Ba Ile ba Ntlafatsa Bophelo ba Bona—Na le Uena U ka Etsa se Tšoanang?
MARC, e leng mor’abo rōna oa Canada, o ne a sebetsa femeng e etsang mechine e rarahaneng ea liroboto e sebelisoang ke mekhatlo e sebetsanang le litaba tsa sepakapaka. O ne a sebetsa moo ka nakoana ebile e le pula-maliboho oa kamehla. Joale, mookameli o ile a tšepisa Marc ho mo nyollela maemong a phahameng mosebetsing—oo e ne e tla ba mosebetsi oa nako eohle o lefang chelete e ngata. Marc o ile a etsa joang?
Amy, e leng morali’abo rōna oa Philippines, e ne e le pula-maliboho oa kamehla ha a ntse a qetela lithuto tsa hae tsa sekolo. Ha a qeta sekolo, o ile a tšepisoa mosebetsi oa nako eohle o neng o tla mo nkela nako eohle ea hae empa o lefa haholo. Amy o ile a khetha ho etsa joang?
Marc le Amy ba ile ba etsa liqeto tse sa tšoaneng, ’me liphello tsa liqeto tsa bona li bontša kamoo keletso e ileng ea fuoa Bakreste ba Korinthe ea boholo-holo e leng bohlale kateng. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Ba sebelisang lefatše ba be joaloka ba sa le sebeliseng ka botlalo.”—1 Bakor. 7:29-31.
Sebelisang Lefatše Empa Eseng ka Botlalo
Pele re tseba hore na ho ile ha etsahala’ng ka Marc le Amy, a re ke re hlahlobeng ka bokhutšoanyane se boleloang ke lentsoe “lefatše” (kapa, koʹsmos ka Segerike) leo Pauluse a le sebelisitseng lengolong leo a le ngoletseng Bakorinthe. Temaneng eo ea Bibele, lentsoe koʹsmos le bolela tsamaiso ea lefatše eo re phelang ho eona—e leng batho ka kakaretso—’me le akarelletsa lintho tse tloaelehileng tseo e leng karolo ea bophelo ba letsatsi le leng le le leng, tse kang bolulo, lijo le liaparo.a Boholo ba rōna re lokela ho sebetsa e le hore re fumane lintho tse joalo tseo re li hlokang letsatsi le letsatsi. Ha e le hantle, ha re na boikhethelo empa re tlameha ho sebelisa lefatše e le hore re phethe boikarabelo ba rōna ba Mangolo ba ho lokisetsa hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa rōna le ba malapa rōna. (1 Tim. 5:8) Leha ho le joalo, ka nako e tšoanang, rea hlokomela hore “lefatše lea feta.” (1 Joh. 2:17) Ka lebaka leo, re sebelisa lefatše ho fihlela moo ho hlokahalang empa ha re le sebelise “ka botlalo.”—1 Bakor. 7:31.
Ka lebaka la ho susumetsoa ke keletso eo ea Bibele ea hore ba lekanyetse ka hohle kamoo ba ka khonang hore na ba sebelisa lefatše ho fihlela hokae, bara le baralib’abo rōna ba bangata ba ile ba hlahlobisisa bocha maemo a bona, ba fokotsa nako eo ba e qetang mosebetsing oa bona ba ba ba nolofatsa le mokhoa oo ba phelang ka oona. Ha ba se ba entse joalo, ka mor’a nakoana ba ile ba hlokomela hore ba hlile ba ntlafalitse bophelo ba bona hobane ba ne ba e-na le nako e ngata eo ba neng ba ka e qeta ba e-na le malapa a bona le eo ba neng ba ka e qeta ba le tšebeletsong ea Jehova. Ho feta moo, tsela e itekanetseng eo ba neng ba phela ka eona e ile ea etsa hore ba se ke ba itšetleha haholo ka lefatše empa ba itšetlehe haholo ka Jehova. Na le uena u ka etsa se tšoanang—ka ho nolofatsa bophelo ba hao e le hore u qete nako e eketsehileng u etsa lintho tse khahlisang Jehova?—Mat. 6:19-24, 33.
“Re Ikutloa re Atametse Haufi Haholo le Jehova ho Feta Leha e le Neng Pele”
Marc, eo ho builoeng ka eena qalong, o ile a mamela keletso ea Bibele ea ho se sebelise lefatše ka botlalo. O ile a hana ho nyolleloa maemong a phahameng mosebetsing oo a neng a o tšepisitsoe o lefang chelete e ngata. Matsatsi a seng makae hamorao, mookameli oa Marc o ile a mo tšepisa moputso o moholo le ho feta ho mo susumeletsa hore a amohele mosebetsi oo o mocha. Marc o re: “Eo e ne e le teko, empa ke ile ka boela ka hana.” O hlalosa lebaka la ho hana: “’Na le mosali oa ka Paula, re ne re batla ho phelela ho sebeletsa Jehova ka hohle kamoo ho ka khonehang. Kahoo, re ile ra etsa qeto ea ho nolofatsa mokhoa oo re phelang ka oona. Re ile ra rapella hore Jehova a re fe bohlale ba ho finyella pakane ea rōna eaba re beha letsatsi leo ka lona re neng re tla qala ho sebeletsa Jehova ka botlalo.”
Paula o re: “Ke ne ke sebetsa matsatsi a mararo ka beke ke le mongoli sepetlele ’me ke fumana moputso o motle. Ke ne ke boetse ke le pula-maliboho oa kamehla. Leha ho le joalo, joaloka Marc, ke ne ke batla ho ithaopela ho sebeletsa Jehova kae kapa kae moo ho neng ho hlokahala baboleli ba eketsehileng ba ’Muso. Leha ho le joalo, ha ke fana ka lengolo la ho itokolla mosebetsing, mookameli oa ka o ile a re kea tšoaneleha hore nka fuoa mosebetsi oa ho ba mongoli e moholo o neng o sa tsoa hlaha. Ona e ne e le mosebetsi oa bongoli o neng o lefa moputso o moholo ka ho fetisisa sepetleleng seo, empa ha kea ka ka fetola qeto ea ka ea ho itokolla mosebetsing. Ha ke bolella mookameli oa ka lebaka la ho se kenye kōpo ea mosebetsi oo, o ile a mpabatsa ka hore ke na le tumelo.”
Hamoraonyana, Marc le Paula ba ile ba fumana kabelo ea ho ba bo-pula-maliboho ba khethehileng phuthehong e nyenyane sebakeng se ka thōko sa Canada. Ho falla ha bona ho ile ha fella ka eng? Marc o re: “Ka mor’a hore ke tlohele mosebetsi o neng o etsa hore ke eme hantle licheleteng oo ke o entseng karolong e khōlō ea bophelo ba ka, ke ile ka tšoha hore na lintho li tla tsamaea joang, empa Jehova o ile a hlohonolofatsa tšebeletso ea rōna. Re ikutloa re thabile haholo ka lebaka la ho thusa ba bang ho sebeletsa Molimo. Tšebeletso ea nako e tletseng e ile ea ntlafatsa le lenyalo la rōna. Re buisana haholo ka lintho tseo ehlileng e leng tsa bohlokoa—e leng litaba tsa moea. Re ikutloa re atametse haufi haholo le Jehova ho feta leha e le neng pele.” (Lik. 20:35) Paula o phaella ka ho re: “Ha u tlohela mosebetsi oa hao le mabothobotho a ntlo eo u e tloaetseng, u tlameha ho beha tšepo eohle ea hao ho Jehova. Re ile ra etsa joalo, ’me Jehova o ile a re hlohonolofatsa. Bara le baralib’abo rōna ba ratehang ba leng phuthehong ea rōna e ncha ba etsa hore re ikutloe hore rea ratoa le hore rea hlokahala. Hona joale ke sebelisa matla ao ke neng ke a sebelisa mosebetsing oa ka, ho thusa batho hore ba tsebe Molimo. Ke thabela ho etsa mosebetsi ona haholo.”
‘Ke ne ke Hafa ka Nkatana Empa ke sa Thaba’
Amy, eo ho builoeng ka eena pejana, o ile a etsa qeto e fapaneng. O ile a amohela mosebetsi oa nako eohle o lefang chelete e ngata oo a neng a o tšepisitsoe. Amy o re: “Selemong sa pele, ke ile ka lula ke le mafolofolo tšebeletsong empa ke ile ka hlokomela hore butle-butle ke ne ke se ke nahana haholo ka ho ntlafatsa mosebetsi oa ka ho e-na le ho nahana ka litaba tse amanang le ’Muso. Ke ne ke fuoa litšepiso tse hohelang tsa ho intšetsa pele ’me ke ile ka qala ho loanela ho batla hore ke ’ne ke fumane maemo a phahameng. Ha boikarabelo ba ka bo ntse bo eketseha mosebetsing, nako eo ke neng ke e qeta tšebeletsong e ile ea ’na ea fokotseha hanyane ka hanyane. Qetellong, ke ile ka khaotsa ho bolela ka ho feletseng.”
Ha Amy a hopola nakong e fetileng, o re: “Ke ne ke hafa ka nkatana. Ke ne ke tsamaea haholo ’me ke ne ke thabela botumo bo neng bo tsamaea le maemo a ka a phahameng mosebetsing. Leha ho le joalo, ke ne ke sa thaba. Le hoja ke ne ke e-na le chelete, ke ne ke e-na le mathata a mangata. Ke ne ke ipotsa hore na bothata ke bofe. Qetellong ke ile ka hlokomela hore ke batlile ke ‘kheloha tumelong’ ka lebaka la ho hahamalla mosebetsi lefatšeng lena. Ka lebaka leo, hantle feela joalokaha Lentsoe la Molimo le bolela, ke ne ke ipaketse ‘bohloko bo boholo.’”—1 Tim. 6:10.
Amy o ile a etsa’ng? O re: “Ke ile ka kōpa baholo hore ba nthuse ho hlaphoheloa moeeng ’me ke ile ka qala ho ea libokeng. Ha ho ntse ho binoa, ke ile ka qala ho lla. Ke ile ka hopola kamoo ke neng ke thabile kateng lilemong tse hlano tseo ke neng ke kopanela mosebetsing oa boboleli ka tsona ke le pula-maliboho, le hoja ka nako eo ke ne ke futsanehile. Ke ne ke tseba hore ke lokela ho khaotsa ho senya nako ea ka ke lelekisa chelete le hore ke ne ke lokela ho etelletsa pele lintho tse amanang le ’Muso. Ke ile ka amohela boemo bo tlaasana mosebetsing, e leng ho bolelang hore moputso oa ka o ne o tla fokotseha ka liphesente tse 50, ’me ke ile ka qala ho kopanela mosebetsing oa boboleli hape.” Ka thabo, Amy o re: “Ke bile le thabo ea ho ba pula-maliboho ka lilemo tse ’maloa. Hona joale ke ikutloa ke khotsofetse haholo ho feta ha ke ne ke qeta nako ea ka e ngata ke sebeletsa lefatše lena.”
Na u ka fetola maemo a hao le ho nolofatsa mokhoa oo u phelang ka oona? Haeba u sebelisa nako eo u tla e fumana ho ntšetsa pele lintho tse amanang le ’Muso, le uena u tla ntlafatsa bophelo ba hao.—Liprov. 10:22.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Insight on the Scriptures, Buka ea 2, leqepheng la 1207-8.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 19]
Na u ka fetola maemoa hao le ho nolofatsa mokhoaoo u phelang ka oona?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 19]
“Ke se ke Ntse ke bo Rata!”
David, e leng moholo oa Mokreste oa United States, o ne a lakatsa ho kopanela tšebeletsong ea nako e tletseng le mosali oa hae le bana ba hae ba neng ba se ntse ba le tšebeletsong eo. O ile a khona ho fumana mosebetsi oa nakoana k’hamphaning eo a neng a e sebeletsa, ’me o ile a qala ho ba pula-maliboho oa kamehla. Na phetoho ee e ile ea ntlafatsa bophelo ba hae? Likhoeli tse itseng hamorao, David o ile a ngolla motsoalle e mong oa hae a re: “Ha ho letho le khotsofatsang ho feta hore motho a ikakhele ka setotsoana ho sebeletsa Jehova a e-na le lelapa la hae. Ruri ke ne ke nahana hore ho tla nkuka nako e telele hore ke tloaele bopula-maliboho, empa ke se ke ntse ke bo rata! Bo khotsofatsa e le kannete.”
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Marc le Paula ha ba le tšebeletsong