Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w08 10/15 maq. 17-20
  • “Jehova ke Matla a Ka”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Jehova ke Matla a Ka”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Ithuta ’Nete
  • Bopula-maliboho le Litlhohonolofatso Tsa Bona
  • Ke Fumana Koetliso Sekolong sa Gileade
  • “Naha ea Batho ba Bososelang”
  • Mosebetsi-’moho e Mocha le Kabelo e Ncha
  • Litlhohonolofatso Tsa ho Sebetsa ka ‘Matla a Jehova’ Bophelong
  • “Mosa oa Hao o Lerato o Molemo ho Feta Bophelo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Jehova o Ile a Nthuta ho Etsa Thato ea Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • ‘Ho Batla ’Muso Pele’
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Ho Etsa Liqeto Tse Nepahetseng ho Ntliselitse Melemo Bophelong Bohle ba Ka
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
w08 10/15 maq. 17-20

“Jehova ke Matla a Ka”

Joalokaha ho boletse Joan Coville

Ke hlahetse Huddersfield, Engelane, ka July 1925. Ke ne ke le ngoana a le mong feela lapeng ebile ke le sekulane. Ha e le hantle, Ntate o ne a ee a re, “U kulisoa ke moea o mong le o mong o fokang.” Ho ne ho bonahala eka seo ke ’nete!

HA KE ne ke sa le ngoana, baruti ba ne ba rapella khotso ka matla, empa ha ntoa ea bobeli ea lefatše e qhoma, ba ile ba rapella tlhōlo. Sena se ile sa ’makatsa sa ba sa etsa hore ke be le lipelaelo. Nakong eona eo, Annie Ratcliffe, eo e neng e le eena feela Paki ea Jehova sebakeng sa heso, o ile a tla lapeng.

Ke Ithuta ’Nete

Annie o ile a re siela buka ea Salvation a ba a mema ’Mè hore a ee lipuisanong tsa Bibele tse neng li tla tšoareloa lapeng ha hae.a ’Mè o ile a nkōpa hore ke tsamaee le eena. Ke sa ntse ke hopola puisano eo ea pele. Ho ne ho buisanoa ka thekollo, ’me se makatsang ke hore puisano eo e ile ea ’natefela. Lipotso tsa ka tse ngata li ile tsa arabeloa ho eona. Re ile ra ea hape bekeng e latelang. Lekhetlong leo ho ne ho hlalosoa boprofeta ba Jesu bo buang ka pontšo ea matsatsi a ho qetela. Ha re sheba maemo a mabe a lefatše, ’na le ’Mè re ile ra lemoha hang-hang hore seo re se utloang ke ’nete. Letsatsing lona leo, re ile ra memeloa Holong ea ’Muso.

Holong eo, ke ile ka kopana le bacha ba bang ba bo-pula-maliboho, ’me e mong oa bona e ne e le Joyce Barber (eo e seng e le oa ha Ellis), ea ntseng a sebetsa Bethele ea London le monna oa hae Peter. Ke ile ka nahana hore bopula-maliboho ke ntho e etsoang ke motho e mong le e mong. Kahoo, ho tloha ka nako eo, ke ile ka qeta lihora tse 60 ka khoeli ke bolela litaba tse molemo, le hoja ke ne ke ntse ke kena sekolo.

Likhoeli tse hlano hamorao, ka la 11 February, 1940, ’na le ’Mè re ile ra kolobetsoa kopanong ea potoloho Bradford. Ntate o ne a se khahlanong le bolumeli ba rōna bo bocha, empa ha ea ka ea e-ba Paki. Nakong eo ke kolobelitsoeng ka eona, ho ile ha qalisoa mosebetsi oa ho paka lihukung tsa literata. Ke ile ka kopanela ho oona, ke nkile mokotlana oa limakasine ke behile plakate ka pele le ka morao. Ka Moqebelo o mong, ke ile ka kōptjoa hore ke eme karolong e phetheselang ka ho fetisisa ea setsi sa mabenkele. Ke ne ke sa ntse ke tšaba batho, ’me joalokaha ke ne ke tšohile hore ho tla etsahala, ho ile ha bonahala eka bana bohle bao ke kenang sekolo le bona ba ne ba feta hukung eo ke neng ke eme ho eona!

Ka 1940 ho ne ho hlokahala hore phutheho ea habo rōna e aroloe. Ka mor’a hore e aroloe, hoo e ka bang lithaka tsa ka kaofela li ne li le phuthehong eo e ’ngoe. Ke ile ka tletleba ho molebeli ea okamelang ka taba ena. O ile a re, “Haeba u batla metsoalle ea bacha, tsamaea u e’o ruta bacha tšimong.” Ke ile ka fela ka etsa joalo! Kapele feela ke ile ka kopana le Elsie Noble. O ile a amohela ’nete ’me ea e-ba motsoalle oa ka ka nako e telele.

Bopula-maliboho le Litlhohonolofatso Tsa Bona

Ha ke qeta sekolong, ke ile ka sebeletsa ’moloki e mong oa libuka tsa khoebo. Leha ho le joalo, ha ke ntse ke hlokomela thabo eo bahlanka ba nako e tletseng ba neng ba e-na le eona, takatso ea ka ea ho sebeletsa Jehova ke le pula-maliboho e ile ea hōla. Ka May 1945, ke ile ka thabela ho qala ho sebetsa ke le pula-maliboho ea khethehileng. Letsatsing la pele ke le pula-maliboho, ho ile ha na pula ea lira-ha-li-bonoe. Leha ho le joalo, ke ne ke thabetse ho ba mosebetsing oa boboleli hoo pula eo e sa kang ea ntšoenya ka letho. Ha e le hantle, ho ba boboleling letsatsi le letsatsi le ho palama baesekele kamehla tšebeletsong, ho ile ha koetlisa ’mele oa ka ’me ha ntlafatsa bophelo ba ka. Le hoja ho se mohla boima ba ’mele oa ka bo kileng ba e-ba ka holimo ho lik’hilograma tse 42, ha ho mohla nkileng ka khaotsa ho ba bopula-maliboho. Ha lilemo li ntse li feta, ke utloile ka tsela ea sebele hore “Jehova ke matla a ka.”​—Pes. 28:7.

