Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 3/1 leq. 27
  • “Re Phetele!”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Re Phetele!”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Andrey Nesmachniy: Ke ne ke Phelela ho Bapala Bolo
    Bibele e Fetola Batho
  • Bana ba Sekolo ba Lipaki Baa Babatsoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Seboka se Ikhethang sa ho Buoa Ntle ho Mali Moscow
    Tsoha!—1999
  • Tichere e Fetola Maikutlo
    Tsoha!—2009
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 3/1 leq. 27

“Re Phetele!”

MOTSENG oa Nezlobnaya, Russia, sehlopha se ithutang lingoliloeng sekolong se phahameng se ne se ithuta libuka tsa mongoli oa Lerussia ea bitsoang Mikhail Bulgakov. Har’a libuka tseo tsa hae ho ne ho e-na le e ’ngoe e nyenyefatsang Jesu Kreste, empa e hlalosa Satane joaloka mohale. Ka mor’a hore sehlopha se tšohle taba eo, mosuoe o ile a abela liithuti tlhahlobo e ngoloang e thehiloeng bukeng ena. Leha ho le joalo, seithuti se seng seo e leng Paki ea Jehova e lilemo li 16, se bitsoang Andrey, ka hlompho se ile sa kōpa hore se se ke sa kopanela tlhahlobong eo kaha letsoalo la sona le ne le sa se lumelle hore se ithute buka ea mofuta ona. Ho e-na le hoo se ile sa kōpa hore se mpe se ngole moqoqo o hlalosang maikutlo a sona ka Jesu Kreste. Mosuoe o ile a lumela.

Moqoqong oo a o ngotseng, Andrey o ile a hlalosa hore le hoja a hlompha maikutlo a batho ba bang, o hlokometse hore tsela e molemo ka ho fetisisa ea hore u ithute ka Jesu ke hore u bale e ’ngoe ea litlaleho tse ’nè tsa Kosepele. Ka ho etsa joalo, “u tla ithuta ka bophelo ba Jesu le lithuto tsa hae kaha li thehiloe litlalehong tsa batho ba phetseng le eena.” Andrey o ile a phaella ka ho re: “Taba e ’ngoe e ngongorehisang ke tsela eo Satane a hlalosoang ka eona. Ba bang ba ka ’na ba thabela ho bala buka e hlalosang Satane joaloka mohale, empa ’na ha ke e thabele.” O ile a hlalosa hore ha e le hantle, Satane ke sebōpuoa sa moea se matla se ileng sa furalla Molimo, sa tlisetsa lelapa la motho bobe, mahlomola le bohloko. Andrey o ile a phethela moqoqo oa hae ka ho re: “Ha ke lumele hore ke tla rua molemo oa letho ka ho bala buka ena. Bonneteng, ha ke khahlanong le mongoli oa eona, e leng Bulgakov. Empa nka rata ho bala Bibele hore ke ithute ’nete ea histori e buang ka Jesu Kreste.”

Mosuoe oa Andrey o ile a khahloa ke moqoqo oo hoo a ileng a mema Andrey hore a lokisetse ho tla fana ka tlaleho e buang ka Jesu Kreste. Andrey o ile a lumela a sa qea-qee. Lekhetlong le latelang ha sehlopha se ithuta thuto ea lingoliloeng, Andrey o ile a balla sehlopha sohle tlaleho ea hae. O ile a hlalosa lebaka leo ka lona a nahanang hore Jesu ke motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela. Eaba o bala khaolo e buang ka lefu la Jesu bukeng ea Bibele ea Matheu. Kaha nako eo a neng a e filoe e ne e le haufi le ho fela, Andrey o ne a batla ho phethela tlaleho ea hae, empa liithuti-’moho le eena li ile tsa mo phehella tsa re: “Re phetele! Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo?” Kahoo o ile a tsoela pele ho bala tlaleho ea Matheu e buang ka tsoho ea Jesu.

Ha Andrey a qetile, liithuti-’moho le eena li ile tsa mo botsa lipotso tse ngata mabapi le Jesu le Jehova. Andrey o re: “Ke ne ke rapetse Jehova hore a mphe bohlale, ’me o ile a araba thapelo ea ka. Ke ile ka khona ho araba lipotso tsohle tsa bona!” Ka mor’a hore sehlopha se qete ho ithuta, Andrey o ile a fa mosuoe oa hae buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela,a eo a ileng a e amohela ka thabo e khōlō. Andrey o re: “O ile a mpha limaraka tse holimo bakeng sa tlaleho eo ea ka ’me a nthoholetsa ka seo ke se lumelang le ka ho se hlajoe ke lihlong ka sona. Hape o ile a re le eena o lumela lintho tse ling tseo ke li lumelang.”

Andrey oa thaba hore ebe o ile a etsa qeto ea ho latela letsoalo la hae le koetlisitsoeng ke Bibele ka hore a se ke a bala boitsebiso bo hlomphollang Jehova le Mora hae, Jesu Kreste. Ho ba le boikutlo bo joalo ho ile ha mo sireletsa likhopolong tseo e seng tsa Mangolo ha ba ha mo bulela monyetla oa ho bolella ba bang linnete tsa bohlokoa tsa Bibele.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela