Re ne re sa Tšoha—Jehova o ne a E-na le Rōna
Joalokaha ho boletse Egyptia Petridou
Ka 1972, Lipaki tsa Cyprus li ile tsa bokana Nicosia ho ea mamela puo e khethehileng e neng e fanoa ke Nathan H. Knorr, eo e neng e le khale a eteletse pele mosebetsing oa Lipaki Tsa Jehova. O ile a ntseba hang-hang, ’me le pele ke ipolela, o ile a mpotsa: “Na u re tšoaretse litaba tse tsoang Egepeta?” Ke ne ke ile ka kopana le Mor’abo rōna Knorr lilemo tse 20 pele ho moo motseng oa heso oa Alexandria, Egepeta.
KE HLAHETSE Alexandria ka la 23 January, 1914, ke le ngoana e moholo baneng ba bane. Ha rea hōlela hōle le leoatle. Ka nako eo, Alexandria e ne e le motse o motle o nang le batho ba tsoang lichabeng tse ngata, o tummeng ka mehaho ea oona le histori ea oona. Kaha batho ba Europe ba ne ba tsoakana le Maarabo, rōna bana re ile ra ithuta ho bua Searabe, Senyesemane, Sefora le Setaliana, hammoho le puo ea lapeng, e leng Segerike.
Ka mor’a ho qeta lithuto tsa ka tsa sekolo, ke ile ka fumana mosebetsi moo ho neng ho rokoa liaparo tsa feshene tsa Sefora, moo ke ileng ka ba motlotlo ka ho qapa le ho rokela basali ba maemo mese ea liketsahalo tse khethehileng. Ke ne ke boetse ke chesehela bolumeli haholo ’me ke ne ke rata ho bala Bibele, le hoja ke ne ke sa e utloisise hakaalo.
Nakong eo—bohareng ba bo-1930—ke ile ka kopana le mohlankana e mong ea molemo, eo e neng e le letsoalloa la Cyprus. Theodotos Petrides e ne e le setsebi sa papali ea ho betana, empa o ne a boetse a ithutile mosebetsi oa ho baka ’me o ne a hiriloe lebakeng le tummeng. Theodotos o ile a nthata ke le kakachelana e moriri o motšo. Hangata o ne a mpinela lipina tsa lerato tsa Segerike a le tlas’a fensetere ea ka. Re ile ra nyalana ka la 30 June, 1940. Ho ne ho le monate mehleng eo. Re ile ra lula foleteng e ka tlas’a ea ’Mè. Ngoana oa rōna oa matsibolo, e leng John, o ile a hlaha ka 1941.
Ke Ithuta Linnete Tsa Bibele
E ne e se e le nako e telele Theodotos a sa khotsofala ke bolumeli ba rōna, ’me o ne a botsa lipotso tse mabapi le Bibele. Lipaki Tsa Jehova li ne li qalile ho ithuta Bibele le eena ke sa tsebe. Ka letsatsi le leng, ha ke ntse ke e-na le ngoana oa rōna lapeng, mosali e mong o ile a kokota monyako eaba o mpha karete e nang le molaetsa oa Bibele. E le hore ke se ke ka mo soabisa, ke ile ka ema eaba kea e bala. Ka mor’a moo o ile a mpha lingoliloeng tsa Bibele. Ke ile ka makala hobane li ne li tšoana hantle le libuka tseo Theodotos a neng a tlile le tsona lapeng!
Ke ile ka re, “Ke na le tsona libuka tsena. Ke kōpa u kene ka tlung.” Ka ho panya ha leihlo feela ke ile ka botsa Paki ena, e leng Eleni Nicolaou, lipotso tse ngata. O ile a nkaraba ka Bibele a sa mphelle pelo. Ke ile ka rata ha a etsa joalo. Kapele feela ke ile ka qala ho utloisisa molaetsa oa Bibele. Nakong eo re ileng ra kha moea moqoqong oa rōna, Eleni o ile a bona foto ea monna oa ka. O ile a re, “Ke tseba mohlomphehi enoa!” Ke ile ka makala ho tseba hore Theodotos o ne a ntse a ithuta Bibele. Theo o ne a ntšiea ha a e-ea libokeng tsa Bokreste—a sa mpolelle le ho mpolella! Ha Theodotos a fihla lapeng letsatsing leo, ke ile ka re ho eena: “Bekeng ena ke ea le uena sebakeng seo u neng u ile ho sona ka Sontaha se fetileng!”
