Na ’Nete e Beha Litholoana ho Bao U ba Rutang?
HA Eric e mocha a ne a bolela hore ha a sa batla ho tsejoa e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova, batsoali ba hae ba ile ba utloa bohloko haholo. Ba ne ba sa lemoha hore o fetohile. Ha e sa le moshanyana, Eric o ne a kopanela thutong ea lelapa ea Bibele, a tla libokeng tsa Bokreste, ebile a ea mosebetsing oa boboleli le phutheho. O ne a ile a bonahala eka o ’neteng. Empa kaha joale o ne a se a tlohile lapeng, batsoali ba hae ba ile ba hlokomela hore ’nete ea Bibele e ne e sa kena pelong ea hae. Ba ile ba tšoha haholo le ho khathala matla ha ba hlokomela seo.
Ba bang ba ’nile ba ikutloa ba lahlehetsoe ka tsela e tšoanang ha ka tšohanyetso seithuti sa Bibele se khaotsa ho ithuta. Linakong tse joalo, hangata batho baa ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha ke sa lemoha hore see se tla etsahala?’ Na ebe re ka khona ho lemoha hore na ’nete e beha litholoana ho bao re ba rutang le pele kotsi ea moea e e-ba teng? Ha e le hantle, re ka kholiseha joang hore ’nete ea sebetsa ho rōna hammoho le ho bao re ba rutang? Papisong ea hae e tloaelehileng ea mojali, Jesu o fane ka leseli le re thusang ho araba lipotso tsena.
’Nete e Tlameha ho Fihla Pelong
Jesu o ile a re: “Peō ke lentsoe la Molimo. Ha e le [peō] e mobung o motle, ena ke bao, ka mor’a ho utloa lentsoe ka pelo e ntle le e molemo, ba le bolokang ’me ba beha litholoana ka mamello.” (Luka 8:11, 15) Kahoo le pele ’nete ea ’Muso e ka hlahisa litholoana ho liithuti tsa rōna, e tlameha ho mela ka metso lipelong tsa tsona tsa tšoantšetso. Jesu o re tiisetsa hore joaloka peō e ntle e mobung o motle, hang feela ha ’nete ea Molimo e amme pelo e ntle, kapele-pele e qala ho sebetsa ’me e beha litholoana. Ke’ng seo re lokelang ho se sheba?
Re lokela ho lemoha litšobotsi tsa pelo, eseng feela ponahalo ea ka ntle. Ho ba le kemiso e tloaelehileng ea litaba tsa borapeli feela hase kamehla ho senolang se hlileng se etsahalang ka pelong ea motho. (Jeremia 17:9, 10; Matheu 15:7-9) Re lokela ho talima lintho ka tsela e tebileng haholoanyane. Ho lokela ho totobala hore motho o se a fetotse litakatso tsa hae, sepheo sa hae le lintho tse tlang pele bophelong ba hae. Motho eo o lokela ho tsoela pele ho bonahatsa botho bo bocha, bo lumellanang le thato ea Molimo. (Baefese 4:20-24) Ka mohlala: Ha Bathesalonika ba utloa litaba tse molemo, Pauluse o bolela hore ntle ho tikatiko, ba ile ba li amohela e le lentsoe la Molimo. Empa mamello ea bona, botšepehi le lerato tseo ba ileng ba li bontša ka mor’a moo, ke tsona tse ileng tsa mo tiisetsa hore ’nete e ‘ne e boetse e sebetsa ka ho bona.’—1 Bathesalonika 2:13, 14; 3:6.
Joalokaha mohlala oa Eric o bontša, ho hlakile hore ntho leha e le efe e ka pelong ea seithuti e tla senoloa ke boitšoaro ba sona hamorao. (Mareka 7:21, 22; Jakobo 1:14, 15) Ka bomalimabe, nakong eo ka eona mekhoa e itseng e mebe e totobatsoang ka ho feletseng ke liketso tsa motho, e ka ’na ea be e se e le morao haholo. Ka hona, phephetso ke hore re leke ho lemoha mefokolo e itseng pele e fetoha litšitiso tsa moea. Re lokela ho ba le tsela ea ho talima ka pelong ea tšoantšetso. Re ka etsa seo joang?
Ithute ho Jesu
Ho hlakile hore Jesu o ne a khona ho lemoha se ka pelong a sa fose. (Matheu 12:25) Ha ho le ea mong ho rōna ea ka etsang joalo. Leha ho le joalo, o ile a re bontša hore le rōna re ka lemoha litakatso tsa motho, sepheo sa hae le lintho tse tlang pele bophelong ba hae. Feela joalokaha ngaka e tšoanelehang e sebelisa mekhoa e fapa-fapaneng ea tlhahlobo ho bona hore na phoso e hokae pelong ea sebele ea mokuli, Jesu o ne a sebelisa Lentsoe la Molimo hore a ‘khe’ le ho senola “menahano le boikemisetso ba pelo,” esita le pele e hlokomeloa ke batho ka kakaretso.—Liproverbia 20:5; Baheberu 4:12.
Ka mohlala, ketsahalong e ’ngoe Jesu o ile a thusa Petrose hore a hlokomele bofokoli boo hamorao bo ileng ba fetoha tšitiso. Jesu o ne a tseba hore Petrose oa mo rata. Ha e le hantle, Jesu o ne a sa tsoa fa Petrose boikarabelo ba ho tšoara “linotlolo tsa ’muso.” (Matheu 16:13-19) Leha ho le joalo, Jesu o ne a boetse a tseba hore Satane o batla ho hlasela baapostola. Matsatsing a latelang, ba ne ba tla hatelloa ka matla hore ba sekisetse. Ka ho hlakileng, Jesu o ile a lemoha hore barutuoa ba bang ba hae baa fokola tumelong. Kahoo ha aa ka a tsilatsila ho ba bolella ka ho toba hore na ho hlokahala hore ba ntlafatse tabeng efe. Nahana kamoo a ileng a qala puisano kateng.
Matheu 16:21 e re: “Ho tloha ka nako eo ho ea pele Jesu Kreste a qala ho bontša barutuoa ba hae hore o tla . . . utloisoa bohloko . . . le ho bolaoa.” Hlokomela hore Jesu o ile a ba bontša se neng se tla mo etsahalla, eseng ho ba bolella feela. Ho ka etsahala hore ebe o ile a sebelisa litemana tsa Bibele, tse kang Pesaleme ea 22:14-18 kapa Esaia 53:10-12, tse bontšang hore Mesia o ne a tla tlameha ho utloisoa bohloko le ho bolaoa. Leha ho le joalo, ka hore a bale Mangolo kapa a a qotse ka ho toba, Jesu o ile a fa Petrose le ba bang monyetla oa hore ba hlahise se ka lipelong tsa bona. Ba ne ba tla etsa’ng ha ba nahana hore ba tla hlorisoa?
Ho makatsang ke hore le hoja Petrose a ne a iponahalitse hore o sebete ebile oa cheseha, ho arabela ha hae ka lepotlapotla ketsahalong eo ho ile ha senola bofokoli bo tebileng mokhoeng oo a nahanang ka oona. O ile a re: “Ikhauhele, Morena; ho hang u ke ke ua ba le qetello ena.” Ho hlakile hore Petrose o ne a nahana ka mokhoa o fosahetseng, hobane joalokaha Jesu a ile a bolela, Petrose o ne a “nahana menahano ea batho, eseng ea Molimo”—e leng phoso e tebileng e neng e ka hlahisa liphello tse kotsi haholo. Joale Jesu o ile a etsa’ng? Ka mor’a hore a khalemele Petrose ka matla, Jesu o ile a re ho eena le ho barutuoa ba bang kaofela: “Haeba mang kapa mang a batla ho ntšala morao, a ke a itatole ’me a nke thupa ea hae ea tlhokofatso a ntatele a sa khaotse.” A sebelisa mehopolo e fumanoang Pesalemeng ea 49:8 le ea 62:12, ka mosa o ile a ba hopotsa hore tebello ea bona ea ho fumana bophelo bo sa feleng e itšetlehile ka Molimo, eseng ka batho ba neng ba ke ke ba fana ka poloko.—Matheu 16:22-28.
Le hoja hamorao Petrose a ile a qetoa ke tšabo ka nakoana ’me a latola Jesu ka makhetlo a mararo, ha ho pelaelo hore puisano ena le tse ling e ile ea mo lokisetsa hore a tle a hlaphoheloe moeeng ka potlako. (Johanne 21:15-19) Matsatsi a 50 feela hamorao, ka sebete Petrose o ile a ema ka pel’a matšoele Jerusalema a paka ka tsoho ea Jesu. Nako e etsang libeke, likhoeli le lilemo ka mor’a moo, ka sebete o ile a tobana le ho tšoaroa, ho otloa le ho hlahleloa teronkong ka makhetlo-khetlo, a beha mohlala o ikhethang oa ho boloka botšepehi a se na tšabo.—Liketso 2:14-36; 4:18-21; 5:29-32, 40-42; 12:3-5.
Re ka ithuta’ng ho see? Na u hlokomela seo Jesu a ileng a se etsa hore a fumane se neng se le ka pelong ea Petrose a be a se senole? Taba ea pele, o ile a khetha mangolo a loketseng e le hore a hlokomelise Petrose ntlha e tobileng eo a amehileng ka eona. Ka mor’a moo, a fa Petrose monyetla oa hore a hlahise se ka pelong. Qetellong, o ile a fana ka keletso ea Mangolo hape ho thusa Petrose hore a fetole monahano oa hae le maikutlo a hae. U ka ’na ua nahana hore u ke ke ua khona ho finyella mokhoa o joalo oa ho ruta, empa a re hlahlobeng liphihlelo tse peli tse bontšang kamoo ho lokisetsa le ho itšetleha ka Jehova ho ka thusang leha e le mang ho rōna hore a latele mohlala oa Jesu.
Ho Fumana se ka Pelong
Ha ntate e mong oa Mokreste a hlokomela hore bara ba hae ba babeli bao e mong oa bona a leng sehlopheng sa pele ha e mong a le sehlopheng sa bobeli sekolong, ba ne ba nkile lipompong tafoleng ea mosuoe, o ile a ba lulisa fatše ’me a ba behela mabaka. Ho e-na le ho tlohela taba eo feela ka hore ke ho se utloe ha bana ho se nang kotsi, ntate eo o hlalosa ka ho re, “Ke ile ka leka ho fumana se ka lipelong tsa bona se neng se ba susumelitse hore ba etse ntho ena e mpe.”
Ntate eo o ile a re bashemane bao ba hopole se ileng sa etsahalla Akane, joalokaha se hlalositsoe ho Joshua khaolo ea 7. Hang-hang bashemane bao ba ile ba utloisisa taba hantle ’me ba lumela molato oa bona. Matsoalo a bona a ne a se a ntse a ba tšoenya. Kahoo ntate oa bona o ile a re ba bale Baefese 4:28, e reng: “Ea utsoang a se ke a hlola a utsoa, empa ho e-na le hoo, a sebetse ka thata . . . e le hore a ka ba le ho hong hoo a ho abelang ea hlokang.” Kaha o ile a re bana bao ba reke lipompong tseo ’me ba li buseletse mosuoe ka ho mo fa tsona letsohong, seo se ile sa matlafatsa keletso eo ea Mangolo.
Ntate eo o re: “Re ne re leka ho ntša litšusumetso tse mpe hang feela ha li bonahala, ’me sebakeng sa tsona re kenya litšusumetso tse ntle le tse hloekileng ka hore re behele bana mabaka.” Ka ho etsisa Jesu ha ba ruta bana ba bona, ka sebele batsoali bana ba bile le liphello tse ntle ka mor’a nako. Qetellong, bara bao ka bobeli ba ile ba memeloa ho ea ba basebetsi ba ntlo-khōlō Bethele e Brooklyn, moo e mong oa bona a ntseng a sebeletsa teng ka mor’a lilemo tse 25.
Nahana kamoo Mokreste e mong a ileng a thusa seithuti sa hae sa Bibele kateng. Seithuti seo se ne se e-tla libokeng le ho kopanela tšebeletsong ebile se se se boletse hore se lakatsa ho kolobetsoa. Leha ho le joalo, se ne se bonahala se itšepile haholo ho e-na le ho tšepa Jehova. Morali’abo rōna o re: “Kaha e ne e le mosali ea se nang molekane, o ne a sa hlokomele hore o itšepile ho feta tekano. Ke ne ke tšoenyehile ka hore o tla ferekana kelellong kapa a oe moeeng.”
Kahoo morali’abo rōna o ile a nka bohato ba pele ba ho behelana mabaka le seithuti seo a sebelisa Matheu 6:33, a se khothalletsa hore se fetole lintho tse tlang pele bophelong ba sona, se eteletse ’Muso pele le hore se tšepe Jehova hore a sebetse litaba ka tsela e molemohali. Morali’abo rōna o ile a se botsa ka ho toba a re: “Na taba ea hore ebe u lula u le mong e etsa hore ka linako tse ling u thatafalloe ho tšepa batho ba bang, ho akarelletsa le Jehova?” Seithuti seo se ile sa lumela hore se ne se se se batla se khaolitse ho rapela. Joale mohoeletsi o ile a se khothalletsa hore se latele keletso e fumanoang ho Pesaleme ea 55:22 ’me se lahlele moroalo oa sona ho Jehova hobane joalokaha 1 Petrose 5:7 e re tiisetsa, “oa le tsotella.” Mantsoe ao a ile a se ama pelo. Morali’abo rōna o re, “Leo e bile le leng la makhetlo a seng makae ao ka ’ona ke ileng ka se bona se lla.”
Etsa Hore ’Nete e Lule e Sebetsa ho Uena
Re thaba haholo ha re bona bao re ba rutang ba nka bohato ka ’nete ea Bibele. Leha ho le joalo, hore boiteko ba rōna ba ho thusa ba bang bo atlehe, re lokela ho beha mohlala o motle ka borōna. (Juda 22, 23) Kaofela ha rōna re lokela hore re ‘’ne re sebeletse poloko ea rōna ka tšabo le thothomelo.’ (Bafilipi 2:12) Seo se akarelletsa hore kamehla re lumelle leseli la Mangolo hore le khantše lipelong tsa rōna, le phenye maikutlo, litakatso le lintho tseo re li ratang tseo ho ka ’nang ha hlokahala hore li lokisoe.—2 Petrose 1:19.
Ka mohlala, na morao tjee cheseho ea hao e fokotsehile mesebetsing ea Bokreste? Haeba ho joalo, lebaka ke lefe? Lebaka le leng e ka ’na ea e-ba hore u itšepa ho feta tekano. U ka tseba joang haeba ho le joalo? Ak’u bale Hagai 1:2-11, ’me ka botšepehi u nahanisise kamoo Jehova a behelang Bajuda bao ba khutliselitsoeng naheng ea habo bona mabaka kateng. Joale ipotse: ‘Na ke amehile ho feta tekano ka ho fumana tšireletso ea lichelete le mabothobotho a lintho tse bonahalang? Na ruri ke tšepa hore Jehova o tla hlokomela lelapa la ka haeba ke etelletsa lintho tsa moea pele? Kapa na ke nahana hore ke tlameha ho itlhokomela pele?’ Haeba ho hlokahala hore u fetole monahano oa hao kapa maikutlo a hao, u se ke ua tsilatsila ho etsa joalo. Keletso ea Mangolo, e kang e fumanoang ho Matheu 6:25-33, Luka 12:13-21 le 1 Timothea 6:6-12, e fana ka motheo oa ho ba le pono e loketseng mabapi le lintho tse bonahalang tseo re li hlokang le matlotlo, e leng pono e tiisang hore re ’ne re fumane tlhohonolofatso ea Jehova.—Malakia 3:10.
Ho itlhahloba ka botšepehi ka tsela ena ho ka etsa hore motho a nahane ka ho teba. Ho lumela hore re na le mefokolo e itseng ha re e hlokomelisoa ho ka re bakela khatello ea maikutlo. Leha ho le joalo, haeba ka lerato u ithaopela ho thusa ngoana oa hao, seithuti sa hao sa Bibele kapa esita le ho ithusa ka bouena—ho sa tsotellehe hore na taba eo ke e amang motho eo ka ho khetheha kapa eo ho leng thata ho bua ka eona hakae—mohlomong u tla be u nka bohato ba pele ba ho pholosa bophelo ba hae kapa ba hao.—Bagalata 6:1.
Ho thoe’ng haeba ho bonahala eka boiteko ba hao ha bo hlahise liphello tse ntle? U se ke ua potlakela ho tela. Ho fetola pelo e sa phethahalang e ka ba mosebetsi o lokelang ho etsoa ka hloko haholo, o nkang nako ’me ka linako tse ling e le o ferekanyang. Empa hape e ka ba o putsang.
Eric e mocha, ea boletsoeng qalong, o ile a qetella a hlaphohetsoe ’me a boela a qala ho “tsamaea ’neteng.” (2 Johanne 4) O re: “Eitse hang ha ke hlokomela seo ke lahlehetsoeng ke sona, ke ile ka khutlela ho Jehova.” Ka thuso ea batsoali ba hae, hona joale Eric o sebeletsa Molimo ka botšepehi. Le hoja a kile a teneha ha batsoali ba hae ba ntse ba leka ka makhetlo-khetlo ho phenya pelo ea hae, hona joale o ananela ka ho teba seo ba ileng ba se etsa. O re: “Batsoali ba ka ke batho ba bohlokoa hakaakang! Ha ho mohla ba ileng ba khaotsa ho nthata.”
Ho khantša leseli la Lentsoe la Molimo lipelong tsa bao re ba rutang ke ho bontša mosa o lerato. (Pesaleme ea 141:5) Tsoela pele u phenya lipelo tsa bana ba hao le liithuti tsa hao tsa Bibele hore u fumane bopaki ba hore ka sebele botho bo bocha ba Bokreste bo ntse bo hōla ka ho bona. Etsa hore ’nete e lule e sebetsa ka ho ba bang le ka ho uena ka ho ‘tšoara lentsoe la ’nete ka nepo.’—2 Timothea 2:15.
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Mantsoe a Jesu a ile a senola bofokoli ba Petrose
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Sebelisa Bibele hore u fumane se ka pelong