Pale ea Bophelo
Ho Sebeletsa ka Moea oa Boitelo
JOALOKAHA HO BOLETSE DON RENDELL
’Mè o hlokahetse ka 1927 ha ke le lilemo li hlano feela. Leha ho le joalo, tumelo ea hae e ile ea susumetsa bophelo ba ka haholo. See se etsahetse joang?
’MÈ E ne e le Mochache oa popota ha a nyaloa ke Ntate, eo e neng e le lesole. Ke pele ho Ntoa ea I ea Lefatše. Ntoa ea I ea Lefatše e ile ea qhoma ka 1914, ’me ’Mè o ile a hloma moruti potso ea hore na o sebelisetsa’ng sefala e le sebaka sa ho thaothela batho ho ea ntoeng. Moruti o ile a re’ng? O ile a re: “Ikele lapeng, ’me u se ke ua ikopisa hlooho ka lipotso tse joalo!” Sena ha sea ka sa mo khotsofatsa.
Ka 1917, ha ntoa e le mahlo-mafubelu, ’Mè o ile a ea shebella “Photo-Drama of Creation.” A kholisehile hore o fumane ’nete, ka potlako o ile a tlohela kereke ’me a kopanela le Liithuti tsa Bibele, joalokaha Lipaki tsa Jehova li ne li tsejoa joalo ka nako eo. O ne a kopanela phuthehong ea Yeovil, toropong e haufi le motse oa rōna oa West Coker, seterekeng sa Engelane sa Somerset.
Ka potlako ’Mè o ile a bolella barali babo ba bararo tumelo ea hae. Litho tse hōlileng tsa phutheho ea Yeovil li ntlhaloselitse kamoo ’Mè le morali’abo ea bitsoang Millie ka cheseho ba neng ba palama libaesekele ho potoloha tšimo ea rōna e khōlō ea mahaeng, ba aba libuka tsa Studies in the Scriptures tse thusang ho ithuta Bibele. Leha ho le joalo, ka masoabi ’Mè o ile a sitoa ho theoha betheng ka likhoeli tse 18 tsa ho qetela tsa bophelo ba hae a tšoeroe ke lefuba, le neng le se na pheko ka nako eo.
Ho Etsa Liketso Tse Bontšang Boitelo
’Mangoane Millie, ea neng a lula le rōna ka nako eo, o ile a oka ’Mè ha a kula ’me a ntlhokomela hammoho le moholoane oa ka ea lilemo li supileng, Joan. Ha ’Mè a hlokahala, ka potlako ’Mangoane Millie o ile a ithaopela ho re hlokomela. Kaha Ntate o ne a thabetse ho imolloa moroalo ona, o ile a lumela hang-hang hore ’Mangoane Millie a lule le rōna ka nako eohle.
Re ne re se re rata ’Mangoane ’me re ne re thabetse hore ebe o tlil’o lula le rōna. Empa ke hobane’ng ha a ile a etsa qeto e joalo? Lilemo tse ngata hamorao, ’Mangoane Millie o ile a re bolella hore o ne a tseba hore o na le boikarabelo ba ho haha motheong oo ’Mè a neng a o ralile—ho ruta ’na le Joan ’nete ea Bibele—e leng ntho eo a neng a hlokomela hore Ntate a ke ke a e etsa le ka mohla, kaha o ne a sa thahaselle bolumeli.
Hamorao, re ile ra boela ra tseba hore ’Mangoane Millie o ne a entse qeto e ’ngoe eo e leng ea botho haholo. E le hore a tle a re hlokomele ka ho lekaneng, o ne a ke ke a nyaloa. E bile boitelo bo bokaakang! ’Na le Joan re na le mabaka a utloahalang a ho mo leboha ka botebo. Sohle seo ’Mangoane Millie a re rutileng sona le mohlala oa hae o babatsehang li kene ho rōna ka botebo.
Nako ea ho Etsa Qeto
’Na le Joan re ne re kena sekolo sa motse sa Chache moo ’Mangoane Millie a ileng a ema a tiile ho bolella mosuoe-hlooho ka thuto ea rōna ea bolumeli. Ha bana ba bang ba ne ba e-ea kerekeng, re ne re e-ea lapeng, ha moruti a ne a tla sekolong ho tla rera, re ne re lulella hōle le bana ba bang re fuoa Mangolo a Bibele hore re a tšoare ka hlooho. Hamorao sena se ile sa ntsoela molemo, kaha litemana tsena li metse ka metso kelellong ea ka.
