hore bonngoe tumelong bo ke ke ba finyelloa ka ho sebelisa likhoka. Bo finyelloa feela ha batho ka bomong ba hlahloba lintho ka hloko ’me ba finyella qeto e tšoanang ba bile ba e amohela. Ka hona, e le hore motho a thabele bonngoe boo Pauluse a buileng ka bona o lokela ho nka mehato e hlokahalang ho ithuta Lentsoe la Molimo ’me a be le takatso e tiileng ea ho sebelisa seo a ithutileng sona. Na bonngoe bo joalo bo ka fumanoa? Joalokaha re bone, ho tloha khale esale Molimo a sebelisana le batho ba hae e le sehlopha. Na hoa khoneha ho khetholla sehlopha seo kajeno?
Melemo ea ho ba le Metsoalle e Metle
Mopesaleme Davida o kile a botsa: “Jehova, ke mang eo e tla ba moeti tenteng ea hao? Ke mang ea tla lula thabeng ea hao e halalelang?” Ka sebele eo ke potso e susumelletsang motho ho nahana ka ho teba. Davida o ile a araba ka ho re: “Ke ea tsamaeang ka mokhoa o se nang molato ’me a etsa ho loka ebile a bua ’nete ka pelong ea hae.” (Pesaleme ea 15:1, 2) Kutloisiso e nepahetseng ea Bibele e tla nolofalletsa motho ho khetholla bolumeli bo finyellang seo Molimo a se hlokang. Joale, ka ho kopanela le sehlopha seo, motho o tla thabela botsoalle bo hahang le batho ba rapelang Molimo ba le bonngoeng ba bile ba mo rapela “ka moea le ka ’nete.”
Lipaki Tsa Jehova li bontšitse hore li ka finyella bonngoe tumelong le tseleng eo li etsang lintho ka eona esita le lefatšeng lena le arohaneng. Tse ling tsa tsona e ne e le litho tsa malumeli a fapaneng ’me ke batho ba merabe e sa tšoaneng. Lipaki tse ling pele li ne li belaella boteng ba Molimo kapa li sa lumele hore Molimo o teng. Tse ling tsona li ne li mpa li sa nke bolumeli ka ho teba. Malumeling ana a sa tšoaneng, litsong le lifilosofing ho tsoile batho bao hona joale ba thabelang bonngoe ba bolumeli bo sieo lefatšeng la kajeno.
Motheo oa bonngoe bo joalo ke Lentsoe la Molimo, Bibele. Ke ’nete hore Lipaki Tsa Jehova lia hlokomela hore li ke ke tsa laela ba bang hore na ba etse’ng. Empa li thabela tokelo ea ho khothalletsa ba bang ho ithuta se ka Bibeleng e le hore ba thehe khetho ea bona litabeng tsa borapeli motheong oo o tiileng. Ka tsela ena, ba bang ba eketsehileng ba ka kopanela ho thabeleng melemo e tlisoang ke ho rapela Molimo “ka moea le ka ’nete.”
Kajeno, ho na le kotsi e khōlō ea ho oela litšusumetsong tse kotsi le ea ho hoheloa ke lintho tse kotsi. Ho khetha metsoalle e metle ke habohlokoa. Bibele e re “ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa” le hore “litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.” (Liproverbia 13:20; 1 Bakorinthe 15:33) Ho kopanela le barapeli ba ’nete ba Molimo ke tširelo. Ka hona, Bibele ea re hopotsa: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rōna, joalokaha ba bang ba e-na le tloaelo eo, empa re khothatsana, ’me re etsa joalo haholo kaha le bona letsatsi le ntse le atamela.” (Baheberu 10:24, 25) Ke tlhohonolofatso e kaakang ha metsoalle ea ’nete, bara le barali babo rōna ba moea, ba thusana ka lerato ho phethahatsa boikarabelo ba bona ho Molimo!
Ottmar o tiisa sena. O hōletse lapeng la Mak’hatholike Jeremane, ’me o ile a khaotsa ho ea kerekeng. O re: “Nako le nako ha ke ne ke ile kerekeng, ke ne ke khutla ke sa ithuta letho ke ntse ke itšoanela le ha ke ne ke ea.” Leha ho le joalo, o ne a ntse a lumela ho Molimo. Hamorao o ile a kopana le Lipaki Tsa Jehova ’me a elelloa hore e fela e le bahlanka ba ’nete ba Molimo. O ile a bona ho hlokahala hore a kopanele le tsona. Hona joale o re: “Ka ho ba mafolofolo ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa lefatšeng ka bophara, ke thabela khotso ea kelello le maikutlo. Ke ntse ke thusoa hore ke be le tsebo e eketsehileng e nepahetseng ea Bibele. Seo ke sa bohlokoa haholo ho ’na.”
Memo ho ba Ntseng ba Batla
Batho ba sebetsang hammoho e le sehlopha ba e-na le sepheo se tšoanang ba ka finyella ho hongata ho feta batho ba itšebeletsang ka bomong. Ka mohlala, litaelo tseo Jesu a ileng a li fa balateli ba hae ha a arohana le bona li ne li re: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matheu 28:19, 20) Mosebetsi oo o ne o ka phethoa ka tsela e khotsofatsang joang haeba ho se tataiso kapa tlhophiso? Motho o ne a ka khona ho mamela taelo ee ea Mangolo joang haeba a leka ho sebeletsa Molimo a itšehlile thajana?
Selemong se fetileng, Lipaki Tsa Jehova lefatšeng ka bophara li abile libuka le libukana tse 91 933 280 tse thehiloeng Bibeleng le limakasine tse fetang 697 603 247, kahoo tsa finyella batho ba limilione tse makholo linaheng tse 235 ka molaetsa o ka Lentsoeng la Molimo. Ke bopaki bo totobetseng hakaakang ba hore boiteko bo momahaneng ba sehlopha se hlophisehileng bo finyella ho hongata ho feta se ka finyelloang ke boiteko bo etsoang ke motho a le mong!
Ho phaella ho abeng lingoliloeng tsa Bibele, Lipaki Tsa Jehova li khanna lithuto tsa Bibele tse sa lefelloeng ho thusa batho hore ba be le kutloisiso e tebileng ea seo Molimo a se hlokang. Selemong se fetileng, ka karolelano ho ile ha khannoa lithuto tse joalo tsa Bibele tse 5 726 509 li khanneloa batho ka bomong kapa ka lihlopha beke le beke. Thupelo ena ea Bibele e thusitse batho ba limilione hore ba be le motheo o tiileng ha ba etsa khetho tabeng ea borapeli. Re u mema hore u ithute seo Molimo a se hlokang joalokaha se ngotsoe ka Bibeleng. Ka tsela eo u ka khona ho ikhethela.—Baefese 4:13; Bafilipi 1:9; 1 Timothea 6:20; 2 Petrose 3:18.
Haeba u batla ho khahlisa Molimo, ho ba setho sa bolumeli ke habohlokoa—empa eseng feela ho ba setho sa bolumeli leha e le bofe. U lokela ho theha khetho ea hao ea bolumeli tsebong e nepahetseng ea Bibele, eseng lithutong tsa kereke tse se nang motheo kapa litabeng tsa bo-ba-re. (Liproverbia 16:25) Ithute seo ho hlokahalang hore bolumeli ba ’nete bo se finyelle. Se bapise le seo u se lumelang. Ebe u etsa khetho e loketseng.—Deuteronoma 30:19.
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Lipaki Tsa Jehova li thabela bonngoe lefatšeng le arohaneng