Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w04 12/15 maq. 4-7
  • Jesu Kreste o Lokela ho Hopoloa Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu Kreste o Lokela ho Hopoloa Joang?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mokete o Loketseng Boithabiso le Khoebo
  • Re Tsoaletsoe Ngoana
  • Meetlo ea Keresemese e Simolohile Kae?
    Tsoha!—1989
  • Na ho Fana ka Limpho tsa Keresemese ho na le Kelello?
    Tsoha!—1993
  • Keresemese—Ke Hobane’ng ha e Ratoa Hakaale Japane?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Semelo sa Keresemese ea Kajeno
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
w04 12/15 maq. 4-7

Jesu Kreste o Lokela ho Hopoloa Joang?

“Ka sebele [Jesu Kreste] e ne e le e mong oa batho ba neng ba e-na le tšusumetso e matla ka ho fetisisa ba kileng ba phela.”—“The World Book Encyclopedia.”

HANGATA batho ba tummeng ba hopoloa ka lintho tseo ba li entseng. Kahoo ke hobane’ng ha batho ba bangata ba hopola tsoalo ea Jesu ho e-na le ho hopola mesebetsi ea hae? Bokreste-’mōtoaneng, batho ba bangata ba ka pheta liketsahalo tse amanang le tsoalo ea hae. Ke ba bakae ba hopolang le ba lekang ka matla ho sebelisa seo a se rutileng ka bokhabane joalokaha se fumanoa Thutong ea Thabeng?

Ke ’nete hore tsoalo ea Jesu e ne e ikhetha, empa barutuoa ba hae ba pele ba ile ba nka seo a neng a se etsa le ho se ruta e le sona sa bohlokoa ka ho fetisisa. Ka sebele Molimo o ne a sa rera hore tsoalo ea Kreste e be ea bohlokoa ho feta bophelo ba hae ba ha e le motho e moholo. Empa Keresemese eona e khonne ho pata seo Kreste a leng sona ka har’a motsoebere oa litšōmo le lineano tse amanang le Tsoalo ea Hae.

Ho na le potso e ’ngoe e tšoenyang e hlahang mabapi le tsela eo Keresemese e ketekoang ka eona. Haeba Jesu a ne a ka khutlela lefatšeng kajeno, o ne a tla re’ng ka khoebo e totobetseng ea Keresemese? Lilemong tse likete tse peli tse fetileng, Jesu o ile a etela tempele e Jerusalema. O ile a halefisoa ke ba neng ba ananya lichelete le barekisi ba neng ba nka monyetla ka ho etsa chelete ka mokete oa bolumeli oa Sejuda. O ile a re: “Tlosang lintho tsena mona! Khaotsang ho etsa ntlo ea Ntate ntlo ea thekiso!” (Johanne 2:13-16) Ho hlakile hore Jesu o ne a sa lumellane le taba ea ho tsoaka khoebo le bolumeli.

Mak’hatholike a mangata a tšepahalang a Spain a bolela kamoo a amehileng kateng ka tsela eo ka eona Keresemese e ntseng e tsoela pele ho fetoha khoebo. Hape, tšekamelo e joalo ea khoebo e bonahala e le ntho e ke keng ea qojoa ka lebaka la tšimoloho ea litloaelo tse ngata tsa Keresemese. Moqolotsi oa litaba Juan Arias o re: “Bakreste ba nyatsang kamoo Keresemese e seng e fetohile ‘ntho ea bohetene’ le ea ho inehella menyaka le khoebo ho e-na le ho ba ntho ea bolumeli, ka kakaretso ha ba tsebe hore Tsoalo ea Jesu esita le tšimolohong ea eona . . . e ne e se e ntse e akarelelitse litšobotsi tse ngata tsa mokete [oa letsatsi] oa bohetene oa Baroma.”—El País, December 24, 2001.

Lilemong tsa morao tjena, baqolotsi ba bangata ba litaba ba Masepanishe le li-encyclopedia ba buile kamoo mekete e tloaelehileng ea Keresemese e simolohileng boheteneng kateng, le kamoo e sekametseng khoebong kateng. Mabapi le letsatsi la ho ketekoa ha Keresemese, ka ho toba Enciclopedia de la Religión Católica e re: “Lebaka leo ka lona Kereke ea Roma e khethileng letsatsi lena hore e be la mokete ho bonahala e le tšekamelo ea eona ea ho batla ho nkela mekete ea bohetene sebaka ka ea Bokreste. . . . Rea tseba hore Roma ka nako eo, bahetene ba ile ba behella ka thōko la 25 December e le letsatsi la mokete oa natalis invicti, e leng tsoalo ea ‘letsatsi le sa hlōloeng.’”

