Pale ea Bophelo
Lebaka Leo ka Lona ke Thabelang ho Etsa Barutuoa
Joalokaha ho boletse Pamela Moseley
Ntoa e ne e ntse e kupa Engelane ka 1941 ha ’Mè a ne a ile le ’na kopanong ea Lipaki Tsa Jehova Leicester. Re ile ra mamela puo e khethehileng ea Joseph Rutherford e neng e bua ka bana. Ha ’na le ’Mè re ne re kolobetsoa kopanong eo, ke ile ka hlokomela hore batho ba neng ba re thusitse hore re hatele pele moeeng ba ne ba thabile haholo. Ka nako eo ke ne ke sa elelloe hore na ho etsa barutuoa ba Jesu Kreste ho ne ho thabisa hakaakang!
HO HATELA pele ha rōna hore re be barutuoa ho ile ha qala ka 1940. Ke sa ntse ke hopola letsatsi leo le tšabehang ka September 1939 ha Ntoa ea II ea Lefatše e ne e qhoma. Ke ile ka bona meokho e keleketla marameng a ’Mè ha a ntse a botsa a re, “Ke hobane’ng ha khotso e le sieo lefatšeng lee?” Batsoali ba ka ba ne ba bile sesoleng Ntoeng ea I ea Lefatše ’me ba ne ba bone masetla-pelo a eona. ’Mè o ile a botsa moruti oa Chache ea neng a lula Bristol potso eo. Moruti eo o ile a re feela ho eena: “Ha e sa le lintoa li ntse li le teng ’me li tla ’ne li be teng.”
Leha ho le joalo, nakoana ka mor’a moo, mosali e mong ea hōlileng o ile a re etela lapeng. E ne e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. ’Mè o ile a mo botsa potso e tšoanang: “Ke hobane’ng ha khotso e le sieo lefatšeng lee?” Paki ena e ile ea hlalosa hore lintoa ke karolo ea pontšo ea hore re phela qetellong ea tsamaiso ena ea lintho e mabifi. (Matheu 24:3-14) Ka mor’a nakoana morali oa hae o ne a ithuta Bibele le rōna. Bobeli ba bona ba ne ba le har’a batho ba thabileng ba neng ba re shebelletse ha re kolobetsoa. Ke hobane’ng ha ho etsa barutuoa ho thabisa batho hakaale? Hamorao ke ile ka tseba lebaka. E-re ke u bolelle tse ling tsa lintho tseo ke ithutileng tsona lilemong tse fetang 65 ha ke ntse ke etsa barutuoa.
Ho Sibolla Thabo ea ho Ruta Batho
Ke qalile ho kopanela mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso Bristol ha ke ne ke le lilemo li 11. Mor’abo rōna e mong o ile a mpha keramafono le karete ea bopaki eaba o re: “Uena, kena matlong ’ohle a ka lehlakoreng lane la seterata.” Ke ile ka ea, ke tsamaea ke le mong. Ntle ho pelaelo, ke ne ke tšohile haholo. Ke ne ke bapala puo e rekotiloeng ea Bibele ebe ke bontša mong’a ntlo karete ea bopaki, e neng e kōpa batho hore ba nke lingoliloeng tsa Bibele.
Mathoasong a lilemo tsa bo-1950, ho ne ho buelloa haholo hore re bale Bibele ha re etela batho ka ntlo le ntlo. Qalong, ke ne ke tšaba ho buisana le batho bao ke sa ba tsebeng ebile ke thatafalloa ho ba hlalosetsa litemana tsa Bibele. Empa qetellong ke ile ka ba sebete. E ne e le hona ke neng ke hlile ke qala ho thabela tšebeletso. Batho ba bang ba ne ba re nka re le barekisi ba libuka feela, empa ha re ba balla litemana tsa Bibele le ho li hlalosa, ba ile ba re nka re le mesuoe ea Lentsoe la Molimo. Ke ne ke thabela ho etsa mosebetsi ona haholo hoo ke neng ke batla ho kopanela ho oona haholoanyane. Kahoo ka September 1955, ke ile ka kena tšebeletsong ea nako e tletseng ka ho ba pula-maliboho.