Sebokeng sa pele seo ke ileng ka ea ho sona, sehlopha sa batho ba ka bang leshome se ne se tšohla buka ea Bibele ea Mikea. Ke ile ka mamela ka hloko ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ho tloha ka nako eo, ka Labohlano le leng le le leng mantsiboea, George le Katerini Petraki ba ne ba re etela ho tla ithuta Bibele le rōna. Ntate le banab’eso ba bangata ba ne ba re hanyetsa ha re ithuta le Lipaki, empa ’nake eena o ne a utloisisa, le hoja e sa ka ea e-ba Paki. Leha ho le joalo, ’Mè eena o ile a amohela ’nete ea Bibele. Ka 1942, ’na, ’Mè le Theodotos, re ile ra kolobetsoa leoatleng Alexandria e le ho bontša hore re inehetse ho Jehova.
Bophelo ba Rōna bo ba le Mathata
Ka 1939, ho ile ha qhoma Ntoa ea II ea Lefatše, ’me e ile ea tota ka potlako. Mathoasong a bo-1940, Erwin Rommel, e leng Molaoli oa Mabotho a Jeremane le mabotho a hae ba ne ba le haufi le El Alamein, ’me Alexandria e ne e tletse masole a Brithani. Re ile ra boloka lijo tse ngata tse omelelitsoeng. Nakong eo Theodotos o ile a kōptjoa hore a hlokomele lebaka la mong’a hae le lecha le neng le le Port Taufiq, haufi le Suez, kahoo re ile ra fallela moo. Lipaki tse peli tse buang Segerike li ile tsa qala ho re batla. Le hoja li ne li sa tsebe hore na re lula hokae, li ile tsa bolela ka ntlo le ntlo ho fihlela li re fumana.
Ha re ntse re le Port Taufiq, re ile ra ithuta Bibele le Stavros le Giula Kypraios le bana ba bona e leng, Totos le Georgia, ’me e ile ea e-ba metsoalle ea rōna ea hlooho ea khomo. Stavros o ne a thabela ho ithuta Bibele haholo hoo a neng a khutlisetsa manaka a lioache tsa ntlo ea hae morao ka hora e le hore re siuoe ke terene ea ho qetela eo re neng re lokela ho khutlela hae ka eona, ’me seo se ne se re tlama hore re lule nako e eketsehileng. Lipuisano tsa rōna li ne li tsoela pele ho fihlela ka khitla.
Re ile ra lula Port Taufiq ka likhoeli tse 18, tseo ka mor’a tsona re ileng ra khutlela Alexandria ka lebaka la ho kula ha ’Mè. O ile a hlokahala ka 1947, a ntse a tšepahala ho Jehova. Re ile ra boela ra utloa kamoo Jehova a neng a re khothatsa kateng ka setsoalle se matlafatsang sa metsoalle ea rōna ea Bakreste ba hōlileng tsebong. Re ne re boetse re khona ho amohela baromuoa ba neng ba le tseleng ea ho ea likabelong tsa bona linaheng lisele ha likepe tsa bona li ne li emisa ka nakoana Alexandria.
Thabo le Mathata
Ka 1952, ke ile ka beleha mora oa rōna oa bobeli, e leng James. Joaloka batsoali, re ile ra bona bohlokoa ba ho hōlisetsa bana ba rōna tikolohong e neng e ka ba thusa moeeng, kahoo re ile ra bula lehae la rōna hore e be sebaka seo ho tšoareloang liboka ho sona kamehla ebile hangata re ne re amohela baboleli ba nako e tletseng. Kahoo, mora oa rōna e moholo, John, o ile a rata ’nete ea Bibele, ’me le hoja a ne a sa ntsane a le lilemong tse bohareng tsa bocha, o ile a qala ho sebetsa e le pula-maliboho. Ka nako e tšoanang, o ile a kena sekolo sa bosiu hore a qetele thuto ea hae ea lefatše.
Nakoana ka mor’a moo, ho ile ha fumaneha hore Theodotos o ne a tšoeroe ke lefu le lebe la pelo ’me o ile a eletsoa hore a tlohele mosebetsi oo a neng a o etsa. Mora oa rōna James o ne a e-na le lilemo tse ’nè feela. Re ne re tla etsa joang? Na Jehova o ne a sa tšepisa: “U se ke ua tšoha, kaha ke na le uena”? (Esa. 41:10) Nahana feela hore na re ile ra makala le ho thaba hakaakang ka 1956 ha re kōptjoa hore re e’o sebetsa re le bo-pula-maliboho Ismailia, haufi le Suez Canal! Ho ile ha e-ba le pherekano lilemong tse latelang Egepeta, ’me barab’abo rōna ba ne ba hloka ho khothatsoa.
Ka 1960 re ile ra tlameha ho tloha Egepeta e mong le e mong oa rōna a nkile sutuk’heise e le ’ngoe feela. Re ile ra ea Cyprus, sehlekehlekeng sa habo monna oa ka. Nakong ena, Theodotos o ne a kula haholo ’me o ne a sa khone ho sebetsa. Leha ho le joalo, mor’abo rōna e mong ea mosa oa Mokreste le mosali oa hae ba ile ba re fa bolulo lehaeng la bona. Ka masoabi, lilemo tse peli hamorao monna oa ka o ile a hlokahala, ’me ke ile ka sala ke le mong le James e monyenyane. John le eena o ne a ile a tla Cyprus, ’me o ne a nyetse a bile a e-na le lelapa la hae leo a neng a lokela ho le hlokomela.