Ke ile ka tlohela sekolo ha ke le lilemo li 14 ka morero oa ho ithuta mosebetsi fekthering ea chisi ea sebakeng sa heso ka lilemo tse ’nè. Ke ile ka boela ka ithuta ho bapala piano, ’me ke ile ka itlosa bolutu ka ’mino le tantši ea ballroom. Le hoja ’nete ea Bibele e ne e metse ka metso ka pelong ea ka, e ne e e-s’o be le tšusumetso. Ka letsatsi le leng ka March 1940, Paki e ’ngoe e hōlileng e ile ea nkōpa hore ke ee le eona kopanong Swindon, e bohōle ba lik’hilomithara tse 110. Albert D. Schroeder, molebeli ea okamelang oa Lipaki tsa Jehova Brithani, o ile a fana ka puo ea phatlalatsa. Bophelo ba ka bo ile ba fetoha kopanong eo.
Ntoa ea II ea Lefatše e ne e kupa. Ke ne ke lokela ho etsa ho hong ka bophelo ba ka. Ke ile ka etsa qeto ea ho khutlela Holong ea ’Muso ea Yeovil. Sebokeng sa pele seo ke ileng ka ba ho sona, ho ile ha qalisoa bopaki ba seterateng. Le hoja ke ne ke sa tsebe letho, ke ile ka ithaopela ho nka karolo mosebetsing ona, leha seo se ile sa makatsa batho ba bangata ba neng ba ipitsa metsoalle ba neng ba ntšoma ha ba feta!
Ke ile ka kolobetsoa motseng oa Bristol ka June 1940. Pele khoeli e fela ke ile ka ngolisa ho ba pula-maliboho oa kamehla—e leng moevangeli oa nako e tletseng. Hamorao, ke ile ka thaba hakaakang ha khaitseli ea ka e tšoantšetsa boinehelo ba eona ka ho kolobetsoa metsing!
Ho Bula Maliboho ka Nako ea Ntoa
Selemo ka mor’a hore ntoa e qale, ke ile ka amohela lipampiri tse neng li ntaela hore ke kenele lebotho la ntoa. Kaha ke ne ke ngolisitse joaloka motho ea hanang ho kena sesoleng ka lebaka la letsoalo Yeovil, ke ile ka tlameha ho hlaha ka pel’a lekhotla la toka Bristol. Ke ne ke bula maliboho hammoho le John Wynn, Cinderford, Gloucestershire, ’me ka mor’a moo Haverfordwest le Carmarthen, Wales.a Hamorao, nyeoeng ea lekhotla Carmarthen, ke ile ka ahloleloa likhoeli tse tharo teronkong ea Swansea, ’me ka lefisoa £25 e le kotlo e eketsehileng—eo e neng e le chelete e ngata haholo mehleng eo. Ho latelang, ke ile ka ahloleloa ho lula teronkong likhoeli tse ling tse tharo ka lebaka la ho hlōleha ho lefa tefo eo.
Nyeoeng ea boraro, ke ile ka botsoa: “Na ha u tsebe hore Bibele e re, ‘Le lefe Cesare lintho tsa Cesare’?” Ke ile ka araba: “Ho joalo, seo ke se utloisisa ka ho feletseng, empa ke rata ho qetella temana eo: ‘’me le lefe Molimo lintho tsa Molimo.’ Ke sona seo ke se etsang.” (Matheu 22:21, King James Version) Libeke tse ’maloa hamorao, ke ile ka amohela lengolo le mpolellang hore ke lokolohile tšebeletsong ea sesole.
Mathoasong a 1945, ke ile ka bitsetsoa ho tla ba karolo ea lelapa la Bethele ea London. Mariheng a latelang, Nathan H. Knorr, ea neng a etella pele tlhophisong ea mosebetsi oa boboleli lefatšeng ka bophara, le mongoli oa hae, Milton G. Henschel, ba ile ba etela London. Barab’abo rōna ba bacha ba robeli ba tsoang Brithani ba ile ba ngolisoa ho ba karolo ea sehlopha sa borobeli sa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watchtower bakeng sa ho koetlisetsoa boromuoa, ’me ke ne ke le e mong oa bona.