Ka ho tšoanang Enciclopedia Hispánica e re: “Letsatsi la la 25 December leo ho ketekoang mokete oa Keresemese ka lona, ha lea thehoa khakanyong e nepahetseng ea letsatsi la tsoalo [ea Jesu], ho e-na le hoo, le thehiloe meketeng ea Roma e ileng ea etsoa hore e be ea Bokreste e neng e keteka ho tsoa ha letsatsi tlung mariha.” Baroma ba ne ba keteka ho hlaha ha letsatsi sepakapakeng mariha joang? Ka ho ithabisa, ka ho etsa meketjana e lerata le ka ho fana limpho. Kaha ba boholong kerekeng ba ne ba le leqe ho felisa mokete oo o ratoang, ba ile “ba o fetola hore e be oa Bokreste” ka ho o bitsa tsoalo ea Jesu ho e-na le tsoalo ea letsatsi.

Qalong, lekholong la bone le la bohlano la lilemo, ho ne ho le thata ho furalla borapeli bo neng bo khomaretsoe ba letsatsi le meetlo ea bona. “Mohalaleli” oa Mok’hatholike Augustine (354-430 C.E.) o ile a utloa a tlamehile ho eletsa balumeli-’moho le eena hore ba se ke ba keteka la 25 December ka tsela eo bahetene ba neng ba le keteka ka eona ha ba hlompha letsatsi. Esita le kajeno, ho bonahala mekete ea boholo-holo ea Baroma e e-na le tšusumetso e matla.

Mokete o Loketseng Boithabiso le Khoebo

Ka makholo-kholo a lilemo, ho na le lintho tse ’maloa tse bileng le tšusumetso e khōlō ho etseng hore Keresemese e be mokete o ratoang haholo oa machaba oa boithabiso le khoebo. Hape, meetlo e neng e lateloa meketeng e meng ea mariha, haholo-holo e neng e ketekoa Europe e ka leboea, butle-butle e ile ea kenyelletsoa moketeng o tšoanang le o simolohileng Roma.a Lekholong la bo20 la lilemo, barekisi ba hloahloa ba ile ba buella ka matla moetlo leha e le ofe o neng o ka tlisa phaello e khōlō.

See se bile le liphello life? Mokete oa tsoalo ea Kreste e se e le eona ntho ea bohlokoa ho feta tsoalo ea hae. Maemong a mangata, esita le ho bitsa Kreste feela ho se ho batla ho nyametse neanong ea Keresemese. Koranta ea Spain El País e re: “[Keresemese] ke mokete oa lefatše o ketekoang ke malapa, ’me e mong le e mong o e keteka kamoo a ratang kateng.”

Mantsoe ana a bontša seo e ntseng e e-ba tloaelo Spain le linaheng tse ling lefatšeng lohle. Le hoja mekete ea Keresemese e ntse e e-ba majabajaba haholo, ho tseba Kreste hona hoa qepha. Ha e le hantle, ka kakaretso mekete ea Keresemese e khutletse mekhoeng ea eona ea pele ea mehleng ea Roma—e leng meketjana e lerata, ho ithabisa le ho neana limpho.

Re Tsoaletsoe Ngoana

Haeba neano ea Keresemese e sa amane ho hang le Kreste, Bakreste ba ’nete ba lokela ho hopola tsoalo le bophelo ba Kreste joang? Lilemo tse makholo a supileng pele Jesu a tsoaloa, Esaia o ile a profeta tjena ka eena: “Re tsoaletsoe ngoana, re filoe mora; ’me puso ea bohosana e tla ba lehetleng la hae.” (Esaia 9:6) Ke hobane’ng ha Esaia a itse tsoalo ea Jesu le seo e neng e tla se phetha hamorao e ne e tla ba tsa bohlokoa hakaale? Ke hobane Jesu e ne e tla ba ’musi ea matla. O ne a tla bitsoa Khosana ea Khotso, ’me khotso le puso ea hae ea bohosana li ne li ke ke tsa e-ba le bofelo. Ho feta moo, puso ea Jesu e ne e tla tiisoa “ka toka le ka ho loka.”—Esaia 9:7.