Mamello ea Putsa
E ’ngoe ea lintho tsa pele tseo ke ileng ka ithuta tsona ke hore ho mamella ka mosa hoa putsa. Ka lekhetlo le leng ke ile ka siela mosali e mong ea bitsoang Violet Morice makasine ea Molula-Qhooa. Ha ke khutlela ho eena ke tlil’o mo bona, o ile a bula lemati haholo, a phutha matsoho eaba o mamela ka hloko ha ke ntse ke mo hlalosetsa Mangolo. Nako le nako ha ke mo etela, o ne a bonahala a hlile a thahasella. Leha ho le joalo, ha ke etsa tlhahiso ea hore a be le thuto ea Bibele ea kamehla, o ile a re: “Che. Ke tla ithuta ha bana ba se ba hōlile.” Seo se ile sa nkhathatsa matla hakaakang! Bibele e re ho na le “nako ea ho batla le nako ea ho tela se lahlehileng.” (Moeklesia 3:6) Ke ile ka etsa qeto ea hore nke ke ka tela.
Ka mor’a khoeli ke ile ka khutlela ho Violet ’me ka tšohla mangolo a eketsehileng le eena. Ka mor’a nakoana, re ne re se re tšoara thuto ea beke le beke ea Bibele monyako oa ntlo ea hae. Qetellong o ile a re: “Ke nahana hore ho ka ba molemo hore u kene ka tlung.” Violet e ile ea e-ba molumeli-’moho le motsoalle ea babatsehang hakaakang! Ha e le hantle, Violet o ile a kolobetsoa hore e be e mong oa Lipaki Tsa Jehova.
Ka letsatsi le leng Violet o ile a tšoha ha a hlokomela hore monna oa hae o ne a rekisitse ntlo a sa mo bolella le hore o se a mo lahlile. Ka lehlohonolo, ka thuso ea motsoalle oa Paki, o ile a fumana ntlo e ’ngoe hona thapameng eo. E le ho bontša teboho ho Jehova, o ile a etsa qeto ea ho ba pula-maliboho bophelo bohle ba hae. Ha ke bona moea oa Jehova o mo susumelletsa hore a chesehele borapeli ba ’nete, ke ile ka bona hore na ke hobane’ng ha ho etsa barutuoa ho thabisa hakana. Ka sebele, ona e ne e tla ba oona mosebetsi oa ka bophelong!
Ka 1957, ’na le Mary Robinson re ile ra abeloa ho ea bula maliboho sebakeng sa liindasteri se Rutherglen motseng oa Glasgow, Scotland. Re ne re bolela har’a moholi, sefefo, pula le lehloa, ’me ha rea ka ra ikoahlaea ka seo. Ka letsatsi le leng ke ile ka kopana le Jessie. Ke ile ka thabela ho ithuta Bibele le eena. Monna oa hae, ea bitsoang Wally, e ne e le Lekomonisi ’me qalong, o ne a nkoekoetla. Wally o ile a thaba haholo ha a ithuta Bibele ’me a hlokomela hore ke ’Muso oa Molimo feela o tla etsa hore batho ba phele tlas’a maemo a matle. Ka mor’a nako e itseng, bobeli ba bona ba ile ba kopanela mosebetsing oa ho etsa barutuoa.
Tsela eo Batho ba Itšoarang ka Eona ka Lekhetlo la Pele e ka U Thetsa
Hamorao re ile ra fumana kabelo e ncha ea ho ea Paisley, Scotland. Ka letsatsi le leng ha ke ntse ke bolela sebakeng sena, mofumahali e mong o ile a khahlela lemati ka pel’a ka. Empa ka mor’a nakoana o ile a mpatla a batla ho kōpa tšoarelo. Ha ke khutlela bekeng e latelang, o ile a re: “Ke ile ka ikutloa eka ke khahletse lemati ka pel’a Molimo. Ke ne ke tlameha ho u batla.” Lebitso la hae e ne e le Pearl. O ile a mpolella hore metsoalle ea hae le beng ka eena ba ne ba mo soetsitse hoo a ileng a rapela Molimo hore a mo fe motsoalle oa sebele. O ile a re: “Eitse ha u hlaha monyako, ka hlokomela hore e tlameha ebe ke uena motsoalle eo oa sebele.”
