Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 1/1 leq. 31
  • Re U Lome Tsebe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re U Lome Tsebe?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka Leo ka Lona Jesu a sa Kang a Potlaka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Balepi ba Linaleli ba Etela Jesu
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Jesu o Tsosa Lazaro
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
  • Ho Tla Etsahala’ng Haeba re ka Shoa?
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 1/1 leq. 31

Re U Lome Tsebe?

Linohe tsa linaleli li ile tsa ea bona Jesu neng?

Kosepele ea Matheu e re “linohe tsa linaleli tse tsoang likarolong tse ka bochabela” li ile tsa etela Jesu li mo tlisetsa limpho. (Matheu 2:1-12; mongolo o botlaaseng ba leqephe ho NW) Ha hoa boleloa hore na ke linohe tse kae tsa linaleli kapa “ba bohlale ba bochabela” tse ileng tsa ea bona Jesu, ebile kutloisiso e tloaelehileng ea hore li ne li le tharo ha e na motheo o tiileng; hape Bibele ha e bolele mabitso a tsona.

New International Version Study Bible e bua tjena ka Matheu 2:11: “Ba Bohlale ba Bochabela ha baa ka ba ea bona Jesu sejelong bosiung boo a tsoetsoeng ka bona joalokaha neano e bolela, empa ke balisa ba ileng ba mo bona bosiung boo. Ba Bohlale ba Bochabela ba ile ba ea mo bonela ka ‘tlung’ habo ka mor’a likhoelinyana e se lesea empa e le ‘ngoana.’” Sena se tiisoa ke hore ha Heroda a batla ho bolaea ngoana eo e monyenyane, o ile a laela hore ho bolaoe bashanyana bohle ba lilemo li peli ho ea tlaase ho pholletsa le Bethlehema le litereke tsa eona. O ile a khetha bana ba lilemo tseo ka ho bala “ho ea ka nako eo a neng a e netefalitse ka hloko ho linohe tsa linaleli.”—Matheu 2:16.

Hoja linohe tsena tsa linaleli li ne li ile tsa ea bona Jesu bosiung boo a tsoetsoeng ka bona ’me tsa tlisa khauta le limpho tse ling tsa bohlokoa, Maria o ne a ke ke a nyehela maeba a mabeli feela matsatsi a 40 hamorao ha a tlisitse Jesu tempeleng Jerusalema. (Luka 2:22-24) Tokisetso ena ea Molao e ne e etselitsoe mafutsana a neng a ke ke a khona ho nyehela pheleu e nyenyane. (Levitike 12:6-8) Ho fapana le hoo, ho ka etsahala hore limpho tsena tsa bohlokoa li ile tsa fihla ka nako e loketseng ’me tsa thusa ho koahela litšenyehelo tsa lelapa labo Jesu ha le le Egepeta.—Matheu 2:13-15.

Ke hobane’ng ha Jesu a ile a qeta matsatsi a mane pele a fihla lebitleng la Lazaro?

Ha e le hantle, ho bonahala eka Jesu o ile a etsa joalo ka morero. Ke hobane’ng ha re rialo? Bala Johanne khaolo ea 11.

Ha Lazaro, ea neng a lula Bethani ebile e le motsoalle oa Jesu, a kula hampe, likhaitseli tsa hae li ile tsa romella Jesu molaetsa. (Temana ea 1-3) Ka nako eo, Jesu o ne a le moo a ka nkang leeto la matsatsi a mabeli ho tla Bethani. (Johanne 10:40) Kamoo ho bonahalang kateng, ha Jesu a fumana molaetsa e ne e le ha Lazaro a shoa. Jesu o ile a etsa’ng? O ile “a lula matsatsi a mabeli sebakeng seo a neng a le ho sona,” a ntan’o ea Bethani. (Temana ea 6, 7) Ka lebaka leo, kaha o ile a ema matsatsi a mabeli ’me a qeta a mang a mabeli a le tseleng, o ile a fihla lebitleng ka mor’a matsatsi a mane Lazaro a shoele.—Temana ea 17.

Pejana ho moo, Jesu o ne a tsositse batho ba babeli bafung—e mong a mo tsositse ha a qeta ho shoa ’me ho ka etsahala hore e mong o mo tsositse ka mor’a nako e itseng letsatsing leo a shoeleng ka lona. (Luka 7:11-17; 8:49-55) Na o ne a ka khona ho tsosa motho ea qetileng matsatsi a mane a shoele le eo setopo sa hae se neng se se se qala ho bola? (Temana ea 39) Ho thahasellisang ke hore buka e ’ngoe e fanang ka lintlha tse eketsehileng mabapi le Bibele e re Bajuda ba ne ba lumela hore ho ne ho se na tšepo “bakeng sa motho ea qetileng matsatsi a mane a shoele; ka nako eo setopo se ne se se se qala ho bola, ’me moea oo ho neng ho nahanoa hore o solla holim’a setopo ka matsatsi a mararo, o ne o se o tsamaile.”

Haeba batho ba neng ba bokane lebitleng ba ne ba e-na le pelaelo, ba ne ba tla bona matla ao Jesu a nang le ’ona a ho hlōla lefu. Jesu o ile a hoeletsa a eme ka pel’a lebitla le butsoeng, a re: “Lazaro, tsoa!” Joale “monna ea neng a shoele a tsoa.” (Temana ea 43, 44) Tšepo ea ’nete ka bafu ke tsoho, eseng tumelo ea bohata eo ba bangata ba nang le eona ea hore ha motho a shoa moea o tsoela pele o phela.—Ezekiele 18:4; Johanne 11:25.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela