Pale ea Bophelo
Ke Thabetse ho ba le Karolo Mosebetsing oa ho Ruta Bibele o Etsoang Lefatšeng Lohle
JOALOKAHA HO BOLETSE ANNA MATHEAKIS
Sekepe se ne se cha. Ha sekepe seo se bolelele ba limithara tse 171 se ne se ka teba, se ne se tla teba ka rōna ebe re shoella moo bolibeng. Ke ile ka sesa ka matla ke tšohile ho leba sebakeng se sireletsehileng, ke loana le maqhubu a befileng. Tsela feela eo ke neng nka lula ke phaphametse ka eona e ne e le hore ke itšoareletse ka thata seaparong sa pholoso se neng se aperoe ke mosali e mong. Ke ile ka rapela Molimo hore a mphe matla le sebete. E ne e le sohle seo nka se etsang.
E NE e le ka selemo sa 1971, ’me ke ne ke khutlela kabelong ea ka ea boraro ea boromuoa, Italy. Ke ile ka lahleheloa ke hoo e batlang e le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke neng ke e-na le eona ha sekepe seo se robeha. Empa ha kea ka ka lahleheloa ke lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa—e leng bophelo ba ka, kameho e lerato ea Bokreste ea bara ba motho le tokelo ea ho sebeletsa Jehova. Ke ne ke se ke sebelelitse lik’honthinenteng tse tharo, ’me ketsahalo eo ea ho robeheloa ke sekepe e ne e mpa e le e ’ngoe feela ea tse ngata tse nketsahaletseng bophelong.
Ke hlahile ka 1922. Lelapa leso le ne le lula Rām Allāh, e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 16 ka leboea ho Jerusalema. Batsoali ba ka ba ne ba tsoa sehlekehlekeng sa Kreta, empa Ntate o ne a hōletse Nazaretha. Ke ne ke le ngoan’a ho fela ho bashemane ba bararo le banana ba babeli. Lelapa leso le ile la sithabetsoa ke lefu la abuti oa ka oa bobeli, ea ileng a khangoa ke metsi Nōkeng ea Jordane a le leetong la sekolo. Ka mor’a tlokotsi eo ’Mè o ile a hana ho lula Rām Allāh, eaba re fallela Athene, Greece, ha ke le lilemo li tharo.
Lelapa Leso le Utloa ’Nete ea Bibele
Ka mor’a nakoana re fihlile Greece, abuti oa ka e moholo ea bitsoang Nikos, ea neng a le lilemo li 22 ka nako eo, o ile a kopana le Liithuti Tsa Bibele, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li tsejoa kateng nakong eo. O ile a thabela haholo ho ithuta Bibele ’me seo sa mo etsa hore a chesehele tšebeletso ea Bokreste ka matla. Sena se ile sa halefisa Ntate haholo, ’me a leleka Nikos lapeng. Leha ho le joalo, e ne e re ha Ntate a ile Palestina, ’na le ’Mè le ausi oa ka e mong re ne re ea le Nikos libokeng tsa Bokreste. Ke sa hopola ’Mè a bua ka cheseho ka lintho tseo a li utloileng libokeng tseo. Empa nakoana ka mor’a moo o ile a tšoaroa ke kankere ’me a hlokahala a le lilemo li 42. Nakong eo e thata, ausi oa ka ea bitsoang Ariadne o ile a hlokomela lelapa leso ka tsela e lerato. Le hoja a ne a ntse a le tlaase lilemong, o ile a ba joaloka ’mè ka lilemo tse ngata.
Ha Ntate a ne a le Athene o ne a atisa ho nkisa Kerekeng ea Orthodox, ’me ka mor’a lefu la hae, ke ile ka ’na ka ea kerekeng eo, le hoja ke ne ke se ke sa atise ho ea. Kaha ke ne ke sa bone letho le bontšang hore batho ba kenang kereke eo ba phela ka tsela eo Molimo a e batlang, ke ile ka qetella ke khaolitse ho ea kerekeng.
Ka mor’a lefu la Ntate, ke ile ka fumana mosebetsi o tsitsitseng lekaleng la lichelete. Abuti o ne a qetile nako e ngata bophelong ba hae a bolela ka ’Muso, ’me ka lilemo tse ngata a sebeletsa Greece. O ile a fallela Cyprase ka 1934. Ka nako eo, ho ne ho se na Lipaki Tsa Jehova tse kolobelitsoeng sehlekehlekeng seo, kahoo o ile a ba le tokelo ea ho ntšetsa pele mosebetsi oa boboleli sebakeng seo. Ha a se a nyetse, mosali oa hae Galatia le eena o ile a qeta lilemo tse ngata a sebeletsa e le mosebeletsi oa nako e tletseng.a Nikos o ne a atisa ho re romela libuka le limakasine tse buang ka Bibele, empa re ne re sa li phetle le ho li phetla. O ile a lula Cyprase ho fihlela a hlokahala.
Ke Etsa Hore ’Nete ea Bibele e be Tsela ea ka ea Bophelo
Ka 1940, Paki e ’ngoe e chesehang e lulang Athene e bitsoang George Douras, ebile e le motsoalle oa Nikos, e ile ea re etela ’me ea re memela ho kopanela le sehlopha se senyenyane se ithutang Bibele ha hae. Re ile ra amohela memo eo ka thabo. Nakoana ka mor’a moo re ile ra qala ho bolella ba bang seo re ithutileng sona. Ho ithuta Bibele ho ile ha etsa hore ’na le Ausi re nehele bophelo ba rōna ho Jehova. Ariadne o ile a kolobetsoa ka 1942, ’me ’na ka kolobetsoa ka 1943.
Ha Ntoa ea II ea Lefatše e lala, Nikos o ile a re khothalletsa ho ea Cyprase, kahoo re ile ra fallela Nicosia ka 1945. Cyprase teng mosebetsi oa boboleli o ne o sa thibeloa joaloka Greece. Re ne re kopanela mosebetsing oa ntlo le ntlo re bile re paka le seterateng.
Ariadne o ile a tlameha ho khutlela Greece ka mor’a lilemo tse peli. Ha a le moo, o ile a kopana le molekane oa hae oa lenyalo, le eena e le morapeli oa Jehova, kahoo a lula Athene. Ka mor’a nakoana Ausi le mohats’ae ba ile ba nkhothalletsa hore ke khutlele Greece le ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng motse-moholo moo. Kaha e ne esale e le pakane ea ka ho bula maliboho, ke ile ka khutlela Athene, moo ho neng ho e-na le tlhokahalo e khōloanyane teng.
Ho Buloa Menyako e Mecha ea Tšebeletso
Ke ile ka qala ho bula maliboho ka la 1 November, 1947, ke qeta lihora tse 150 ka khoeli ke le mosebetsing oa boboleli. Tšimo ea phutheho ea rōna e ne e le khōlō, ’me ke ne ke tlameha ho tsamaea sebaka se selelele. Empa ke ile ka thabela litlhohonolofatso tse ngata. Mapolesa a ne a atisa ho tšoara Lipaki leha e le life tse neng li fumanoa li etsa mosebetsi oa boboleli kapa li le libokeng tsa Bokreste, kahoo ka mor’a nakoana le ’na ke ile ka tšoaroa.
Ke ile ka qosetsoa ho sokolla batho, ’me e ne e le tlōlo e tebileng ea molao mehleng eo. Ke ile ka ahloleloa ho hlola likhoeli tse peli Teronkong ea Basali ea Averof e Athene. Morali e mong oabo rōna o ne a se a ntse a le moo, ’me re ile ra ba le botsoalle bo thabisang le bo hahang ba Bokreste le hoja re ne re koaletsoe. Ke ile ka thabela ho tsoela pele ke le pula-maliboho ha ke qeta nako eo ke e ahloletsoeng. Batho ba bangata bao ke ileng ka ithuta Bibele le bona ka nako eo e ntse e le bahlanka ba tšepahalang ba Jehova, ’me seo se nthabisa haholo.
Ka 1949, ke ile ka fumana memo ea ho ba sehlopheng sa bo16 sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower, United States, moo basebeletsi ba nako e tletseng ba koetlisetsoang tšebeletso ea boromuoa teng. ’Na le beng ka ’na re ile ra thaba haholo. Ke ile ka lokisetsa ho ea kopanong ea machaba New York City, lehlabuleng la 1950 ka ntan’o ea Gileade.
Ha ke fihla United States, ke ile ka ba le monyetla o thabisang oa ho qeta likhoeli tse seng kae ke hloekisa likamore tsa bolulo ntlo-khōlō ea Lipaki Tsa Jehova e New York City. Sebaka seo se ne se hloekile, e le se thabisang le se matlafatsang, ’me ke pota-potiloe ke bara le barali babo rōna ba thabileng. Ke tla lula ke hopola ka thabo likhoeli tse tšeletseng tseo ke li qetileng moo. Ka mor’a moo ha fihla nako ea ho ea Sekolong sa Gileade, ’me likhoeli tseo tse hlano tsa thuto le thupelo e matla tsa feta ka potlako. Rōna liithuti re ile ra hlokomela kamoo ho tseba Mangolo ho leng bohlokoa kateng e bileng ho thabisang, ’me seo se ile sa matlafatsa thabo ea rōna le takatso ea rōna ea ho bolella ba bang ’nete e fanang ka bophelo.
Kabelo ea ka ea Pele ea Boromuoa
Sekolong sa Gileade, re ne re lumelloa ho ikhethela batho bao re batlang ho sebetsa le bona pele re fuoa likabelo tsa rōna tsa boromuoa. Ke ile ka ikaba le morali’abo rōna e mong ea ratehang ea bitsoang Ruth Hemmig (eo hona joale e seng e le Bosshard). ’Na le Ruth re ile ra thaba haholo ha re fumana hore re abetsoe Istanbul, Turkey—e mateanong a Asia le Europe! Re ne re tseba hore mosebetsi oa boboleli ha o e-s’o amoheloe ka molao naheng eo, empa re ne re kholisehile hore Jehova o tla re tšehetsa.
Istanbul ke motse o motle o nang le batho ba lichaba tse ngata. Ha re fihla moo re ile ra fumana ho na le libaka tse phetheselang tsa khoebo, lijo tse phehiloeng ka litsela tsa mefuta-futa, limusiamo tse khathollang, metse e khahlang le libaka tse hlollang tse nang le metsi. Habohlokoa le ho feta re ile ra fumana batho ba tšepahalang ba batlang ho ithuta ka Molimo. Boholo ba Lipaki tse seng kae tse Istanbul, e ne e le Maarmenia, Bagerike le Bajuda. Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le batho ba bang ba bangata ba lichaba tse ling, ’me ho ne ho thusa ho tseba ho bua lipuo tse ling, ho akarelletsa Seturkey. Re ile ra thaba haholo ha re kopana le batho ba lichaba tse ling ba nyoretsoeng ’nete. Ba bangata ba bona ba ntse ba sebeletsa Jehova ka botšepehi.
Ka bomalimabe, Ruth o ile a sitoa ho nchafatsa tumello ea hae ea ho lula naheng eo, ’me a tlameha ho tsamaea. O ntse a le tšebeletsong ea nako e tletseng Switzerland. Le ka mor’a lilemo tsena tsohle, ke ntse ke hloloheloa botsoalle ba hae bo khathollang le bo hahang.
Ke Fallela Karolong e ’Ngoe ea Lefatše
Ka 1963, tumello ea ka ea ho lula Turkey ha e ea ka ea nchafatsoa. Ho ne ho le thata ho siea Bakreste-’moho le ’na bao ke neng ke ba bone ba tsoela pele moeeng ha ka nako e tšoanang ba loanela ho hlōla mathata a ’maloa. Ka mosa, beng ka ’na ba ile ba ntefella ho ea kopanong New York City, e le ha ba leka ho nkhothatsa. Ke ne ke e-s’o fumane kabelo ea ka e latelang.
Ka mor’a kopano, ke ile ka abeloa ho ea Lima, Peru. Ke ile ka tsamaea le morali’abo rōna e mong e mocha lilemong eo ke neng ke il’o sebetsa le eena, ha re tloha New York ra toba kabelong ea rōna. Ke ile ka ithuta Sepanishe ’me ka lula lehaeng la baromuoa le neng le le mokatong o ka holim’a ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova. E ne e le ho thabisang haholo ho paka moo le ho tseba bara le barali babo rōna sebakeng seo.
Kabelo e ’Ngoe, Puo e ’Ngoe
Ha nako e ntse e-ea, beng ka ’na ba Greece ba ile ba qala ho khathatsoa ke botsofali le ho kula. Ha ho mohla ba kileng ba nkhothalletsa ho tlohela tšebeletso ea nako e tletseng le ho khutlela ho seo ho thoeng ke bophelo bo tloaelehileng e le hore ke ba thuse. Leha ho le joalo, ka mor’a ho nahanisisa taba ena le ho rapela ka eona, ke ile ka hlokomela hore ho ne ho tla ba molemo ha nka sebeletsa haufi le ba lelapa leso. Ka lerato, barab’abo rōna ba ikarabellang ba ile ba lumela kahoo ba nkabela ho ea Italy, ’me beng ka ’na ba ithaopela ho ntefella litšenyehelo tsa ho fallela moo. Bonneteng, ho ne ho e-na le tlhokahalo e khōlō ea baevangeli moo Italy.
Ke ile ka boela ka tlameha ho ithuta puo e ncha—e leng Setaliana. Qalong ke ile ka abeloa ho ea motseng oa Foggia. Hamorao, ka isoa Naples, moo ho neng ho e-na le tlhokahalo e khōloanyane. Ke ne ke sebetsa tšimo ea Posilipo, e leng e ’ngoe ea likarolo tse ntle ka ho fetisisa tsa Naples. E ne e le tšimo e khōlō, ’me ho e-na le mohoeletsi a le mong feela oa ’Muso. Ke ne ke thabela mosebetsi haholo, ’me Jehova a nthusa ho qalisa lithuto tse ngata tsa Bibele. Ka mor’a nako, ho ile ha e-ba le phutheho e khōlō sebakeng seo.
Ba bang ba batho ba moo bao ke qalileng ho ithuta Bibele le bona ke ’mè e mong le bana ba hae ba bane. ’Mè eo le barali ba hae ba babeli e ntse e le Lipaki Tsa Jehova. Ke ile ka boela ka ithuta le banyalani ba bang ba neng ba e-na le moralinyana. Lelapa leo kaofela le ile la hatela pele moeeng ’me la tšoantšetsa boinehelo ba lona ka ho kolobetsoa metsing. Hona joale morali eo oa bona o nyetsoe ke mohlanka ea tšepahalang oa Jehova, ’me ba sebeletsa Molimo hammoho ka cheseho. Ha ke ntse ke ithuta Bibele le lelapa le leng le leholo, ke ile ka khahloa ke matla a Lentsoe la Molimo. Ka mor’a ho bala litemana tse ’maloa tse bontšang hore Molimo ha a amohele borapeli ba litšoantšo, ’mè oa lelapa leo ha aa ka a emela le hore thuto e fele. O ile a lahla hona hoo litšoantšo tsohle tse teng ka tlung ka moo!
Ho ba Likotsing Leoatleng
Ha ke ea Greece ke tloha Italy le ha ke khutla ke ne ke atisa ho tsamaea ka sekepe. Hangata ho ne ho thabisa ho tsamaea ka sekepe. Empa leeto leo ke ileng ka le nka ka 1971, e ile ea e-ba le fapaneng le a mang. Ke ne ke khutlela Italy ke tsamaea ka sekepe se bitsoang Heleanna. Mesong ea la 28 August, mollo o ile oa qhoma ka kichineng ea sekepe seo. Mollo oo oa nama ’me baeti le bona ba tšoha. Basali ba akheha, bana ba lla, ’me banna bona ba komakoma. Batho ba mathela liketsoaneng tsa pholoso lehlakoreng le leng la sekepe. Ho ne ho e-na le liaparo tse seng kae feela tsa pholoso, ’me ntho e sebelisoang ho theolela liketsoana tsa pholoso ka leoatleng e ne e sa sebetse. Ke ne ke se na seaparo sa pholoso, empa malakabe ’ona a ne a ntse a phahama, ’me ntho feela e utloahalang eo ke neng nka e etsa e ne e le ho itahlela ka leoatleng.
Ha ke qeta ho itihela ka metsing, ka bona mosali e mong ea apereng seaparo sa pholoso a phaphametse haufi le ’na. Ho ne ho bonahala eka ha a tsebe ho sesa, kahoo ka mo tšoara ka letsoho ka mo hulela thōkoana le sekepe se tebang. Leoatle le ne le befile, ’me ke felile ke mokhathala ke ho leka ho lula ke phaphametse. Boemo bo ne bo sa tšepise, empa ka ’na ka kōpa Jehova hore a mphe sebete, ’me seo sa ’matlafatsa. Ketsahalo eo e ile ea nkhopotsa phihlelo ea moapostola Pauluse ha a ne a robehetsoe ke sekepe.—Liketso, khaolo ea 27.