Likabelo Tsa Boromuoa
Ka la 23 May, 1946, re ile ra nka leeto ho tloha boema-kepe bo bonyenyane ba Cornish ba Fowey re palame se seng sa likepe tse tsamaisang thepa tse neng li atile nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše. Motsamaisi oa boema-kepe, Monghali Collins, e ne e le e mong oa Lipaki tsa Jehova, ’me nakong eo sekepe se tlohang moo likepe li emang teng, o ile a letsa phala. Ha ho pelaelo hore kaofela re ile ra ferekana ha lebōpo la leoatle la Engelane le ntse le nyamela. Re ile ra tšela Leoatle la Atlantic le neng le le mabifi ka ho fetisisa, empa ka mor’a matsatsi a 13 re ile ra fihla United States re bolokehile.
Ho ba teng kopanong ea machaba ea matsatsi a robeli ea Puso ea Molimo ea sehlooho se reng Lichaba Tse Thabileng e neng e le Cleveland, Ohio, ho tloha ka la 4 ho ea ho la 11 August, 1946, e ne e le phihlelo e sa lebaleheng. Ho ne ho e-na le baemeli ba 80 000, ho akarelletsa ba 302 ba tsoang linaheng tse 32. Kopanong eona eo, makasine ea Tsoha!b e ile ea lokolloa ka lekhetlo la pele, ’me thuso ea ho ithuta Bibele e nang le sehlooho se reng “’Nete e be ea Molimo” e ile ea lokolleloa boieane bo tletseng cheseho e khōlō.
Re ile ra abeloa mangolo a Gileade ka 1947, ’me ’na le Bill Copson re ile ra romeloa Egepeta. Empa pele re tloha, ke ile ka rua molemo koetlisong ea ofisi eo ke ileng ka e fumana ho Richard Abrahamson Bethele ea Brooklyn. Re ile ra theoha sekepe Alexandria, ’me kapele ka ikamahanya le mokhoa oa bophelo oa Bochabela bo Hare. Leha ho le joalo, ho ithuta Searabia e ne e le phephetso, ’me ke ile ka tlameha ho sebelisa likarete tsa bopaki ka lipuo tse ’nè.
Bill Copson o ile a lula moo ka lilemo tse supileng, empa lengolo la ka la tumello ea ho lula ha lea ka la nchafatsoa ka mor’a selemo, kahoo ke ile ka tlameha ho tloha naheng eo. Ha ke hopola selemo seo tšebetsong ea boromuoa, ke se nka e le sa bohlokoa haholo bophelong ba ka. Ke ile ka ba le tokelo ea ho khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele tse ka bang 20 beke e ’ngoe le e ’ngoe, ’me ba bang ba ileng ba ithuta ’nete ka nako eo ba ntse ba tsoela pele ho sebeletsa Jehova ka mafolofolo. Ha ke tloha Egepeta, ke ile ka laeloa ho ea Cyprase.
Cyprase le Iseraele
Ke ile ka qala ho ithuta puo e ncha, Segerike, le mokhoa oa ho bua oa sebakeng seo. Ka mor’a nako e itseng, ha Anthony Sideris a kōptjoa hore a ee Greece, ke ile ka etsoa molebeli oa mosebetsi Cyprase. Ka nako eo ofisi ea lekala ea Cyprase e ne e boetse e hlokomela Iseraele, ’me ’na hammoho le barab’abo rōna ba bang, re ile ra ba le tokelo ea ho etela Lipaki tse ’maloa tsa moo ka linako tse ling.
Leetong la ka la pele ha ke e-ea Iseraele, re ile ra ba le kopano e nyenyane reschorenteng Haifa, ba neng ba le teng ba ne ba ka ba 50 kapa 60. Ka mor’a hore re arole batho ho ea ka lipuo tsa bona, re ile ra ba le lenaneo la kopano ka lipuo tse tšeletseng tse fapaneng! Ketsahalong e ’ngoe, ke ile ka khona ho bontša batho ba Jerusalema filimi e hatisitsoeng ke Lipaki tsa Jehova, ’me ka fana ka puo ea phatlalatsa e ileng ea buelloa hantle ke koranta ea Senyesemane ea sebakeng seo.
Ka nako eo ho ne ho e-na le Lipaki tse 100 Cyprase, ’me li ne li tlameha ho loana ntoa e thata bakeng sa tumelo ea tsona. Mekhopi e neng e eteletsoe pele ke baruti ba Kereke ea Greek Orthodox e ne e sitisa likopano tsa rōna, ’me e ne e le la pele ke otloa ka majoe ha ke paka libakeng tse ka thōko. Ke ile ka tlameha ho ithuta ho baleha ka potlako! Nakong ea khanyetso ena e mabifi, ho ne ho matlafatsa tumelo ho bona baromuoa ba bangata ba romeloa sehlekehlekeng sena. Dennis le Mavis Matthews haesita le Joan Hulley le Beryl Heywood ba ile ba sebetsa le ’na Famagusta, ha Tom le Mary Goulden le Nina Constanti, ea hlahetseng London le hoja batsoali ba hae e le baahi ba Cyprase, ba ile ba ea Limassol. Ka nako e tšoanang, Bill Copson le eena o ne a se a tlisitsoe Cyprase, ’me a lateloa ke Bert le Beryl Vaisey.
Ho Tloaelana le Maemo a Feto-fetohang
Bofelong ba 1957, ke ile ka kula ’me ka hlōleha ho tsoela pele ka kabelo ea ka ea boromuoa. Ka masoabi ke ile ka etsa qeto ea ho khutlela Engelane ho ea ikoka, teng ke ile ka tsoela pele ke bula maliboho ho fihlela ka 1960. Ke ile ka lula le khaitseli ea ka le monna oa hae, empa maemo a ne a fetohile. Joan o ne a hula ka thata. Kantle le ho hlokomela monna oa hae le morali oa hae e monyenyane, nakong ea lilemo tse 17 tseo ke neng ke le sieo ka tsona, ka lerato o ne a ile a hlokomela Ntate le ’Mangoane Millie, ba neng ba se ba ile lilemong ebile ba kula. Ho ile ha totobala hore ke lokela ho bontša moea oa boitelo joaloka ’Mangoane, kahoo ke ile ka lula le khaitseli ea ka ho fihlela ’Mangoane le Ntate ba e-shoa.
Ho ka be ho bile bonolo ho lula Engelane, empa ka mor’a ho phomola nakoana, ke ile ka ikutloa ke tlameha ho khutlela kabelong ea ka. Etsoe, na mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o ne o sa sebelisa chelete e ngata ho nkoetlisa? Kahoo, ka 1972 ke ile ka itefella leeto la ho khutlela Cyprase ho ea bula maliboho teng hape.
Nathan H. Knorr o ile a fihla ’me a hlophisa kopano e neng e tla tšoaroa selemong se latelang. Ha a tseba hore ke khutlile, o ile a buella hore ke khetheloe ho ba molebeli oa potoloho sehlekehlekeng sohle, e leng tokelo eo ke ileng ka ba le eona ka lilemo tse ’nè. Leha ho le joalo, e ne e le kabelo e phephetsang hobane e ne e hloka hore ke bue Segerike ka nako eohle.
Nako ea Mathata
Ke ne ke lula ntlong e le ’ngoe le Paul Andreou, eo e neng e le Paki ea Cyprase e buang Segerike, motsaneng oa Karakoumi, ka bochabela ho Kyrenia lebōpong la leoatle le ka leboea ho Cyprase. Ofisi ea lekala ea Cyprase e ne e le Nicosia, ka boroa ho Lithaba tsa Kyrenia. Mathoasong a July 1974, ke ne ke le Nicosia nakong eo Mopresidente Makarios a theoloang setulong ka mahahapa, ’me ke ile ka bona ha ntlo ea hae ea borena e tuka malakabe. Ha maemo a lumella ho tsamaea, ke ile ka potlakela Kyrenia, moo re neng re itokisetsa kopano ea potoloho. Matsatsi a mabeli ka mor’a moo ke ile ka utloa molumo oa bomo ea pele ha e liheloa boema-kepe, ’me ke ile ka bona lihelikopthara tse ngata tse neng li tlisa masole a futuhang a Turkey.
Kaha ke ne ke le moahi oa Brithani, masole a Turkey a ile a nkisa sebakeng se ka thōko ho Nicosia, moo ke ileng ka hlongoa lipotso ke basebetsi ba Machaba a Kopaneng ba ileng ba iteanya le ofisi ea lekala. Ka mor’a moo ke ile ka tjamelana le mosebetsi o thata oa ho haola sebakeng se nang le mehala e harelaneng ea lithelefono le ea motlakase ke fetela matlong a se nang batho a ka lehlakoreng le leng. Ke ne ke thabile hakaakang hore ebe ho ne ho se letho le ka kena-kenanang le mocha oa ka oa puisano le Jehova Molimo! Lithapelo tsa ka li ile tsa ’matlafatsa linakong tse sithabetsang ka ho fetisisa bophelong ba ka.
Ke ne ke lahlehetsoe ke sohle seo ke neng ke e-na le sona, empa ke ile ka thabela ho fumana tšireletso ofising ea lekala. Leha ho le joalo, boemo bona e ile ea e-ba ba nakoana. Ka mor’a matsatsi a ’maloa feela karolo ea boraro ea sehlekehleke sena e ne e le ka tlas’a taolo ea masole ana a futuhileng. Re ile ra tlameha ho tloha Bethele, ’me re ile ra ea Limassol. Ke ile ka thabela ho sebetsa moo hammoho le komiti e neng e etselitsoe ho hlokomela barab’abo rōna ba 300 ba neng ba anngoe ke meferefere ena, ba bangata ba bona ba ne ba lahlehetsoe ke mahae a bona.
Liphetoho Tse Eketsehileng Tsa Kabelo
Ka January 1981, Sehlopha se Busang se ile sa nkōpa hore ke ee Greece ho ea ba karolo ea lelapa la Bethele Athene, empa ha selemo se fela, ke ne ke khutletse Cyprase ebile ke khethiloe hore ke be mohokahanyi oa Komiti ea Lekala. Andreas Kontoyiorgis le mosali oa hae, Maro, Macyprase a neng a rometsoe a e-tsoa London, e ile ea e-ba “thuso e matlafatsang” ho ’na.—Bakolose 4:11.
Bofelong ba ketelo ea molebeli oa libaka Theodore Jaracz ka 1984, ke ile ka amohela lengolo le tsoang ho Sehlopha se Busang le neng le re: “Mohlang Mor’abo rōna Jaracz a qetang boeti ba hae moo, re rata hore u ee le eena Greece.” Ha hoa ka ha fanoa ka lebaka, empa ha re fihla Greece, lengolo le leng le hlahang ho Sehlopha se Busang le ile la balloa Komiti ea Lekala, le neng le nkhethela hore ke be mohokahanyi oa Komiti ea Lekala naheng eo.
Nakong ena, bokoenehi bo ne bo ja setsi. Ho ne ho e-na le liqoso tse ngata tsa ho sokolla ho sa lumelloang ka molao. Letsatsi le leng le le leng, batho ba Jehova ba ne ba tšoaroa ’me ba tlisoa ka pel’a makhotla. E ne e le tokelo e kaakang ho tloaelana le bara le baralib’abo rōna ba ileng ba lula ba bolokile botšepehi tlas’a liteko! Tse ling tsa linyeoe tsa bona hamorao li ile tsa mameloa ke Lekhotla la Europe la Litokelo tsa Botho, ’me ho ile ha e-ba le liphello tse molemo tse bileng le phello e ntle mosebetsing oa boboleli Greece.c
Nakong eo ke ntseng ke sebeletsa Greece, ke ile ka kopanela likopanong tseo ke sa li lebaleng Athene, Thesalonika, le sehlekehlekeng sa Rhodes le sa Kreta. E ne e le lilemo tse ’nè tsa thabo le katleho, empa ho ne ho tla tloha ho e-ba le phetoho e ’ngoe—ke ile ka khutlela Cyprase ka 1988.
Ho Tloha Cyprase le ho Khutlela Greece Hape
Bosieong ba ka Cyprase, barab’abo rōna ba ile ba haha mehaho e mecha ea lekala Nissou, lik’hilomithara tse ’maloa ho tloha Nicosia, ’me Carey Barber, ea tsoang ntlo-khōlō ea Lipaki tsa Jehova e Brooklyn, o ile a fana ka puo ea nehelo. Lintho li ne li batla li khutletse setloaeling sehlekehlekeng sena, ’me ke ne ke thabetse ho khutla—empa maemo a ne a tla tloha a fetoha.
Sehlopha se Busang se ne se lumetse hore ho tsoeloe pele ka lipolane tsa kaho ea lehae le lecha la Bethele Greece, lik’hilomithara tse ’maloa ka leboea ho Athene. Kaha ke ne ke tseba ho bua Senyesemane le Segerike, ka 1990 ke ile ka mengoa ho tla sebetsa setšeng se secha se hahuoang ke le toloko ea sehlopha sa basebeletsi ba machaba ba neng ba sebetsa moo. Ke sa ntse ke hopola monate oa ho ba setšeng sa kaho lehlabula, ka hora ea botšelela hoseng ha ke ntse ke amohela bara le baralib’abo rōna ba buang Segerike ba neng ba ithaopetse ho sebetsa hammoho le sehlopha se hahang! Kamehla ke tla hopola thabo le cheseho ea bona.
Baruti ba Greek Orthodox ba ile ba leka ho kena sebakeng sa kaho le ho sitisa mosebetsi oa rōna, empa Jehova o ile a mamela lithapelo tsa rōna, ’me ra sireletseha. Ke ile ka lula setšeng sa kaho ho fihlela ke bona ha ho neheloa lehae la Bethele le lecha ka la 13 April, 1991.
Ho Thusa Khaitseli ea ka e Ratehang
Selemong se latelang, ke ile ka khutlela lapeng Engelane ke le matsatsing a phomolo, ka lula le khaitseli ea ka le monna oa hae. Ka masoabi, ha ke ntse ke le moo, soare sa ka se ile sa hlaseloa ke lefu la pelo ka makhetlo a mabeli ’me sa hlokahala. Joan o ne a ntšehelitse ka mokhoa o sa lekanyetsoang nakong ea tšebeletso ea ka ea boromuoa. Ho ne ho sa fele beke a sa ’ngolla lengolo la khothatso. Ke tlhohonolofatso e kaakang ho moromuoa ho fumana mangolo a joalo! Joale e ne e le mohlolohali, a kula ’me a hloka thuso. Ke ne ke lokela ho etsa joang?
Morali oa Joan, Thelma, le monna oa hae ba ne ba se ba ntse ba hlokomela mohlolohali e mong ea tšepahalang phuthehong ea bona, e mong oa bo-motsoala ba rōna ea neng a kulela lefu. Ka mor’a hore ke rapele ke sa phetse, ke ile ka etsa qeto ea ho lula le ho hlokomela Joan. Ho ne ho se bonolo ho ikamahanya le boemo bona bo bocha, empa ke na le tokelo ea ho sebeletsa ke le moholo phuthehong ea Pen Mill, e leng e ’ngoe ea liphutheho tse peli tsa Yeovil.
Barab’abo rōna bao ke ileng ka sebetsa le bona linaheng lisele ba iteanya le ’na kamehla ka mohala kapa ka mangolo, ’me ke ananela seo haholo. Haeba nka bolela hore ke lakatsa ho khutlela Greece kapa Cyprase, kea tseba hore barab’abo rōna ba tla nthomella tekete ka ho panya ha leihlo. Empa ke se ke le lilemo li 80, mahlo a bonela leroothong ’me ’mele ha o sa tšoana le pele. Hoa ferekanya ho hlōleha ho ba mahlahahlaha joaloka pele, empa lilemo tseo ke ileng ka li qeta tšebeletsong ea Bethele li nthusitse ho ntlafatsa mekhoa e mengata e ntsoelang molemo kajeno. Ka mohlala, kamehla ke bala temana ea letsatsi pele ho lijo tsa hoseng. Ke ile ka ithuta ho phela le batho le ho ba rata—e leng senotlolo sa tšebeletso e atlehang ea boromuoa.
Ha ke talima morao lilemong tse ka bang 60 tseo ke li qetileng ke rorisa Jehova, kea tseba hore tšebeletso ea nako e tletseng ke tšireletso e khōlōhali le hore e fana ka thuto e molemohali. Ka pelo eohle ea ka ke pheta mantsoe ao Davida a ileng a a bua ka Jehova: “Etsoe u bile sebaka se phahameng sa tšireletso ho ’na le sebaka seo ke balehelang ho sona letsatsing la mahlomola a ka.”—Pesaleme ea 59:16.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Pale ea bophelo ea John Wynn e nang le sehlooho se reng, “Pelo ea ka e Tšoloha Liteboho,” e ile ea hlaha ho Molula-Qhooa oa September 1, 1997, leqepheng la 25-8.
b Pele e ne e tsejoa ka hore ke Consolation.
c Bona Molula-Qhooa oa December 1, 1998, leqepheng la 20-1 le oa September 1, 1993, leqepheng la 27-31; Tsoha! ea January 8, 1998, leqepheng la 30-1 le ea March 22, 1997 (ka Senyesemane), leqepheng la 14-15.
[Limmapa tse leqepheng la 24]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
GREECE
Athene
CYPRASE
Nicosia
Kyrenia
Famagusta
Limassol
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
’Mè, ka 1915
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Ka holim’a marulelo a Bethele ea Brooklyn ka 1946, ke ’na (oa bone ho tloha ho le letšehali) le barab’abo rōna ba sehlopha sa borobeli sa Gileade
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ke ’na le ’Mangoane Millie ha ke khutletse Engelane ka lekhetlo la pele