“Re Tla Mamela Molimo e Le ’Musi ho E-na le Batho”
‘Jah ke Poloko ea Ka’
BATHO ba Jehova ba ne ba tobane le ho etsa khetho. Na ba ne ba tla mamela ’musi ea sa tšabeng Molimo oa Egepeta ea boholo-holo? Kapa na ba ne ba tla mamela Jehova Molimo, ba tlohe naheng eo ea bokhoba, ’me ba e’o lula Naheng e Tšepisitsoeng?
Kaha Faro ea tellang oa Egepeta o ne a hana ho lokolla batho ba Jehova, Molimo o ile a romela Likotlo Tse Leshome naheng eo. See se ile sa bontša matla a hae hakaakang! Melimo ea Egepeta ha ea ka ea etsa letho hore e thibele likotlo tseo.
Ha Faro a ne a bolelloa hore a lumelle batho ba Molimo hore ba ikele, ka nyeliso o ile a re: “Jehova ke mang, hore ke mamele lentsoe la hae ’me ke tlohele Baiseraele hore ba tsamaee? Ho hang ha ke tsebe Jehova ’me, ho feta moo, nke ke ka tlohela Baiseraele hore ba tsamaee.” (Exoda 5:2) Ka lebaka leo, Egepeta e ile ea otloa ka likotlo tse latelang: (1) metsi a fetoha mali, (2) lihohoana, (3) menoang, (4) liboba, (5) lefu la seoa mehlapeng, (6) mathopa bathong le liphoofolong, (7) sefako, (8) litsie, (9) lefifi le (10) ho shoa ha matsibolo a Egepeta, ho kopanyelletsa le mora oa Faro. Qetellong, Faro o ile a lumella Baheberu hore ba tsamaee. O bile a ba phehella hore ba hle ba tsamaee!—Exoda 12:31, 32.
Batho ba ka bang limilione tse tharo—banna, basali le bana ba Baiseraele hammoho Ie letšoele le kopakaneng—ba ile ba kena tseleng ka potlako. (Exoda 12:37, 38) Leha ho le joalo, ka potlako, Faro o ile a ba lelekisa ka lebotho la hae le tšosang. Ho ile ha bonahala eka Baiseraele ba qabelletsoe pakeng tsa Leoatle le Lefubelu, lehoatata le kotsi le mabotho a Faro. Ho ntse ho le joalo, Moshe o ile a bolella batho a re: “Le se ke la tšoha. Emang le tiile ’me le bone poloko ea Jehova.”—Exoda 14:8-14.
Ka mohlolo Jehova o ile a arola metsi a Leoatle le Lefubelu e le hore Baiseraele ba fete. Empa eitse ha Baegepeta ba ba latella, Molimo a khutlisa metsi. ‘Jehova o ile a lahlela likoloi tsa Faro le mabotho a hae a sesole leoatleng.’ (Exoda 14:26-28; 15:4) Ho hana ho tlotlisa Jehova ho ile ha etsa hore Faro oa moikhohomosi a kotule litholoana tse babang.
Leoatleng le Lefubelu, Jehova o ile a iponahatsa hore “ke mohale oa ntoa.” (Exoda 15:3) Tlaleho e bululetsoeng e re: “Baiseraele ba [ile ba] boela ba bona letsoho le leholo leo Jehova a le sebelisitseng khahlanong le Baegepeta; eaba sechaba se qala ho tšaba Jehova le ho beha tumelo ho Jehova.” (Exoda 14:31; Pesaleme ea 136:10-15) Ba ile ba leboha Molimo ho tloha botebong ba pelo ka hore banna ba ikopanye le Moshe ka ho bina pina ea tlhōlo ’me khaitseli ea Moshe, Miriame a etelle basali pele ka motjeko.a
Jehova e Ntse e le Molopolli
Bahlanka ba Jehova ba mehleng ea kajeno ba ka ithuta lithuto tse matlafatsang tumelo ketsahalong eo e ikhethang ea ha Molimo a lopolla Baiseraele. Thuto e ’ngoe ke hore Jehova o na le matla a se nang moeli ’me a ka tšehetsa batho ba hae ka ho feletseng. Pineng ea bona ea tlhōlo, Moshe le Baiseraele ba ile ba bina ba re: “Jehova, letsoho la hao le letona le na le bokhoni bo matla, Jehova, letsoho la hao le letona le ka tamukanya sera.”—Exoda 15:6.
Thuto e ’ngoe hape ke hore Ea Matla ’Ohle o lakatsa ka ho teba hore a sireletse batho ba hae. Baiseraele ba ile ba bina ba re: “Matla a ka le bonatla ba ka ke Jah, etsoe ke poloko ea ka. Enoa ke Molimo oa ka, ’me ke tla mo roka.” Hape re ithuta hore ha ho motho ea ka atlehang ho hanyetsa thato ea Jehova Molimo. Ha ba bina ka tlhōlo, batho ba Molimo ba lopolotsoeng ba ile ba re: “Ke mang har’a melimo ea joaloka uena, Jehova? Ke mang ea joaloka uena, ea matla khalalelong? Ea lokelang ho tšajoa ka lipina tsa thoriso, Ea etsang limakatso.”—Exoda 15:2, 11.
Joaloka Faro oa Egepeta ea boholo-holo, babusi ba lefatše la kajeno ba hlorisa batho ba Jehova. Baeta-pele ba ikhohomosang ba ka ’na ba “bua esita le mantsoe khahlanong le Ea Phahameng ka ho Fetisisa, ’me . . . [ba] tsoela pele ho tšoenya bahalaleli ba Ea Holimo-limo.” (Daniele 7:25; 11:36) Empa Jehova o tiisetsa batho ba hae o re: “Sebetsa leha e le sefe se tla etsoa khahlanong le uena se ke ke sa atleha, le leleme leha e le lefe le tla u tsohela matla kahlolong u tla le ahlola. Lena ke lefa la bahlanka ba Jehova.”—Esaia 54:17.
Ba hanyetsang Molimo ba ke ke ba atleha, feela joalokaha Faro le lebotho la hae ba sa ka ba atleha. Liketso tsa Jehova tsa topollo, tse kang tsa ho falla ha Baiseraele Egepeta, li paka hore ho nepahetse ha re latela molao-motheo o boletsoeng ke baapostola ba Jesu, ba ileng ba re: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Liketso 5:29.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Almanaka ea Lipaki Tsa Jehova ea 2006, likhoeling tsa January/February.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 9]
NA U NE U TSEBA HORE
• Jehova o ile a tsosa moea o matla hore o foke bosiu kaofela e le hore Baiseraele ba tšele Leoatle le Lefubelu mobung o omileng?—Exoda 14:21, 22.
• Ho ne ho tla hlokahala tsela e bophara ba k’hilomithara le halofo kapa ho feta moo e le hore Baiseraele ba limilione ba tšele Leoatleng le Lefubelu ka nako e khutšoanyane hakaalo?
[Litšoantšo tse leqepheng la 9]
Melimo ea bohata ea Egepeta e ile ea sitoa ho thibela Likotlo Tse Leshome tse tsoang ho Jehova
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
All three figurines: Photograph taken by courtesy of the British Museum