Ho Tsoaloa ha Motho ho Lokelang ho Hopoloa
“Kajeno, le tsoaletsoe ’Moloki, . . . ke Kreste, Morena.”—Luka 2:11, Bibele ea Sesotho.
LILEMONG tse ka bang likete tse peli tse fetileng, mosali e mong motseng oa Bethlehema o ile a beleha ngoana e motona. Ke baahi ba ’maloa feela ba sebaka seo ba ileng ba lemoha bohlokoa ba tsoalo ena. Empa balisana ba bang, ba neng ba le naheng bosiu le mehlape ea bona, ba ile ba bona mangeloi a mangata ’me ba a utloa a bina a re: “Khanya e be ho Molimo bophahamong bo holimo, ’me khotso e be har’a batho bao a khahloang ke bona lefatšeng.”—Luka 2:8-14.
Ka mor’a moo, balisana bao ba ile ba fumana Maria le monna oa hae Josefa ka setaleng, feela joalokaha mangeloi a ne a boletse. Maria, ea neng a rehile ngoana lebitso la Jesu, o ne a mo robalitse ka sejelong, ka setaleng. (Luka 1:31; 2:12) Hona joale, lilemo tse likete tse peli hamorao, hoo e ka bang karolo ea boraro ea batho bohle e ipolela hore e latela Jesu Kreste. ’Me liketsahalo tse amanang le tsoalo ea hae li rala motheo bakeng sa pale eo mohlomong e phetiloeng ka makhetlo a mangata ho feta pale leha e le efe e ’ngoe historing ea batho.
Spain, e leng naha e khomaretseng ka tieo neano ea K’hatholike le e nang le bokhoni ba ho etsa mekete ea neano, e qapile mekhoa e mengata ea ho keteka bosiu boo bo neng bo khethehile Bethlehema.
Keresemese ea Spain
Ho tloha lekholong la bo13 la lilemo, pontšuoa ea Tsoalo ea Jesu e ’nile ea e-ba e ’ngoe ea lintho tse tloaelehileng haholo meketeng ea Spain. Malapa a mangata a etsa litšoantšo tse nyenyane tsa sejelo seo Jesu a neng a robalitsoe ho sona. Balisana le Magi (kapa “marena a mararo”), hammoho le Josefa, Maria le Jesu, ba tšoantšetsoa ka litšoantšo tsa letsopa. Hangata nakong ea Keresemese ho etsoa lipontšuoa tsa Tsoalo ea Jesu tse khōlō ka litšoantšo tse lekanang le lintho tsa sebele ka boholo, ebe li behoa haufi le liholo tsa motse. Kamoo ho bonahalang kateng, Francis oa Assisi o ile a qala moetlo ona Italy e le hore a hlokomelise batho ka tlaleho ea Kosepele ea tsoalo ea Jesu. Hamorao baitlami ba Mafrancis ba ile ba etsa hore e tume Spain le linaheng tse ling tse ngata.
Bo-magi ba hlaheletse haholo meketeng ea Keresemese Spain, feela joalokaha ho le joalo ka Santa Claus linaheng tse ling. Feela joalokaha tumelo e tloaelehileng e bolela hore Bo-magi ba ile ba tlisetsa lesea le bitsoang Jesu limpho, ho lumeloa hore Bo-magi ba fa bana ba Spain limpho ka la 6 January, e leng Día de Reyes (Letsatsi la Marena). Leha ho le joalo, ke batho ba seng bakae ba tsebang hore tlaleho ea Kosepele ha e bue hore na ke Bo-magi ba bakae ba ileng ba etela Jesu. Ho e-na le ho ba marena, ka nepo ba tsejoa e le linohe tsa linaleli.a Ho feta moo, ka mor’a ketelo ea Bo-magi bao, Heroda o ile a bolaea bashanyana bohle ba Bethlehema “ho tloha ho ba lilemo tse peli le ka tlaase” e le ha a ne a leka ho bolaea Jesu. Seo se bontša hore ba ile ba etela moo nako e telele ka mor’a tsoalo ea Jesu.—Matheu 2:11, 16.
Ho tloha lekholong la bo12 la lilemo, metse e meng ea Spain e ile ea etsa lipontšo tsa sethaleng tsa tsoalo ea Jesu, tse akarelletsang ketelo ea balisana Bethlehema eo hamorao e ileng ea lateloa ke ketelo ea Bo-magi. Mehleng ea kajeno, ka la 5 January selemo le selemo, metseng e mengata ea Spain ho tšoaroa cabalgata, kapa ho etsoa mokoloko, oo ho oona “marena a mararo” a pholletsang bohareng ba motse a palame likoloi tse khabisitsoeng, a ntse a fa bashebelli lipompong. Mekhabiso e tloaelehileng ea Keresemese le villancicos (lipina tsa thabo) li etsa hore e be nako ea thabo.
Malapa a mangata a Spain a rata ho ja lijo tse khethehileng tsa mantsiboea Bosiung ba ha e Tla Tsoha e le Keresemese (ba la 24 December). Ka tloaelo ho jeoa lijo tse akarelletsang turrón (lipompong tse entsoeng ka alemonde le mahe a linotši), marzipan, mangangajane, konyana e besitsoeng le lijo tse tsoang leoatleng. Litho tsa lelapa, esita le tse tsoang hōle, li ka etsa boiteko bo khethehileng ba hore li be ’moho bakeng sa ketsahalo ena. Lijong tse ling tse tloaelehileng, ka la 6 January, lelapa le ja roscón de reyes, bohobe bo lesoba hare ba “Marena” bo nang le sorpresa (setšoantšo se senyenyane) se patiloeng ka hare. Mehleng ea Roma moetlo o tšoanang le oo o ne o lumella lekhoba leo ho fumanoeng ntho e patiloeng lijong tsa lona ho ba “morena” ka letsatsi le le leng.
“Nako ea Selemo e Thabisang ka ho Fetisisa le ea ho Phathahana Haholo”
Ho sa tsotellehe meetlo e leng teng sebakeng ka seng, hona joale Keresemese e se e fetohile nako ea bohlokoa ka ho fetisisa ea thabo lefatšeng. The World Book Encyclopedia e hlalosa Keresemese e le “nako ea selemo e thabisang ka ho fetisisa le ea ho phathahana haholo har’a limilione tsa Bakreste le bao eseng Bakreste lefatšeng lohle.” Na mokete oo o molemo?
Ho hlakile hore tsoalo ea Kreste e ne e le ketsahalo ea bohlokoa historing. Hore ebe mangeloi a ile a e phatlalatsa e le selelekela sa ‘khotso har’a batho ba molemo,’ ntle ho pelaelo ho tiisa hore ke ntho ea bohlokoa.
Leha ho le joalo, moqolotsi oa litaba oa Lesepanishe Juan Arias o re: “Mehleng ea pele ea Bokreste, Tsoalo ea Jesu e ne e sa ketekoe.” Haeba ho joalo, mokete oa Keresemese o simolohile hokae? Tsela e molemohali ea ho hopola tsoalo le bophelo ba Jesu ke efe? U tla fumana likarabo tsa lipotso tsena sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a La Sagrada Escritura—Texto y comentario por profesores de la Compañía de Jesús (Mangolo a Halalelang—Taba e Ngotsoeng le Tlhaloso ea Baprofesa ba Sehlopha sa Jesu) e hlalosa hore “Bo-magi e ne e le sehlopha sa boprista se neng se tšehetsa saense ea matla a phahametseng tlhaho, bonohe ba linaleli le bongaka har’a Bapersia, Bamede le Bakalde.” Leha ho le joalo, Mehleng e Bohareng, sehlopha seo sa Bo-magi se neng se il’o bona ngoana ea bitsoang Jesu se ile sa etsoa bahalaleli eaba se bitsoa Melchior, Gaspar le Balthasar. Ho thoe masapo a bona a bolokiloe kerekeng e ’ngoe e khōlō e Cologne, Jeremane.