Ke ile ka qeta lihora tse ’nè ke loana le maqhubu ke itšoarelelitse ka mosali eo, ke sesa ha ke e-na le matla a ho sesa ke bile ke ntse ke ipiletsa ho Jehova hore a nthuse. Qetellong, ke ile ka bona seketsoana se seng se atamela. Ke ile ka pholosoa, empa mosali eo o ne a se a hlokahetse. Ha re fihla motseng oa Bari, Italy, ke ile ka isoa sepetlele, ’me ka fuoa thuso ea pele. Ke ile ka tlameha ho qeta matsatsi a ’maloa ke le sepetlele, ’me Lipaki tse ’maloa tsa nketela ha ke le moo, li ntlhokomela ka mosa ka sohle seo ke se hlokang. Lerato la Bokreste leo li ileng tsa le bontša le ile la khahla ka ho teba ba bang bao ke neng ke e-na le bona ka kamoreng ea sepetlele.b
Ha ke se ke hlaphohetsoe ka ho feletseng, ke ile ka abeloa ho ea Roma. Ke ile ka kōpuoa ho sebetsa tšimo ea khoebo e bohareng ba motse, eo ka thuso ea Jehova ke e sebelitseng ka lilemo tse hlano. Ke ile ka thabela ho qeta lilemo tse 20 ka kakaretso ke sebeletsa Italy, ’me ke ile ka tloaela batho ba Italy le ho ba rata haholo.
Ke Khutlela Moo ke Qalileng Teng
Ha nako e ntse e-ea, ho kula ha Ariadne le monna oa hae ho ile ha mpefala. Ke ile ka hlokomela hore haeba ke lula haufi le bona, nka khona ho ba buseletsa ka tekanyo e itseng sohle seo ba nketselitseng sona ka lerato. Leha ho le joalo ke ne ke saretsoe haholo ha ke tloha Italy. Empa barab’abo rōna ba ikarabellang ba ne ba ntumeletse ho etsa seo, ’me ho qala lehlabuleng la 1985, ka bula maliboho Athene, hona moo ke qalileng tšebeletso ea ka ea nako e tletseng teng morao koana ka 1947.
Ke ne ke paka tšimong e abetsoeng phutheho ea heso, ’me ke ile ka kōpa barab’abo rōna ba ofising ea lekala hore ke pake le tšimong ea khoebo e bohareng ba motse. Ke e sebelitse ka lilemo tse tharo le pula-maliboho e mong. Re ile ra khona ho fana ka bopaki bo feletseng ho batho bao hangata ba sa fumaneheng malapeng.
Ha nako e ntse e feta, takatso ea ka ea ho sebeletsa e ntse e nchafala, empa ke ntse ke felloa ke matla ’meleng. Hona joale mohats’a Ausi o ithobaletse lefung. Ariadne, ea bileng joaloka ’mè ho ’na ha a sa bona. Ha e le ’na ke ne ke phela hantle ha ke ntse ke le tšebeletsong ea nako e tletseng. Empa morao tjena ke ile ka oa litepising tsa ’mabole eaba ke robeha letsoho le letona. Ka boela ka oa ’me ka robeha noka. Ke ile ka tlameha ho buuoa le ho qeta nako e telele ke le betheng. Hona joale ha ke sa khona ho tsamaea hantle. Ke se ke ikokotlela ka molamu ’me ke tsoa feela haeba ho na le motho eo ke tsamaeang le eena. Leha ho le joalo, ke etsa sohle se matleng a ka, ke tšepa hore boemo ba ka ba ’mele bo tla ntlafala. Ho kopanela mosebetsing oa ho ruta Bibele, esita le haeba e le ka tsela e fokolang feela ho ntse ho nthabisa le ho nkhotsofatsa.
Ha ke hopola lilemo tse thabisang tseo ke li qetileng ke le tšebeletsong ea nako e tletseng, pelo ea ka e tlala kananelo e khaphatsehang ka Jehova. Ke fumana tataiso e tšepahalang le thuso e babatsehang ho Jehova le mokhatlong oa hae o hlophisitsoeng o lefatšeng, e ’nolofalelitseng ho etsa sohle se matleng a ka ho sebelisa bophelo ba ka ho mo sebeletsa. Ke lakatsa ka tieo hore Jehova a ’matlafatse e le hore ke tsoele pele ho mo sebeletsa. Ke thabetse karolo e nyenyane eo ke bileng le eona mosebetsing oa ho ruta Bibele o etsoang lefatšeng lohle oo a o tsamaisang.—Malakia 3:10.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1995 (ea Senyesemane), leqepheng la 73-89, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
b Ho fumana lintlha tse eketsehileng, bona Tsoha! (ea Senyesemane) ea February 8, 1972, leqepheng la 12-16.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ke ’na le ausi oa ka, Ariadne le monna oa hae, Michalis, ha ke ne ke ea Gileade
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
’Na le Ruth Hemmig re ile ra abeloa ho ea Istanbul, Turkey
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Italy, mathoasong a lilemo tsa bo-1970
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Ke ’na le ausi oa ka Ariadne, kajeno