Lengeloi Gabriele le ile la pheta phatlalatso e entsoeng ke Esaia ha le ne le tsebisa Maria hore Jesu o ne a tla tsoaloa. Le ile la bolela esale pele la re: “O tla ba moholo ’me o tla bitsoa Mora oa Ea Phahameng ka ho Fetisisa; Jehova Molimo o tla mo fa terone ea ntat’ae Davida, ’me o tla busa e le morena oa ntlo ea Jakobo ka ho sa feleng, ’me ’muso oa hae o ke ke oa e-ba le bofelo.” (Luka 1:32, 33) Ho hlakile hore karolo ea bohlokoa ea tsoalo ea Jesu e amana le mosebetsi oo Kreste a neng a tla o phetha e le Morena ea khethiloeng oa ’Muso oa Molimo. Puso ea Kreste e ka ruisa batho bohle molemo, ho akarelletsa uena le baratuoa ba hao. Ha e le hantle, mangeloi a ile a bolela hore ho tsoaloa ha hae ho ne ho tla tlisa “khotso . . . lefatšeng ho batho bao [Molimo] o khahloang ke bona.”—Luka 2:14, Bibele ea Sesotho.

Ke mang ea sa lakatseng ho phela lefatšeng la khotso le toka? Empa hore re thabele khotso e tla tlisoa ke puso ea Kreste, re lokela ho khahlisa Molimo ’me re be le kamano e ntle le eena. Jesu o itse mohato oa pele o lebisang kamanong e joalo ke ho tseba Molimo le Kreste. O itse: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”—Johanne 17:3.

Ha re se re tseba Jesu hantle, ha ho sa hlokahala hore re ’ne re ipotse hore na o ne a ka rata hore re mo hopole joang. Na e ne e tla ba ka ho ja, ka ho noa kapa ka ho neana limpho letsatsing le tšoanang le la mokete oa boholo-holo oa bohetene? Ha ho bonahale e le ntho e neng e ka etsahala. Bosiung ba pele a e-shoa, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae hore na eena o ne a khetha hofe. “Ea nang le litaelo tsa ka ’me a li boloka, eo ke eena ea nthatang. Ea nthatang le eena o tla ratoa ke Ntate, ’me ke tla mo rata.”—Johanne 14:21.

Lipaki Tsa Jehova li ithutile Mangolo a Halalelang ka botebo, ’me a li thusitse ho utloisisa hore na litaelo tsa Molimo le tsa Jesu ke life. Li ka thabela ho u thusa hore u utloisise litaelo tseo tsa bohlokoa e le hore u ka hopola Jesu kamoo a lokelang ho hopoloa kateng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mehlala e ’meli e hlahelletseng ke ea sefate sa Keresemese le setšoantšo sa Santa Claus.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 6, 7]

Na Bibele e Nyatsa ho Ithabisa le ho Fana ka Limpho?

Ho Fana ka Limpho

Bibele ea lumela hore batho ba fane ka limpho, etsoe Jehova ka boeena o bitsoa Mofani oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng.” (Jakobo 1:17) Jesu o ile a re batsoali ba molemo ba ne ba tla fa bana ba bona limpho. (Luka 11:11-13) Metsoalle ea Jobo le ba lelapa ba ile ba mo fa limpho ha a se a folile. (Jobo 42:11) Leha ho le joalo, ha ho le e ’ngoe ea limpho tseo e neng e hloka hore e etsetsoe mokete ka matsatsi a khethehileng. Ho fana ho joalo ho ne ho tsoa pelong.—2 Bakorinthe 9:7.

’Moka ea Lelapa

’Moka ea lelapa e ka thusa haholo ho kopanya litho tsa lelapa, haholo-holo haeba li se li sa lule ntlong e le ’ngoe. Jesu le barutuoa ba hae ba ile ba ea moketeng oa lechato Kana, ha ho pelaelo hore e ne e le ’moka o moholo oa lelapa le metsoalle. (Johanne 2:1-10) Setšoantšong sa Jesu sa mora ea lehlasoa, ntate o ile a etsa mokete oa lelapa ha mora oa hae a khutla, ’me o ne o akarelletsa ’mino le motjeko.—Luka 15:21-25.

Ho Thabela Lijo Tse Hlabosang

Khafetsa Bibele e bua ka bahlanka ba Molimo ha ba thabela lijo tse hlabosang le lelapa, metsoalle, kapa balumeli-’moho le bona. Ha mangeloi a mararo a ne a etetse Abrahama, o ile a a etsetsa mokete o neng o akarelletsa nama ea khomo, lebese, sereleli le lipolokoe. (Genese 18:6-8) Solomone o ile a re ‘ho ja, ho noa le ho thaba’ ke limpho tse tsoang ho Molimo.—Moeklesia 3:13; 8:15.

Ho hlakile hore Molimo o batla hore re thabele lijo tse hlabosang re e-na le metsoalle le lelapa, ebile ha a nyatse ho fana ka limpho. Re na le menyetla e mengata ea ho etsa sena ka nako leha e le efe selemo ho pota.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela