Rua Molemo Thutong e Molemohali!
KA Bibeleng Jehova Molimo o bitsoa ’Mōpi oa lintho tsohle, ho akarelletsa le batho. (Genese 1:27; Tšenolo 4:11) Kaha ke Morupeli e Moholo, o ile a ruta batho ba babeli ba pele, e leng Adama le Eva, eaba o ba lokisetsa ho phela serapeng se setle sa Edene. O ne a rerile ho ba ruta le ho ba hlokomela ka ho sa feleng. (Genese 1:28, 29; 2:15-17; Esaia 30:20, 21) Tšepiso eo e ne e le molemo hakaakang!
Ka masoabi, Adama le Eva ba ile ba senya sohle seo ba neng ba se tšepisitsoe. Ka lebaka la ho se mamele ha bona, boitšoaro ba batho bo ile ba hlepha, ’me ’mele ea bona ea qala ho fokola. (Genese 3:17-19; Baroma 5:12) Bibele e bua se latelang ka meloko e seng mekae e phetseng ka mor’a ho bōptjoa ha batho: “Jehova a bona hore bobe ba motho bo bongata lefatšeng ’me tšekamelo eohle ea menahano ea pelo ea hae e mpe feela ka linako tsohle.”—Genese 6:5.
Ho se ho fetile lilemo tse ka bang 4 500 Jehova a entse qeto ea hore motho o sekametse bobeng ka linako tsohle, ’me hona joale moloko oa batho o boemong bo bobe ho feta neng kapa neng. Batho ba bangata ha ba soabe ha ba bua leshano, ha ba utsoa, kapa ba hlasela ba bang. Mathata a eketseha letsatsi le letsatsi, empa tsela eo batho ba tsotellanang ka eona ea theoha. Na hase ’nete hore likamano tsa batho ba bangata, ho akarelletsa le likamano tsa litho tsa malapa, li ka ’na tsa senyeha? Empa Molimo a ke ke a jarisoa molato ka maemo a hona joale, ebile ha aa hlokomoloha mathata a kajeno. Haesale Jehova a ntse a thahasella hore batho ba phele ka boiketlo, ’me o ikemiselitse ho ruta ba batlang tataiso ea hae e le hore ba ka thaba. E le hore Jehova a bontše hore o thahasella batho, o ile a romela Mora oa hae, e leng Jesu Kreste lefatšeng lilemong tse fetileng tse ka bang 2 000. Jesu o siile mohlala oa thuto e phethahetseng, hobane o ile a rutoa ke Morupeli e Moholo ka lilemo tse ngata haholo.
Bokreste ba ’Nete Boa Ruta
Bokreste ba ’nete bo qaliloe ke Jesu Kreste, ’me ke tsela ea ho phela e thehiloeng leratong. Bokresteng ba ’nete, mehopolo eohle le liketso li lokela ho lumellana le thato ea Molimo, e le hore lebitso la hae le ka tlotlisoa le ho halaletsoa. (Matheu 22:37-39; Baheberu 10:7) Jehova, joaloka Ntate oa Jesu, ke eena ea neng a tšehelitse lithuto tsa Jesu tse mabapi le tsela ea ho phela. Ho Johanne 8:29 re bala kamoo Molimo a ileng a tšehetsa Jesu kateng: “Ea nthomileng o na le ’na; ha aa ka a ntlohela ke ’notši, hobane kamehla ke etsa lintho tse mo khahlisang.” Ka sebele Molimo o ile a tšehetsa Jesu a ba a mo lebela tšebeletsong eohle ea hae. Balateli ba pele ba Jesu ba ile ba ba le se ba tataisang hore ba thulane le mathata a bophelo. Jehova o ile a sebelisa Mora oa hae hore a ba rute. Kaha ba ile ba latela lithuto tsa Jesu le mohlala oa hae, e ile ea e-ba batho ba molemo. Ho joalo ka barutuoa ba hae kajeno.—Bona lebokose le nang le sehlooho se reng “Kamoo Jesu a Susumelitseng Batho ka Lithuto Tsa Hae,” leqepheng la 6.
Bokreste ba ’nete boa ikhetha hobane bo akarelletsa thuto e amang likelello le lipelo e le hore batho ba ka fetoha ho tsoa botebong. (Baefese 4:23, 24) Ho etsa mohlala o le mong feela, nahana ka seo Jesu a ileng a se ruta mabapi le hore motho a tšepahale ho molekane oa hae: “Le utloile hore ho itsoe, ‘U se ke ua feba.’ Empa ke re ho lōna e mong le e mong ea ntseng a tsoela pele ho sheba mosali e le hore a be le takatso e matla bakeng sa hae o se a febile le eena ka pelong ea hae.” (Matheu 5:27, 28) Ka mantsoe ana, Jesu o ne a ruta barutuoa ba hae hore pelo e lokela ho bolokoa e hloekile le hore menahano le litakatso tse fosahetseng, le hoja li e-s’o phethahatsoe, li ka ba le liphello tse kotsi. Na hase ’nete hore menahano e mebe le liketso li ka etsisa motho lintho tse khopisang Molimo le tse utloisang ba bang bohloko?