Ho Hlokomeloa Linakong Tsa Mathata
Nakong eo, Stavros le Dora Kairis ba ile ba re fa bolulo ka tlung ea bona. Ke ile ka khumama eaba ke leboha Jehova ka hore a boele a re thuse ka seo re se hlokang. (Pes. 145:16) Ha Stavros le Dora ba etsa qeto ea ho rekisa ntlo ea bona le ho haha e ncha e nang le Holo ea ’Muso mokatong o ka tlaase, ka mosa ba ile ba haha ntlo e ’ngoe e nyenyane ea likamore tse peli hore ’na le James re lule ho eona.
Qetellong, James o ile a nyala, ’me eena le mosali oa hae ba ile ba sebetsa e le bo-pula-maliboho ho fihlela ho tsoaloa ngoana oa bona oa pele baneng ba bane. Ka 1974, lilemo tse peli ka mor’a leeto le sa lebaleheng la Mor’abo rōna Knorr, ho ile ha e-ba le morusu oa lipolotiki Cyprus.a Batho ba bangata, ho akarelletsa le Lipaki, ba ile ba baleha malapeng a bona ’me ba tlameha ho fallela libakeng tse ling. Mora oa ka John e ne e le e mong oa bona. O ile a fallela Canada le mosali oa hae le bana ba hae ba bararo. Leha ho le joalo, ka nako e tšoanang re ile ra thabela ho bona keketseho palong ea bahoeletsi ba ’Muso Cyprus.
Ha ke qala ho fumana penshene, ke ile ka khona ho kopanela ka botlalo tšebeletsong. Empa lilemong tse ’maloa tse fetileng, ke ile ka otloa ke stroke hanyenyane ’me ke ile ka ea lula le mora oa ka James le lelapa la hae. Hamorao, ha ke se ke kula haholo, ke ile ka kena sepetlele ka libeke tse seng kae ’me ka mor’a moo ka isoa lehaeng la batho ba hlokang tlhokomelo. Le hoja ke opeloa hangata, ke pakela baoki, bakuli le baeti. Ke boetse ke qeta lihora tse ngata ke ithuta moo ke leng mong ’me, ka thuso e lerato ea barab’eso, ke khona ho ba teng Thutong ea Buka ea Phutheho e haufi.
Ho Fumana Matšeliso Lilemong Tsa Botsofali
Kea tšeliseha ha ke utloa litaba tse mabapi le batho bao ’na le Theodotos re ileng ra ba le monyetla oa ho ba thusa. Boholo ba bana ba bona le litloholo tsa bona ba tšebeletsong ea nako e tletseng—ba bang ba sebeletsa Australia, Canada, Engelane, Greece le Switzerland. Kajeno, mora oa ka John le mosali oa hae ba lula Canada le mora oa bona. Morali oa bona e moholo le monna oa hae ke bo-pula-maliboho. Morali oa bona e monyenyane le monna oa hae, e leng Linda le Joshua Snape, ba ile ba memeloa ho ea sehlopheng sa bo124 sa Sekolo sa Gileade.
Hona joale mora oa ka James le mosali oa hae ba lula Jeremane. Bara ba bona ba babeli ba sebetsa Bethele—e mong o Athens, Greece, ’me e mong o Selters, Jeremane. Mora oa bona oa ho fela, morali oa bona le monna oa hae, ke bo-pula-maliboho, ’me ba sebeletsa Jeremane.
Ho na le lintho tse ngata hakaakang tseo re tla li bolella ’Mè le moratuoa oa ka Theodotos ha ba tsoha! Ba tla thabela ho bona hore ba ile ba siela lelapa la bona lefa le molemo.b
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sheba Tsoha! ea Senyesemane ea October 22, 1974, leqepheng la 12-15.
b Ha ho ntse ho lokisetsoa hore sehlooho sena se hatisoe, Morali’abo rōna Petridou o ile a hlokahala a le lilemo li 93.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 24]
Re ile ra boela ra utloa kamoo Jehova a neng a re khothatsa kateng ka setsoalle se matlafatsang sa metsoalle ea rōna ea Bakreste ba hōlileng tsebong
[’Mapa o leqepheng la 24]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
CYPRUS
NICOSIA
LEOATLE LA MEDITERRANEAN
EGEPETA
CAIRO
El Alamein
Alexandria
Ismailia
Suez
Port Taufiq
Suez Canal
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Based on NASA/Visible Earth imagery
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
’Na le Theodotos ka 1938
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Mora oa ka James le mosali oa hae
[Setšoantšo se leqepheng la 25]
Mora oa ka John le mosali oa hae