Pale ea Bophelo
Ho Sebeletsa ka Thabo ho sa Tsotellehe ho Kula
JOALOKAHA HO BOLETSE VARNAVAS SPETSIOTIS
Ka 1990, ha ke le lilemo li 68, ’mele oa ka o ile oa shoa litho ka ho feletseng. Leha ho le joalo, ka lilemo tse ka bang 15 ho fihlela joale, ke ’nile ka sebeletsa ka thabo ke le mosebeletsi oa nako e tletseng sehlekehlekeng sa Cyprase. Ke’ng se ’matlafalitseng hore ke lule ke le mafolofolo tšebeletsong ea Jehova ho sa tsotellehe ho kula?
KE HLAHETSE lelapeng la bana ba robong—bashemane ba bane le banana ba bahlano—ka la 11 October, 1922. Re ne re lula motseng oa Xylophagou, Cyprase. Le hoja batsoali ba ka ba ne ba batla ba ruile, ho hōlisa lelapa le leholo joalo ho ne ho akarelletsa ho sebetsa ka thata masimong.
Ntate, Antonis, ka tlhaho e ne e le motho ea ratang ho ithuta a bile a rata ho botsa lipotso haholo. Nakoana ka mor’a hore ke hlahe, Ntate o ile a etela tichere ea sekolo ea motseng moo, eaba o bona pampitšana e nang le sehlooho se reng Peoples Pulpit, e neng e hatisoa ke Liithuti Tsa Bibele (kaha Lipaki Tsa Jehova li ne li bitsoa joalo nakong eo). O ile a qala ho e bala, ’me kapele o ile a angoa ka ho teba ke litaba tsa eona. Ka lebaka leo, Ntate le motsoalle e mong oa hae ea bitsoang Andreas Christou, ba ile ba e-ba har’a ba pele sehlekehlekeng seo ba ileng ba kopanela le Lipaki Tsa Jehova.
Keketseho ho sa Tsotellehe Khanyetso
Hamorao, bobeli ba bona ba ile ba fumana libuka tse eketsehileng tse buang ka Bibele tse neng li e-tsoa ho Lipaki Tsa Jehova. Ka potlako, Ntate le Andreas ba ile ba susumelletseha hore ba bolelle baahelani ba bona motseng moo linnete tsa Bibele tseo ba neng ba ithuta tsona. Mosebetsi oo oa boboleli o ile oa tsosa khanyetso e matla ea baruti ba Greek Orthodox le ba bang ba neng ba nahana hore Lipaki Tsa Jehova li tlisa tšusumetso e kotsi.
Batho ba bangata motseng moo ba ne ba hlompha mesuoe ena e ’meli ea Bibele. Ntate o ne a tsebahala haholo ka ho ba mosa le ho fana. Hangata o ne a thusa malapa a futsanehileng. Ka linako tse ling o ne a nyonyoba le bosiu a tloha lapeng ebe o beha koro kapa bohobe monyako malapeng a bahloki. Boitšoaro bo joalo ba boitelo ba Bokreste bo ile ba etsa hore molaetsa oa basebeletsi bana ba babeli o ratehe le ho feta.—Matheu 5:16.
Phello e bile hore batho ba bangata ba thahaselle molaetsa oa Bibele. Ha kutloisiso ea bona ea ’nete e ntse e hōla, ba ile ba utloa ho hlokahala hore ba tšoarele liboka malapeng a sa tšoaneng hore ba ithute Bibele e le sehlopha. Hoo e ka bang ka 1934, Nikos Matheakis, e leng mosebeletsi oa nako e tletseng ea neng a tsoa Greece, o ile a fihla Cyprase ’me a kopanela le sehlopha sa Xylophagou. Ka mamello le boikemisetso, Mor’eso Matheakis o ile a thusa hore ho hlophisoe sehlopha seo ’me a se thusa hore se utloisise Mangolo haholoanyane. Hamorao, sehlopha sena e ile ea e-ba phutheho ea pele ea Lipaki Tsa Jehova tsa Cyprase.
Ha mosebetsi oa Bokreste o ntse o hatela pele ’me batho ba bangata ba amohela ’nete ea Bibele, barab’abo rōna ba ile ba hlokomela hore ho hlokahala sebaka seo ho tšoareloang liboka ho sona kamehla. Moholoane oa ka e moholo, e leng George, hammoho le mosali oa hae, Eleni, ba ile ba fana ka sebaka seo ba neng ba boloka thepa ka ho sona. Sebaka sena se neng se le haufi le lehae la bona, se ile sa lokisoa ’me sa fetoloa hore se lokele ho tšoarela liboka. Kahoo barab’abo rōna ba ile ba e-ba le Holo ea ’Muso ea pele sehlekehlekeng seo. Ba ile ba thaba hakaakang! Ruri seo se ile sa etsa hore ho be le khōlo e eketsehileng!
Ho Etsa Hore ’Nete e be ea Ka
Ka 1938, ha ke le lilemo li 16, ke ile ka etsa qeto ea ho ba ’metli oa mapolanka. Kahoo, Ntate o ile a nthomela motse-moholo oa Cyprase, e leng Nicosia. Ka lebaka la ponelo-pele ea hae, o ile a lokisetsa hore ke e’o lula le Nikos Matheakis. Ba bangata sehlekehlekeng sena ba ntse ba hopola mora enoa oabo rōna ea tšepahalang ka cheseho ea hae le ho thabela ha hae ho amohela baeti. Cheseho e totobetseng eo a neng a e-na le eona le sebete e ne e le litšobotsi tse hlokahalang ho Mokreste leha e le ofe Cyprase matsatsing ao a pele.
Mor’eso Matheakis o ile a nthusa haholo hore ke be le tsebo e tebileng ea Bibele ’me ke hatele pele moeeng. Ha ke ntse ke lula le eena, ke ne ke e-ba teng libokeng tsohle tse neng li tšoareloa ha hae. Ke ile ka qala ho utloa ka lekhetlo la pele hore lerato la ka ho Jehova lea hōla. Ke ile ka ikemisetsa hore ke be le kamano e nang le morero le Molimo. Ka mor’a likhoeli tse seng kae, ke ile ka botsa Mor’eso Matheakis hore na nka ea le eena tšebeletsong ea tšimo. E ne e le ka 1939.
Ka mor’a nako e itseng, ke ile ka khutlela hae hore ke etele lelapa leso. Ho ba le Ntate ka nakoana ho ile ha nkholisa le ho feta hore ke ne ke fumane ’nete le morero oa bophelo. Ka September 1939, Ntoa ea II ea Lefatše e ile ea qhoma. Bahlankana ba bangata bao e leng lithaka tsa ka ba ile ba ithaopela ho ea ntoeng, empa ’na ke ile ka etsa qeto ea ho lula ke sa jele paate, ke latela taelo ea Bibele. (Esaia 2:4; Johanne 15:19) Selemong sona seo, ke ile ka inehela ho Jehova ’me ka kolobetsoa ka 1940. Ka lekhetlo la pele, ke ile ka ikutloa ke se ke sa tšabe motho ho hang!
Ka 1948, ke ile ka nyala Efprepia. Re ile ra hlohonolofatsoa ka bana ba bane. Kapele, re ile ra lemoha hore re ne re tlameha ho sebetsa ka thata hore re ba hōlise “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” (Baefese 6:4) Lithapelo tseo re neng re li etsa le boiteko ba rōna li ne li reretsoe hore re kenye ka ho bana ba rōna lerato le tebileng la ho rata Jehova le ho hlompha melao ea hae le melao-motheo.
Ho Kula ho Mpakela Mathata
Ka 1964, ha ke le lilemo li 42, ke ile ka qala ho utloa letsoho la ka le letona le leoto li ba shoohlo. Butle-butle, boshoohlo boo bo ile ba namela ka lehlakoreng le letšehali. Lingaka li ile tsa hlokomela hore ke tšoeroe ke lefu la ho fokola mesifa, e leng lefu le sa phekoleheng leo qetellong le bakang ho shoa litho ka ho feletseng. Ke ile ka tšoha haholo ha ke utloa seo. Ho ile ha bonahala boemo bona bo etsahala kapele ebile e le ka tšohanyetso! Ke sithabetsoe ke khalefo le ho teneha, ke ile ka ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha see se etsahetse ho ’na? Ebe molato oa ka ke ofe?’ Leha ho le joalo, hamorao ke ile ka hlōla tšabo eo ke neng ke e-na le eona qalong ha ke utloa hore na ke tšoeroe ke eng. Joale ke ile ka apareloa ke matšoenyeho le lipelaelo. Kelello ea ka e ne e bala-bala, ke ipotsa ntho li hana ho fela. Na ke ne ke tla shoa litho ka ho feletseng ’me ke itšetlehe ka batho ba bang kahohle? Ke ne ke tla sebetsana le boemo boo joang? Na ke ne ke tla tseba ho hlokomela lelapa la ka—mosali oa ka le bana ba rōna ba bane? Ke ne ke utloa bohloko haholo ha ke nahana ka lintho tseo.
Nakong ena e mahlonoko ho feta leha e le neng pele bophelong ba ka, ke ile ka utloa ho hlokahala hore ke rapele Jehova ka tieo eohle ’me ke mo bolelle lintho tsohle tseo ke amehileng ka tsona le tse mpakelang matšoenyeho. Ke ne ke rapela bosiu le motšehare ke tletse meokho. Kapele ke ile ka utloa ke tšeliseha. Mantsoe a thobang a Bafilipi 4:6, 7 a ile a phethahala ka ho toba ho ’na: “Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.”
Ho Sebetsana le Bokuli ba ho Shoa Litho
Ho kula ha ka ho ile ha mpefala ho ea pele. Ke ile ka hlokomela hore ke ne ke lokela ho ikamahanya kapele le maemo a ka a macha. Kaha ke ne nke ke ka tsoela pele ho sebetsa ke le ’metli oa mapolanka, ke ile ka etsa qeto ea ho fumana mosebetsi o batlang o le bobebe o neng o tšoanela boemo ba ’mele oa ka le o neng o ’nolofalletsa ho hlokomela lelapa la ka. Qalong, ke ne ke rekisa ice cream ka koloi e nyenyane. Ke ile ka etsa mosebetsi oo ka lilemo tse ka bang tšelela ho fihlela boloetse ba ka bo ntlama hore ke tsamaee ka setulo sa batho ba holofetseng. Eaba joale ke etsa mesebetsi e bobebe eo ke neng ke e khona.
Ho tloha ka 1990, bophelo ba ka bo ile ba mpefala hoo ke sa khoneng ho etsa mosebetsi leha e le ofe oa ho iphelisa. Hona joale ke itšetlehile ka ho feletseng ka batho ba bang hore ba nthuse ka mesebetsi e tloaelehileng ho motho ea phelang hantle ’meleng. Ke hloka ho thusoa ka ho robatsoa betheng, ka ho itlhatsoa le ka ho apara. Hore ke ee libokeng tsa Bokreste, ke lokela ho isoa koloing ka setulo sa batho ba holofetseng ebe joale ke theoloa setulong seo ’me ke kenngoa ka koloing. Ha ke fihla Holong ea ’Muso, ke lokela ho kakasoa ke ntšoe ka koloing ebe ke behoa setulong sa batho ba holofetseng ebe joale ke khannoa ka sona hore ke kene ka Holong. Ha liboka li ntse li tsoela pele, ke beha sefuthumatsi sa motlakase pel’a ka hore se mphuthumatse maoto.
Ho sa tsotellehe hore ebe ke shoele litho joalo, ke ba teng kamehla libokeng tsohle. Kea utloisisa hore ke hona teng moo Jehova a re rutang, ’me ho ba le bara le barali beso ba moea ke setšabelo sa ’nete le mohloli oa tšehetso le khothatso. (Baheberu 10:24, 25) Ho eteloa khafetsa ke balumeli-’moho le ’na ba hōlileng tsebong ho ’nile ha nthusa kamehla. Ruri ke ikutloa joaloka Davida ha a ne a re: “Senoelo sa ka se tletse.”—Pesaleme ea 23:5.
Mosali oa ka ea ratehang e bile mothusi ea babatsehang ka lilemo tsena tsohle. Bana ba ka le bona ba nthusitse haholo. Ka lilemo tse ’maloa ho fihlela joale, ba ’nile ba nthusa ka lintho tseo ke li hlokang letsatsi le letsatsi. Seo ba se etsang ha se bonolo, kaha ho ntlhokomela ho ntse ho e-ba boima le ho feta ha lilemo li ntse li feta. Ruri ba beha mohlala o motle oa ho hlaolela mamello le ho ikitlaetsa, ’me ke rapella hore Jehova a tsoele pele ho ba hlohonolofatsa.
Tokisetso e ’ngoe e hlollang eo Jehova a matlafatsang bahlanka ba hae ka eona ke thapelo. (Pesaleme ea 65:2) E le ha Jehova a arabela likōpo tsa ka tse tiileng tse tlohang botebong ba pelo, o mphile matla a hore ke tsoele pele tumelong ka lilemo tsena tsohle. Haholo-holo ha ke nyahame, thapelo ea nkhatholla ebile e nthusa hore ke lule ke thabile. Ho buisana le Jehova kamehla hoa nkhatholla ’me ho nchafatsa boikemisetso ba ka ba hore ke tsoele pele. Ke kholisehile ka botlalo hore Jehova o utloa lithapelo tsa bahlanka ba hae ’me o ba fa khotso ea kelello eo ho hlokahalang hore ba be le eona.—Pesaleme ea 51:17; 1 Petrose 5:7.
Habohlokoa le ho feta ke hore nako le nako ke ba morolo ha ke hopola hore qetellong Molimo o tla phekola bohle ba tla hlohonolofatsoa ka ho fumana bophelo Paradeiseng pusong ea ’Muso ea Mor’a hae, Jesu Kreste. Ka makhetlo a ’maloa meokho ea thabo e ’nile ea keleketla sefahlehong sa ka ha ke nahana ka tšepo eo e hlollang.—Pesaleme ea 37:11, 29; Luka 23:43; Tšenolo 21:3, 4.
Ho ba Mosebeletsi oa Nako e Tletseng
Hoo e ka bang ka 1991, ka mor’a hore ke sekaseke boemo ba ka, ke ile ka hlokomela hore tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho qoba ho nahana haholo ka boemo ba ka, ke hore ke lule ke tšoarehile ka ho bolella ba bang litaba tse molemo tsa bohlokoa tsa ’Muso. Selemong seo, ke ile ka qala ho ba mosebeletsi oa nako e tletseng.
Kaha ke holofetse, ke etsa boholo ba mosebetsi oa ka oa ho paka ka ho ngola mangolo. Leha ho le joalo, ha ho bonolo ho ’na hore ke ngole mangolo; ho hloka boiteko bo matla. Ke thatafalloa ke ho tšoara pene hore e tiee ka letsohong, kaha mesifa ea letsoho la ka ea fokola. Empa ka lebaka la ho tiisetsa le ho rapela, ke ’nile ka paka ka ho ngola mangolo ka lilemo tse fetang 15 ho fihlela joale. Ke boetse ke sebelisa thelefono hore ke bolelle batho litaba tse molemo. Ha ho mohla ke tlohelang monyetla oa ho bua le beng ka ’na, metsoalle le baahelani ba nketelang lapeng, ka tšepo eo ke nang le eona ea lefatše le lecha la Paradeise.
Ka lebaka leo, ke bile le liphihlelo tse ngata tse khothatsang. Ke ile ka thaba haholo ha ke bona e mong oa litloholo tsa ka, eo ke ithutileng Bibele le eena lilemong tse 12 tse fetileng a hatela pele moeeng ’me a ananela ’nete ea Bibele. Ka lebaka la ho susumetsoa ke letsoalo la hae le koetlisitsoeng ke Bibele, o lutse a tšepahala a bile a tiile tabeng ea ho ba Mokreste ea sa nkeng lehlakore litabeng tsa lefatše.
Ke thaba haholo ha batho bao ke ba ngollang ba ikopanya le ’na hore ba utloe litaba tse ling hape tse buang ka Bibele. Ka linako tse ling, ba bang ba kōpa lingoliloeng tse eketsehileng tse buang ka Bibele. Ka mohlala, mosali e mong o ile a ntetsetsa mohala ’me a nteboha ka lengolo le khothatsang leo ke neng ke le ngoletse monna oa hae. O ile a utloa litaba tse lengolong leo li le monate haholo. Sena se ile sa etsa hore re buisane hangata le eena ka Bibele hammoho le monna oa hae re le ha ka.
Pono e Khanyang
Ha lilemo li ntse li feta, ke bone ha palo ea bahoeletsi ba ’Muso e eketseha karolong ena ea lefatše. Holo ea ’Muso e nyenyane e pel’a ntlo ea mor’eso George e ’nile ea atolosoa le ho nchafatsoa ka makhetlo a mangata. Ke sebaka se setle sa borapeli, ’me e sebelisoa ke liphutheho tse peli tsa Lipaki Tsa Jehova.
Ntate o ile a hlokahala ka 1943, a le lilemo li 52. Empa o siile lefa la sebele la moea! Ba robeli ho bana ba hae ba ile ba amohela ’nete ’me ba ntse ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova. Motseng oa Xylophagou, moo Ntate a hlahetseng teng, le metseng e haufi le oona, hona joale ho na le liphutheho tse tharo, tseo ka kakaretso li nang le bahoeletsi ba ’Muso ba 230!
Liphello tse ntle joalo li ’nile tsa nthabisa haholo. Hona joale, ha ke le lilemo li 83, ke pheta ka kholiseho mantsoe a mopesaleme ha a ne a re: “Litaoana tse moetse li fumane ho honyenyane ’me li lapile; empa ha e le ba batlang Jehova, ba ke ke ba haelloa ke letho le molemo.” (Pesaleme ea 34:10) Ke letetse ka cheseho nakong eo ho phethahalang boprofeta bo tlalehiloeng ho Esaia 35:6, bo reng: “Ka nako eo ea holofetseng o tla tlōla joalokaha khama e tona e tlōla.” Ho fihlela nakong eo, ke ikemiselitse ho tsoela pele ke sebeletsa Jehova ka thabo ho sa tsotellehe ho kula.
[’Mapa o leqepheng la 17]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
TURKEY
SYRIA
LEBANONE
CYPRASE
Nicosia
Xylophagou
Leoatle la Mediterranean
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Holo ea pele ea ’Muso ea Xylophagou, e ntse e sebelisoa le kajeno
[Litšoantšo tse leqepheng la 18]
Ke na le Efprepia ka 1946 le kajeno
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Ke thabisoa ke ho paka ka thelefono le ho ngola mangolo