Kahoo, Bibele e fana ka keletso ena: “Le khaotse ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho, empa le fetohe ka ho fetola likelello tsa lōna, e le hore le ka ipakela e le lōna thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.” (Baroma 12:2) U ka ’na ua botsa: ‘Na thuto e ka hla ea thusa motho hore a fetole kelello ea hae?’ Ho fetola kelello ho akarelletsa ho e faposetsa nthong e ’ngoe ka ho e tlatsa ka melao-motheo ea Lentsoe la Molimo le taeo ea lona. Sena se ka finyelloa ka ho amohela thuto eo Molimo a fanang ka eona ka Lentsoe la hae.
Le Susumelletsa Motho ho Fetoha
“Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla.” (Baheberu 4:12) Le sa ntse le susumetsa batho ka matla, kahoo le bontša hore ha le felloe ke nako. Le ka susumelletsa motho hore a fetole tsela eo a neng a e nkile, a amohele Bokreste ba ’nete, le ho mo fetola motho ea molemo ho feta kamoo a neng a le kateng. Mehlala e latelang e bontša bohlokoa ba thuto ea Bibele.
Emilia, eo ho builoeng ka eena sehloohong se fetileng, o re: “Ke ne ke hloka thuso hore ke ntlafatse boemo ba lelapa la ka. Ha ke qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, ke ile ka ba le tšepo eaba ke qala ho fetola mekhoa ea ka. Ke ile ka ithuta ho mamella haholoanyane le ho se tlakolohe ka bohale. Monna oa ka le eena o ile a qetella a ithuta Bibele. Ho ne ho se bonolo hore a tlohele ho noa, empa o ile a atleha. Sena se ile sa re thusa hore re qale ho atlehisa lenyalo la rōna. Hona joale re Bakreste ba thabileng ’me re ruta bana ba rōna melao-motheo e lokileng ea Bibele ka ho pheta-pheta.”—Deuteronoma 6:7.
Thuto eo Bokreste ba ’nete bo fanang ka eona e ka lokolla motho linthong tse mpe le boitšoarong bo bobe. Manuela o ile a bona hore sena ke ’nete. Ha a le lilemo li 13, o ile a baleha lapeng eaba o qala ho tsuba matekoane. Ka mor’a nako e itseng, o ile a sebelisa sethethefatsi se bitsoang heroine. O ile a kopanela liphate le banna le basali e le hore a fumane marobalo le chelete. Ka linako tse ling, Manuel o ne a phela ka ho k’hothotsa batho. Boholo ba nako o ne a lula a tahiloe ke lithethefatsi. Kaha o ne a le mabifi, o ne a kena chankaneng hangata. Ka lekhetlo le leng o ile a qeta lilemo tse ’nè chankaneng, ’me ha a ntse a le moo o ile a qala ho mokola libetsa. Ha Manuel a se a nyetse, o ile a tsoela pele ho kotula litholoana tse bohloko tsa mesebetsi ea hae. O re: “Qetellong re ile ra lula ntlong eo e neng e kile ea e-ba ea likhoho. Ke sa ntse ke hopola ha mosali oa ka a ne a phehela holim’a litene. Re ne re sa sireletseha hoo ba heso ba ileng ba khothalletsa mosali oa ka hore a ntšiee.”
Ke eng e ileng ea fetola bophelo ba hae? Manuel o araba ka ho re: “Motho e mong eo ke neng ke tloaelane le eena o ile a tla ha rōna ho tla bua ka Bibele. Ke ile ka mo lumella hore a ’ne a tle e le hore feela ke mo bontše hore ha ho na Molimo ea natsang batho. Ke ne ke lumela hore batho ba ka bona ka ’na hore Molimo ha a natse batho. Ke ile ka makatsoa ke hore Paki ena e ne e e-na le mamello le tlhompho. Kahoo, ke ile ka lumela ho ea libokeng Holong ea ’Muso. Le hoja ba bang Holong ea ’Muso ba ne ba tseba hore na ke motho oa mofuta ofe, ba ile ba ntumelisa ka mosa. Ba ile ba ntšoara joaloka e mong oa Lipaki. Ba ile ba nthoba pelo hoo ke ileng ka etsa qeto ea ho tlohela lithethefatsi eaba ke batla mosebetsi o hlomphehang. Ka mor’a likhoeli tse ’nè ke qalile ho ithuta Bibele, ke ile ka tšoaneleha hore nka tsamaea le Lipaki mosebetsing oa boboleli, ’me likhoeli tse ’nè ka mor’a moo, ke ile ka kolobetsoa hore ke be e mong oa Lipaki Tsa Jehova.”
Bokreste ba ’nete bo etselitse Manuel le lelapa la hae eng? O re: “Hoja e ne e se ka thuto ea Bibele, ha ho pelaelo hore e ka be e le khale ke shoele. Tsela ea bophelo eo Jesu a ileng a e ruta e momahantse lelapa la ka. Ha ho hlokahale hore bana ba ka ba babeli ba phele ka tsela eo ke ileng ka phela ka eona ha ke ne ke le mocha. Ke ikutloa ke le motlotlo ebile ke leboha Jehova ka kamano e ntle eo ke nang le eona le mosali oa ka hona joale. Batho ba bang bao ke neng ke khema le bona, ba ’nile ba mpabatsa ba ba ba mpolella hore ba nahana hore tsela eo ke phelang ka eona ke e molemohali.”
Bophelo ba Bokreste bo re hloka hore re be ba hloekileng boitšoarong le ’meleng. ’Nete ena e ile ea utloisisoa ke monna e mong oa Afrika Boroa ea bitsoang John ea lulang sebakeng se seng sa mafutsana. O re: “Ka linako tse ling morali oa rōna o ne a qeta beke a sa tolisoe, ’me ho ne ho se moo ho reng teke! ho rōna.” Mosali oa hae o bolela hore lehae la bona le ne le le bohlasoa. Empa thuto ea Bokreste e ile ea fetola boemo ba bona. John o ile a khaotsa ho tsamaea le sehlopha sa masholu a likoloi eaba o qala ho hlokomela lelapa la hae hantle. O re: “Re ile ra ithuta hore joaloka Bakreste, ’mele ea rōna le liaparo tsa rōna li lokela ho lula li hloekile. Ke rata mantsoe a ho 1 Petrose 1:16, a re khothalletsang hore re halalele hobane Jehova Molimo oa halalela. Hona joale re leka hore ntlonyana ea rōna e shebahale.”
U ka Fumana Thuto e Molemohali
Ho na le liphihlelo tse ngata tsa mofuta ona. Batho ba baloang ka likete ba ithutile ho ntlafatsa bophelo ba bona ka lebaka la thuto e thehiloeng Bibeleng. Bahiri ba bona ba ba nka e le ba bohlokoa hobane baa tšepahala ebile ba mahlahahlaha. Ke baahelani le metsoalle e molemo, ’me ba rata ha batho ba bang ba thabile. Ba ikemiselitse ho qoba lintho tse mpe le litšekamelo tsa nama. Kahoo, ba itlhokomela hamolemo ’meleng, kelellong le maikutlong. Ho e-na le ho senya chelete ea bona boitšoarong bo bobe, ba e sebelisa linthong tse molemong oa bona le tse molemong oa malapa a bona. (1 Bakorinthe 6:9-11; Bakolose 3:18-23) Ha ho pelaelo hore liphello tsa ho sebelisa seo Jehova a se bolelang ka Bibeleng li bontša hore bophelo bo lumellanang le Bokreste ba ’nete bo molemo ka ho fetisisa, ’me bo fana ka thuto e molemohali. Bibele e bua se latelang mabapi le motho ea phelang tumellanong le melao ea Molimo: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e etsang e tla atleha.”—Pesaleme ea 1:3.
Hoa khothatsa ho tseba hore Jehova, Molimo ea Matla ’Ohle, o ikemiselitse ho re ruta. O itlhalosa tjena: “’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo, Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona.” (Esaia 48:17) Ha ho pelaelo hore ka mohlala le ka lithuto tsa Mor’a hae, Jesu Kreste, Jehova o re bontšitse tsela. Lithuto tsa hae li ile tsa fetola bophelo ba batho ba bangata ba ileng ba mo tseba ha a ne a le lefatšeng, ’me hoa tšoana le ka ba bangata ba phelang ka lithuto tsa hae kajeno. Ke hobane’ng ha u sa iphe nako ea ho ithuta lithuto tsee? Lipaki Tsa Jehova tsa sebakeng sa heno li tla thabela ho u thusa hore u fumane thuto ena ea bohlokoa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabitso a mang a fetotsoe
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]
Kamoo Jesu a Susumelitseng Batho ka Lithuto Tsa Hae
Kaha Zakiase e ne e le ’mokelli oa lekhetho ea ka sehloohong, o ile a sebelisa boemo ba hae hore a rue ka ho hanyapetsa batho lichelete le ka ho qhekella mafutsana. Empa o ile a fetola mekhoa ea hae ka hore a sebelise lithuto tsa Jesu.—Luka 19:1-10.
Saule oa Tarsase o ile a khaotsa ho hlorisa Bakreste eaba o sokolohela Bokresteng, ’me e ile ea e-ba moapostola Pauluse.—Liketso 22:6-21; Bafilipi 3:4-9.
Bakreste ba bang ba Korinthe e ne e le ‘lihlola, barapeli ba litšoantšo, bafebi, banna ba robalang le banna, masholu, batho ba meharo, matahoa, ba litlhapa le bahanyapetsi.’ Empa, ha ba se ba ithutile litsela tsa Bokreste ba ’nete, ba ‘ile ba hlatsuoa, ba halaletsoa, ha boleloa hore ba lokile ka lebitso la Morena oa bona Jesu Kreste.’—1 Bakorinthe 6:9-11.
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Bibele e ka u bontša tsela ea ho atleha