Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 6/1 leq. 8
  • ‘Tšelelang Koano ’me le re Thuse’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Tšelelang Koano ’me le re Thuse’
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Le ka Mohla U se ke Ua Lebala Mosebetsi oa Ntlo le Ntlo”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lebaka Leo ka Lona ke Thabelang ho Etsa Barutuoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Ho Bea ‘Letsoho la ka Mohomeng ’me ke sa Hetle’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Na U ka Thusa Phuthehong ea Heno?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 6/1 leq. 8

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

‘Tšelelang Koano ’me le re Thuse’

KA JULY 2000, ho ile ha mengoa Lipaki tse buang Sejeremane tsa Austria, Jeremane le Switzerland hore li fallele Bolivia. Lebaka? Hobane Mamennone a buang Sejeremane a phelang ka temo metseng e ka thōko e bohōle ba lik’hilomithara tse 300 ho tloha Santa Cruz, Bolivia, a ne a bonahala a thahasella Bibele haholo.

Lipaki tse ka bang 140 li ile tsa amohela memo eo. Tse ling li ile tsa qeta libeke tse seng kae, tse ling tsa qeta selemo le ho feta. Ka ho etsa joalo, li ile tsa bonahatsa boikutlo bo kang ba baromuoa ba lekholong la pele la lilemo ba ileng ba amohela memo e reng: ‘Tšelelang Macedonia ’me le re thuse.’—Liketso 16:9, 10.

Ho joang ho sebetsa tšimo eo? Moholo e mong oa phutheho ea moo o re ha a hlalosa: “Ho ea ho o mong oa metse e 43 ea Mamennone ho ka nka motho lihora tse robeli ha a tsamaea ka koloi e hulang ka mabili a mane litseleng tse likoti. Ha re etela metseng e thōko le ho feta re atisa ho nka matsatsi a mane le ho qeta masiu a mang re robala litenteng. Empa ka sebele seo se tšoanela boiteko boo, kaha batho bana ha ba e-s’o ka ba utloa litaba tse molemo.”

Qalong, Mamennone a mangata a ne a sa thabele maeto ao. Empa ho leka ka makhetlo ho a thusitse ho utloisisa seo Lipaki li fanang ka sona. Ka mohlala, sehoai se seng se ile sa bolela hore se qetile selemo se bala makasine ea Tsoha! Sa ntan’o re: “Kea tseba hore batho ba bangata mona ha ba lumellane le seo le se buang, empa ’na ke lumela hore ke ’nete.” Motseng o mong, monna e mong o ile a re: “Baahelani ba bang ba re le baprofeta ba bohata, ba bang bona ba re le na le ’nete. Ke batla ho ikutloela.”

Hona joale ho na le phutheho ea ba buang Sejeremane Bolivia, e nang le bahoeletsi ba 35, ba akarelletsang baboleli ba 14 ba evangeli ba nako e tletseng. Ho tla fihlela hajoale, batho ba 14 bao pele e neng e le Mamennone e se e le baboleli ba ’Muso, ’me ba bang ba 9 ba ba teng kamehla libokeng. Monna e mong ea hōlileng ea sa tsoa kolobetsoa o ile a re: “Re bona tataiso ea Jehova ka ho hlakileng. O rometse bara le barali babo rōna ba buang Sejeremane ba nang le phihlelo ho tla re thusa. Re leboha haholo.” Morali ea lilemo li 17 oa monna eo, eo le eena a kolobelitsoeng, o ile a tlatsetsa ka ho re: “Cheseho ea bara le barali babo rōna ba bacha ba tlileng mona ea tšoaetsanoa. Ba bangata ba bona ke bo-pula-maliboho, ba qeta nako e ngata ea bona le chelete ba thusa batho ba bang. E etsa hore le ’na ke batle ho ba etsisa.”

Ke ’nete hore ba ikitlaelletsang ho “tšelela” koano ho thusa ba bang ba fumana thabo e khaphatsehang le khotsofalo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela