Pale ea Bophelo
Ke Ikemiselitse ho Tsoela Pele ke Sebeletsa ’Mōpi oa Ka
JOALOKAHA HO BOLETSE CONSTANCE BENANTI
Lintho li ile tsa etsahala ka potlako e tšabehang! Ka matsatsi a tšeletseng feela, Camille, moralinyana oa rōna ea likhoeli li 22, o ile a tšoaroa ke feberu e matla eaba oa hlokahala. Ke ile ka sareloa haholo. Le ’na ke ne ke batla ho shoa. Ke hobane’ng ha Molimo a ile a lumella ntho e tjee? Ke ne ke ferekane.
BATSOALI ba ka e ne e le bafalli ba tsoang Castellammare del Golfo, e leng toropo e Sicily, Italy. Ba ile ba tla New York City, e leng hona moo ke hlahetseng teng ka la 8 December, 1908. Lelapa leso le ne le e-na le Ntate le ’Mè le bana ba bona ba robeli, e leng bashanyana ba bahlano le banana ba bararo.a
Ka 1927, Ntate, e leng Santo Catanzaro, o ile a qala ho ea libokeng tsa sehlopha se senyenyane sa Liithuti Tsa Bibele, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li bitsoa kateng nakong eo. Giovanni De Cecca, e leng mor’abo rōna oa Motaliana ea neng a sebeletsa ntlo-khōlō Brooklyn, New York, (moo ho thoeng ke Bethele), o ne a tšoara liboka moo re neng re lula teng, haufi le New Jersey. Hamorao, Ntate o ile a qala ho bolela litaba tse molemo eaba o kena tšebeletsong ea nako e tletseng, eo a ileng a tsoela pele ka eona ho fihlela a hlokahala ka 1953.
Ha ’Mè a sa le mocha, o ne a batla ho ba moitlami, empa batsoali ba hae ha baa ka ba mo lumella. Qalong, ’Mè o ne a ntšusumelitse hore ke se ke ka ithuta Bibele hammoho le Ntate. Leha ho le joalo, kapele ke ile ka lemoha liphetoho tse itseng ho Ntate. E ne e se e le motho ea khutsitseng, ea bonolo ebile ho e-na le khotso e eketsehileng ka lapeng. Ke ne ke thabela seo.
Ho sa le joalo, ke ile ka kopana le Charles, mohlankana ea hlahetseng Brooklyn eo e neng e le thak’a ka. Lelapa labo le lona le ne le tsoa Sicily joaloka lelapa leso. Kapele re ile ra lebeletsana, ’me ka mor’a hore Ntate a khutle kopanong ea Lipaki Tsa Jehova ea Columbus, Ohio, ka 1931, re ile ra nyalana. Pele ho feta selemo, morali’a rōna Camille o ile a hlaha. Eitse ha a hlokahala, ke ile ka utloa bohloko bo otlang pelo. Ka letsatsi le leng Charles o ile a re ho ’na, a ntse a tšolla likeleli: “U hopole hore le ’na Camille e ne e le morali’a ka. Na ha ho molemo hore re tsoele pele ka bophelo, re tšelisane?”
Re Amohela ’Nete ea Bibele
Charles o ile a nkhopotsa hore ha Ntate a ne a fana ka puo lepatong la Camille o ne a ile a bua ka tšepo ea tsoho. Ke ile ka ’motsa ka re: “Na ehlile u lumela tsoho ea bafu?”
O ile a araba a re: “E, kea e lumela! Na re ka fumana ho eketsehileng mabapi le hore na Bibele e re’ng?”
Bosiung boo ha kea ka ka bo hlotha. Hoseng ka hora ea botšelela, pele Ntate a ea mosebetsing, ke ile ka ea ho eena ’me ka mo bolella hore ’na le Charles re batla ho ithuta Bibele. O ne a thabile haholo eaba o nkopa ka matsoho. Le hoja ’Mè a ne a ntse a robetse, o ile a utloa ha re ntse re bua. O ile a mpotsa hore na ho ne ho etsahetse’ng. Ke ile ka re: “Ha ho letho. ’Na le Charles re mpa re entse qeto ea ho ithuta Bibele.”
O ile a re: “Kaofela re lokela ho ithuta Bibele.” Kahoo, kaofela ha rōna, ho kopanyelletsa le likhaitseli tsa ka le banab’eso ba bang—kaofela re le 11—re ile ra qala ho ithuta hammoho re le lelapa.
Thuto ea Bibele e ile ea ntšelisa, ’me hanyane ka hanyane pherekano eo ke neng ke e-na le eona e ile ea nkeloa sebaka ke ho ba le tšepo. Selemo hamorao, ka 1935, ’na le Charles re ile ra qala ho bolella batho ba bang linnete tsa Bibele. Ka February 1937, ka mor’a hore re mamele puo e neng e fanoa ntlo-khōlō Brooklyn, e neng e hlalosa kamoo ho leng bohlokoa kateng ho kolobetsoa metsing ho ea ka Mangolo, re ile ra kolobetsoa hoteleng e haufi le moo re e-na le ba bang ba bangata. Ha kea ka ka nka bohato bona hobane feela ke ne ke e-na le tšepo ea ho boela ke bona morali oa ka nakong e tlang, empa hape e ne e le hobane ke lakatsa ho sebeletsa ’Mōpi oa ka, eo joale ke neng ke mo tseba ebile ke mo rata.
Ho Kena Tšebeletsong ea Nako e Tletseng
Ho ne ho thabisa haholo ebile ho khotsofatsa ho buisana le ba bang ka seo ke neng ke ithutile sona, haholo-holo kaha mehleng eo batho ba bangata ba ne ba nka bohato ka molaetsa oa ’Muso ’me le bona ba o phatlalatsa. (Matheu 9:37) Ka 1941, ’na le Charles re ile ra ba bo-pula-maliboho, ho ea kamoo Lipaki Tsa Jehova li bitsang basebeletsi ba tsona ba nako e tletseng kateng. Nakoana ka mor’a moo, re ile ra reka k’haravene eaba Charles o siea fektheri ea lapeng ea marikhoe e hlokometsoe ke Frank, khaitseli’a ka. Hamorao, re ile ra thaba haholo ha re fumana lengolo le re bolellang hore re ne re filoe kabelo ea ho ba bo-pula-maliboho ba khethehileng. Qalong, re ile ra sebeletsa New Jersey, ’me hamorao ra romeloa New York State.
Ka 1946, ha re ne re le kopanong Baltimore, Maryland, re ile ra kōptjoa hore re ee sebokeng sa baemeli ba khethehileng ba Lipaki Tsa Jehova. Ha re le moo, re ile ra kopana le Nathan H. Knorr le Milton G. Henschel. Ba ile ba buisana le rōna ka mosebetsi oa boromuoa, empa haholo-holo ba bua le rōna ka mosebetsi oa boboleli Italy. Ba ile ba re khothalletsa hore re nahane ka monyetla oa ho ea Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower.
Ba ile ba re ho rōna: “Nahanang ka taba eo, ’me le re fe karabo hamorao.” Ka mor’a hore re tsoe ofising eo, ’na le Charles re ile ra shebana, eaba re khutlela ofising hona hoo. Re ile ra re: “Re se re nahanne ka eona. Re se re loketse ho ea Gileade.” Matsatsi a leshome hamorao, re ne re le sehlopheng sa bosupa sa Gileade.
Ho hang re ke ke ra lebala likhoeli tseo re ileng ra koetlisoa ka tsona. Haholo-holo re ile ra khahloa ke kamoo barupeli ba neng ba bontša mamello le lerato kateng, ba re lokisetsa ho tobana le mathata a tšimong ea linaheng lisele. Ka mor’a ho fumana mangolo ka July 1946, re ile ra abeloa ho bolela litaba tse molemo ka nakoana New York City, moo ho neng ho e-na le baahi ba bangata ba buang Setaliana. Joale ho ile ha fihla letsatsi le thabisang haholo! Ka la 25 June, 1947, re ile ra kena tseleng re ea Italy, kabelong ea rōna ea boromuoa.
Ho Tsitsa Kabelong ea Rōna
Re ile ra tsamaea ka sekepe seo pele se neng se sebelisetsoa merero ea sesole. Ka mor’a matsatsi a 14 re le leoatleng, re ile ra fihla Genoa, boema-kepeng ba Italy. Motseng oo ho ne ho ntse ho bonahala mesaletsa ea Ntoa ea II ea Lefatše, e neng e letse lilemong tse peli feela tse fetileng. Ka mohlala, seteishene sa terene se ne se se na likhalase tsa lifensetere ho hang ka lebaka la ho ruthuthoa ka libomo. Ha re tloha Genoa re ile ra tsamaea ka terene e nkang thepa re habile Milan, moo ofisi ea lekala le lehae la baromuoa li neng li le hona teng.
Maemo a bophelo a ne a le boima haholo Italy ka mor’a ntoa. Boiteko ba kaho-bocha bo ne bo tsoela pele, empa bofutsana bo ne bo atile. Ka mor’a nako e khutšoanyane, ke ile ka kula haholo. Ho ea ka ngaka e ’ngoe, ke ne ke tšoeroe ke lefu la pelo hoo e neng e nahana hore ho ka ba molemo hore ke khutlele United States. Ke thabela hore ebe e ne e fositse ha e ntlhahloba. Ka mor’a lilemo tse 58, ke ntse ke le kabelong ea ka Italy.
Re ne re bile kabelong ea rōna ka lilemo tse seng kae feela ha likhaitseli tsa ka tse United States li ne li batla ho re fa koloi. Empa Charles o ile a hana mpho eo ea tsona ka mosa, e leng qeto eo ke ileng ka e utloisisa. Kamoo re neng re tseba kateng, ho ne ho se Paki e nang le koloi Italy nakong eo, ’me Charles o ne a nahana hore ho molemo ha re phela ka tsela e tšoanang le ea barab’abo rōna ba Bakreste. Re ile ra lula re se na koloi ho fihlela ka 1961 ha re ne re e-ba le koloi e nyenyane.
Holo ea rōna ea pele ea ’Muso e Milan e ne e le mokatong o ka tlaase ’me e litsoe ka mobu fatše. Kaha ho ne ho se na lipeipi tse tsamaisang metsi, neng le neng ha pula e na metsi a ne a kena ka holong. Hape ho ne ho e-na le litoeba tse neng li lula li nyanyaka ka holong ka moo. Libokeng tsa rōna ho ne ho bonesoa ka litleloubu tse peli. Ho sa tsotellehe maemo a sa thabiseng joalo, re ne re khothala ha re bona batho ba tšepahalang ba tla libokeng tsa rōna ’me ba qetella ba kopanela le rōna tšebeletsong.
Liphihlelo Tsa Tšebeletso ea Boromuoa
Ka nako e ’ngoe re ile ra siela monna e mong bukana ea Peace—Can It Last? Ha re se re tsamaea, Santina mosali oa hae, o ile a fihla a kakatetse mekotla e tšetseng korosari. O ne a batla a tenehile, a re eena o na le barali ba robeli bao a lokelang ho ba hlokomela ebile ha a na nako e itjang feela. Ha ke boela ke etela Santina, monna oa hae o ne a le sieo, ’me eena o ne a ntse a loha. O ile a re: “Ha ke na nako ea ho mamela. Ebile ha ke tsebe le ho bala.”
Ke ile ka rapela Jehova ka pelong eaba ke kōpa mosali eo hore na ebe nka mo fa chelete e le hore a lohele monna oa ka jesi. Libeke tse peli hamorao ke ile ka fumana jesi eo, eaba re qala ho ithuta Bibele kamehla le Santina re sebelisa buka ea “’Nete E Tla Le Lokolla.” Santina o ile a ithuta ho bala, ’me a tsoela pele eaba oa kolobetsoa, ho sa tsotellehe khanyetso ea monna oa hae. Barali ba Santina ba bahlano e ile ea e-ba Lipaki, hape o thusitse le batho ba bangata hore ba amohele ’nete ea Bibele.
Ka March 1951, rōna le baromuoa ba bang—e leng Ruth Cannonb le Loyce Callahan, eo hamorao a ileng a nyaloa ke Bill Wengert—ho ile ha thoe re ee Brescia, moo ho neng ho se na Lipaki. Re ile ra fumana folete e nang le thepa ea ntlo, empa likhoeli tse peli hamorao, mong’a folete eo o ile a re re be re tsoile ho eona pele ho feta lihora tse 24. Kaha ho ne ho se na Lipaki tse ling sebakeng seo, re ile ra tlameha ho ea hoteleng, moo re ileng ra lula teng ka likhoeli tse ka bang peli.
Re ne re haelloa ke lijo: re ne re ja lijo tse seng kae tse bobebe, chisi le litholoana. Ho sa tsotellehe maemo ao a sa thabiseng, ruri re ne re thabile ebile re khotsofetse. Hamorao, re ile ra fumana folete e nyenyane, ’me ka 1952 Sehopotsong sa lefu la Kreste ho ne ho e-na le batho ba 35 ka kamoreng eo e nyenyane eo re neng re e sebelisa e le Holo ea ’Muso.
Ho Sebetsana le Mathata
Nakong eo, baruti ba ne ba ntse ba laola batho ka matla. Ka mohlala, ha re ntse re bolela litaba tse molemo Brescia, moruti o ile a khothalletsa bashemane ba bang hore ba re betse ka majoe. Leha ho le joalo, ka mor’a nako e itseng, batho ba 16 ba ile ba qala ho ithuta Bibele le rōna, ’me ka nako e khutšoanyane feela ea e-ba Lipaki. E mong oa bona e ne e le mang? E ne e le e mong oa bashemane bane ba neng ba re soketse ka hore ba tla re betsa ka majoe! Hona joale o sebeletsa e le moholo phuthehong e ’ngoe e Brescia. Ka 1955 ha re ne re tloha Brescia, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ’Muso ba 40 ba neng ba etsa mosebetsi oa boboleli.
Ka mor’a moo, re ile ra sebeletsa Leghorn (Livorno) ka lilemo tse tharo, moo Lipaki tse ngata e neng e le basali. Sena se ne se bolela hore rōna basali re ne re lokela ho etsa mesebetsi ea phutheho eo ka tloaelo e abeloang barab’abo rōna. Ka mor’a moo re ile ra fallela Genoa, moo re neng re qalile teng lilemong tse 11 pejana. Joale ho ne ho se ho e-na le phutheho. Holo ea ’Muso e ne e le mokatong oa pele moo folete ea rōna e neng e le hona teng.
Hang feela ha re fihla Genoa, ke ile ka qala ho ithuta le mosali e mong eo monna oa hae e neng e kile ea e-ba ralitebele eo joale e neng e se e le mookameli oa moo ho koetlisoang bo-ralitebele. Mosali eo o ile a tsoela pele moeeng ’me kapele ea e-ba morali’abo rōna oa Mokreste. Leha ho le joalo, monna oa hae o ne a hanyetsa ’me o ile a ’na a hanyetsa joalo ka nako e telele. Eaba o qala ho ea le mosali oa hae libokeng. Ho e-na le hore a kene ka holong, o ile a mamela a lutse ka ntle. Hamorao, ha re se re tlohile Genoa, re ile ra utloa hore o ile a kōpa hore a rutoe Bibele. Qetellong, o ile a kolobetsoa ’me ea e-ba molebeli ea lerato oa Mokreste. O ile a lula a tšepahala ho fihlela a hlokahala.
Hape ke ile ka ithuta Bibele le mosali e mong ea neng a lebelelitsoe ke lepolesa. Qalong, monna eo o ile a bontša thahasello e itseng, empa ka mor’a hore ba chate, o ile a fetola maikutlo a hae. O ile a hanyetsa mosali, eaba o khaotsa ho ithuta. Hamorao ha mosali a qalella ho ithuta Bibele, monna o ile a mo sokela, a bolela hore ha a ka re fumana re ntse re ithuta, o tla re thunya bobeli ba rōna. Mosali eo o ile a tsoela pele moeeng ’me ea e-ba Paki e kolobelitsoeng. Ho totobetse hore ha aa ka a re thunya. Ha e le hantle, lilemo hamorao ha ke ne ke le kopanong Genoa, motho e mong o ile a hlaha ka mor’a ka, eaba o nkoahela ka matsoho mahlong, ’me a mpotsa hore na ke nahana hore ke eena mang. Ke ile ka tšoloha likeleli ha ke bona hore ke monna oa mosali eane eo ke neng ke ithuta le eena. Ka mor’a hore a nkope ka matsoho, o ile a mpolella hore o ne a tšoantšelitse boinehelo ba hae ho Jehova ka ho kolobetsoa letsatsing lona leo!
Ho tloha ka 1964 ho fihlela ka 1972, ke ile ka ba le tokelo ea ho tsamaea le Charles ha a ne a etela liphutheho ho ea li khothatsa moeeng. Re ne re sebeletsa hoo e batlang e le karolo eohle e ka leboea ea Italy—e leng Piedmont, Lombardy le Liguria. Joale re ile ra boela ra qalisa tšebeletso ea bopula-maliboho haufi le Florence ’me hamorao ra ea Vercelli. Ka 1977, ho ne ho e-na le phutheho e le ’ngoe feela Vercelli, empa ha re tloha teng ka 1999, ho ne ho e-na le liphutheho tse tharo. Selemong seo, ke ile ka ba lilemo li 91, ’me re ile ra khothalletsoa ho ea lehaeng la baromuoa le Rome, mohahong o monyenyane o motle o sebakeng se batlang se khutsitse.
Ketsahalo e ’Ngoe e Bohloko
Charles, eo kamehla a neng a ntse a iphelela hantle, o ile a oa ka March 2002. Bophelo ba hae bo ile ba mpefala ho fihlela a hlokahala ka la 11 May, 2002. Ka lilemo tse 71, re ne re lla hammoho ha re hlaheloa ke linako tse bohloko ’me re thaba hammoho ha re fumana mahlohonolo. Lefu la hae e bile tahlehelo e khōlō le e bohloko ho ’na.
Ke atisa ho bona setšoantšo sa Charles kelellong ea ka a apere sutu ea hae ’me a roetse katiba ea hae e neng e ratoa haholo lilemong tsa bo-1930. Ekare kea mo bona ha a bososela, kapa ekare ke utloa letšeho la hae leo ke neng ke le tloaetse. Ka thuso ea Jehova le ka lebaka la lerato la bara le barali beso ba bangata ba Bakreste, ke khonne ho mamella nakong ena e bohloko. Ke letetse ka tjantjello e khōlō nako eo ka eona ke tla boela ke bone Charles.
Ho Tsoela Pele ka Tšebeletso ea ka
Ntho e babatsehang ka ho fetisisa bophelong ba ka e ’nile ea e-ba ho sebeletsa ’Mōpi oa ka. Ka lilemo tse ngata, ‘ke ’nile ka latsoa ’me ka bona hore Jehova o molemo.’ (Pesaleme ea 34:8) Ke latsoitse kamoo a leng lerato kateng le kamoo a tsotellang kateng. Le hoja ke ile ka hlokahalloa ke lesea, Jehova o mphile bara le barali ba bangata ba moea—ho phatlalla le Italy—ba nthabisitseng pelo le ba thabisitseng pelo ea hae.
Ho buisana le ba bang ka ’Mōpi oa ka esale e le ntho eo ke e ratang haholo. Ke ka lebaka leo ke ntseng ke tsoela pele ho bolela litaba tse molemo le ho khanna lithuto tsa Bibele. Ka linako tse ling kea ikoahlaea kaha ke sitoa ho etsa ho eketsehileng ka lebaka la bophelo ba ka. Empa kea hlokomela hore Jehova o tseba moo ke fokolang teng ’me oa nthata ebile o ananela seo ke khonang ho se etsa. (Mareka 12:42) Ke loanela ho phethahatsa mantsoe a Pesaleme ea 146:2 ha e re: “Ke tla rorisa Jehova ha ke sa ntse ke phela. Ke tla binela Molimo oa ka lipina tsa thoriso hafeela ke ntse ke le teng.”c
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Phihlelo ea khaitseli ea ka Angelo Catanzaro e ile ea hatisoa tokollong ea Molula-Qhooa oa Senyesemane oa April 1, 1975, leqepheng la 205-7.
b Ho utloa pale ea hae ea bophelo, bona Molula-Qhooa oa Senyesemane oa May 1, 1971, leqepheng la 277-80.
c Morali’abo rōna Benanti o hlokahetse ka la 16 July, 2005, ha ho ntse ho lokisetsoa hore sehlooho sena se hatisoe. O ne a le lilemo li 96.
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Camille
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Ha re ne re chata ka 1931
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
Le hoja qalong a ne a sa thahaselle, ’Mè o ile a lumela hore kaofela re lokela ho ithuta Bibele
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Re na le Mor’abo rōna Knorr kabong ea mangolo a Gileade ka 1946
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
’Na le Charles pejana ho lefu la hae