Ho ne ho se bonolo ho ba motsoalle oa Pearl. O ne a hahile leralleng, ’me ke ne ke lokela ho nyolohela moo ka maoto. Ha ke ne ke il’o mo lata moo a lulang teng hore ke ee le eena sebokeng ka lekhetlo la pele, sefefo le pula li ile tsa batla li ntahla fatše. Eitse ha sekhele sa ka se taboha, ka se lahla. Ka mor’a likhoeli tse tšeletseng feela Pearl a khahletse lemati ka pel’a ka, o ile a bontša boinehelo ba hae ho Molimo ka ho kolobetsoa metsing.
Kapele ka mor’a moo, monna oa hae o ile a etsa qeto ea ho ithuta Bibele, ’me ka mor’a nako e khutšoanyane, o ile a ea le ’na tšebeletsong ea ntlo le ntlo. Joalokaha ho tloaelehile, pula e ne e na. O ile a re: “Se k’a tšoenyeha, ke qeta lihora tse ngata ke mamelletse boemo bo tjena ba leholimo ke shebelletse bolo, kahoo ka sebele nka mamella pula ka lebaka la Jehova.” Ke ’nile ka tsota moea oa boikemisetso oa batho ba Scotland.
Ke ile ka thaba hakaakang ha ke khutla ka mor’a lilemo tse ngata ’me ke bona hore boholo ba batho bao ke ileng ka ithuta le bona ba ntse ba mamelletse tumelong! Ena ke thabo e tlisoang ke ho etsa barutuoa. (1 Bathesalonika 2:17-20) Ka 1966, ka mor’a ho bula maliboho ka lilemo tse fetang tse robeli Scotland, ke ile ka memeloa ho ea Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower bakeng sa ho koetlisetsoa boromuoa.
Tšimong ea Naha Esele
Ke ile ka abeloa ho ea Bolivia, toropong ea Santa Cruz e sebakeng se chesang le se mongobo, moo ho neng ho e-na le phutheho ea batho ba ka bang 50. Toropo ena e ne e nkhopotsa karolo e ka bophirimela ea United States e hlahang lifiliming tsa Hollywood. Ha ke hopola nakong e fetileng, ke nahana hore ke ’nile ka ba moromuoa feela ea tloaelehileng. Ha ho mohla nkileng ka hlaseloa ke likoena, ka lika-liketsoa ke mahoohoo a befileng, ka lahleha lehoatateng, kapa ka robeheloa ke sekepe har’a leoatle. Leha ho le joalo, ho etsa barutuoa ho ’nile ha nthabisa haholo.
E mong oa basali ba pele bao ke ileng ka ithuta Bibele le bona Santa Cruz ke Antonia. Ke ne ke sōkōla ha ke ruta motho Bibele ka Sepanishe. Ka lekhetlo le leng moshanyana oa Antonia o ile a re: “’Mè, na motho eo o etsa liphoso ka boomo e le hore feela a re qabole?” Qetellong Antonia le morali oa hae Yolanda e ile ea e-ba barutuoa. Yolanda o ne a e-na le motsoalle ea bitsoang Dito, eo e neng e le seithuti sa molao, ’me le eena o ile a qala ho ithuta Bibele le ho tla libokeng tsa rōna. Ha ke ntse ke sebetsa le eena, ke ile ka ithuta ntho e ’ngoe mabapi le ho ruta ’nete ea Bibele: Hore, ka linako tse ling batho ba hloka ntho e ba sisinyang maikutlo hanyenyane.
Ha Dito a qala ho ba sieo ha re tlameha ho ithuta, ke ile ka re: “Dito, Jehova ha a u qobelle hore u tšehetse ’Muso oa hae. U lokela ho ikhethela.” Eitse ha a re o batla ho sebeletsa Molimo, ka re: “U na le litšoantšo tsa moeta-pele oa marabele. Ha moeti a li bona na o tla re u khethile ho tšehetsa ’Muso oa Molimo?” O ne a hloka ho sisinngoa maikutlo joalo hanyenyane.
Ka mor’a libeke tse peli, ho ile ha qhoma ntoa khahlanong le ’muso, liithuti tsa univesithi le mapolesa ba ile ba qala ho thunyana. Dito o ile a hoeletsa motsoalle oa hae a re: “A re tlohe mona!” Motsoalle oa hae o ile a mo araba a re: “Che, lena ke lona letsatsi leo re neng re le letetse,” o ile a nka sethunya eaba o mathela marulelong a univesithi. E ne e le e mong oa metsoalle e robeli ea Dito e ileng ea shoa letsatsing leo. U ka inahanela feela kamoo ke thabang kateng ha ke bona monna enoa, Dito, eo mohlomong a ka beng a shoele hoja a ne a sa ka a etsa qeto ea ho ba Mokreste oa ’nete!
Ho Bona ha Moea oa Jehova o Sebetsa
Ka letsatsi le leng ke ne ke feta monyako oa ntlo e ’ngoe ke nahana hore re se re kene ntlong eo, ha ’mè oa moo a nkhoeletsa. Lebitso la hae e ne e le Ignacia. O ne a tseba Lipaki Tsa Jehova, empa monna oa hae ea shahlileng ea bitsoang Adalberto, eo e neng e le lepolesa o ne a mo hanyetsa ka matla a bile a mo thibela ho hatela pele moeeng. Mosali enoa o ne a ferekantsoe ke lithuto tse ngata tsa motheo tsa Bibele, kahoo ke ile ka qala ho ithuta Bibele le eena. Le hoja Adalberto a ne a ikemiselitse ho khaotsa lithuto tsena tsa Bibele, ke ile ka khona ho buisana le eena halelele ka litaba tse ling. Bona e ne e le bohato ba pele ba hore re be metsoalle.
U ka inahanela feela hore na ke ile ka thaba hakaakang ha ke bona Ignacia e e-ba setho se ratehang sa phutheho, a hlokomela litlhoko tsa moea le tsa nama tsa batho ba bangata ba hlokang matšeliso. Ha nako e ntse e feta, monna oa hae le bana ba hae ba bararo e ile ea e-ba Lipaki. Ha e le hantle, eitse qetellong ha Adalberto a utloisisa hore na litaba tse molemo li bolela’ng, o ile a khutlela seteisheneng sa mapolesa eaba o bua ka cheseho hoo a ileng a etsetsa mapolesa lipeeletso tse 200 tsa Molula-Qhooa le Tsoha!
Jehova o Tlisa Keketseho
Ka mor’a lilemo tse tšeletseng ke sebetsa Santa Cruz, ke ile ka abeloa motseng o moholo oa Bolivia o bitsoang La Paz, moo ke ileng ka qeta lilemo tse latelang tse 25. Mathoasong a lilemo tsa bo-1970, lehae la lekala la Lipaki Tsa Jehova La Paz le ne le e-na le batho ba 12 feela. Ha mosebetsi oa boboleli o ntse o hōla, ’me ho hlokahala mehaho e meholoanyane, ho ile ha hahoa lekala le lecha motseng o hōlang ka potlako oa Santa Cruz. Lekala le ile la fallisetsoa moo ka 1998, ’me ke ile ka mengoa ho ea sebetsa lekaleng lena, leo hona joale le nang le batho ba 50.
Phutheho e le ’ngoe e neng e le teng Santa Cruz ka 1966 e ne e se e fetohile liphutheho tse ka holimo ho 50. Lipaki tse 640 tse neng li le teng naheng eohle ea Bolivia ka nako eo, kajeno li se li batla li le 18 000!
Hoa thabisa hore kabelo ea ka Bolivia e ’nile ea hlahisa litholoana. Leha ho le joalo, kamehla ke khothatsoa ke botšepehi ba Bakreste-’moho le ’na lefatšeng ka bophara. Kaofela ha rōna re thabela ho bona kamoo Jehova a hlohonolofatsang mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso. Ka sebele hoa thabisa ho kopanela mosebetsing oa ho etsa barutuoa.—Matheu 28:19, 20.
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Ha ke ne ke bula maliboho Scotland
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Ke sebeletsa ofising ea lekala Bolivia; (setšoantšo se ka hare) kabong ea mangolo ea sehlopha sa bo42 sa Gileade