Kaha ke ne ke le pula-maliboho ea khethehileng, ke ile ka romeloa litoropong tseo ho neng ho se na Lipaki ho tsona ka morero oa hore ke e’o qala liphutheho tse ncha moo. Ke ile ka qala ka ho sebetsa ka lilemo tse tharo Engelane, ’me ka mor’a moo ka sebetsa tse tharo Ireland. Ha ke ntse ke bula maliboho Lisburn, Ireland, ke ile ka ithuta le monna eo e neng e le motlatsi oa moruti oa kereke ea Prostanta. Ha a ntse a ithuta ’nete ka lithuto tsa motheo tsa Bibele, o ile a li ruta phutheho ea hae. Litho tse ling tsa phutheho li ile tsa tletleba ho balaoli ba kereke, ’me ka lebaka leo o ile a kōptjoa hore a itlhalose. O ile a bolela hore o nahana hore ke tšoanelo ea hae joaloka Mokreste hore a bolelle mohlape hore o ne a o rutile mashano a mangata. Le hoja lelapa la hae le ile la mo hanyetsa ka matla, o ile a nehela bophelo ba hae ho Jehova ’me a mo sebeletsa ka botšepehi ho fihlela lefung.

Ha ke le Larne, kabelong ea ka ea bobeli ke le pula-maliboho Ireland, ke ile ka sebetsa ke le mong ka libeke tse tšeletseng kaha mphato oa ka o ne a le Kopanong ea Khōlo ea Puso ea Molimo e neng e le New York, ka 1950. Ho ne ho nyolosetsa. Ke ne ke labalabetse ho ba kopanong eo. Leha ho le joalo, libekeng tseo, ke ile ka ba le liphihlelo tse ngata tse khothatsang tšimong. Ke ile ka kopana le monna-moholo e mong ea neng a ile a amohela buka e ’ngoe ea rōna lilemong tse fetang 20 pele ho moo. Ha lilemo li ntse li feta, o ne a ile a e bala ka makhetlo-khetlo hoo a neng a se a batla a e tseba ka hlooho. Eena le mora le morali oa hae ba ile ba amohela ’nete.

Ke Fumana Koetliso Sekolong sa Gileade

Ka 1951, ke ile ka mengoa le bo-pula-maliboho ba bang ba leshome ba Engelane hore re be teng sehlopheng sa bo17 sa Sekolo sa Gileade se neng se le South Lansing, New York. Ke ile ka thabela haholo thupelo ea Bibele eo re ileng ra e fuoa likhoeling tseo! Nakong eo, baralib’abo rōna ba ne ba e-s’o ngolisoe Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo liphuthehong tsa habo bona, empa ha re le Gileade re ile ra fuoa likabelo tsa ho fana ka litlaleho le lipuo tsa liithuti. Re ne re tšoha haholo! Puong ea ka ea pele, letsoho le neng le tšoere pampiri eo ke ngotseng lintlha ho eona, le ile la thothomela ho fihlela ke qeta. Morupeli, e leng Mor’abo rōna Maxwell Friend, o ile a re ka bosoasoi, “U ne u sa tšoha feela qalong, joaloka libui tsohle tse hloahloa, empa u ne u tšohile ho fihlela qetellong.” Nakong ea thupelo eo, bohle re ile ra ntlafatsa bokhoni ba rōna ba ho bua ka pel’a sehlopha. Ha re re phapha! nako ea thupelo ea rōna e ne e felile, ’me re ile ra fuoa likabelo tsa ho ea linaheng lisele tse ’maloa. Ke ile ka fuoa kabelo ea ho ea Thailand!

“Naha ea Batho ba Bososelang”

Ke nka hore e ne e le mpho e tsoang ho Jehova hore ebe Astrid Anderson o ile a abeloa hore e be moromuoa le ’na Thailand. Leeto la rōna le ile la nka libeke tse supileng ka sekepe se tsamaisang thepa. Ha re fihla motse-moholo, Bangkok, re ile ra fumana ho e-na le limmaraka tse phetheselang le marangrang a likanale tseo e leng litsela tse khōlo tsa motse. Ka 1952, baboleli ba ’Muso Thailand ba ne ba le ka tlaase ho 150.

Ha re qala ho bona Molula-Qhooa ka Sethai, re ile ra ipotsa, “Ebe re tla ke re tsebe ho bua puo ee?’ Bothata bo boholo e ne e le ho bitsa mantsoe ka tsela e nepahetseng. Ka mohlala, ha u bitsa lentsoe khaù ka lentsoe le phahameng ha u qala u ntan’o le tebisa, le bolela “raese,” empa lentsoe lona leo le bolela “litaba” ha motho a le tebisitse. Kahoo, ha re ne re le tšimong, re ile ra qala re haketse re re ho batho “re le tliselitse raese e ntle,” ho e-na le ho re “re le tliselitse litaba tse molemo”! Empa butle-butle​—le ka mor’a ho qaboha haholo—​re ile ra tseba puo eo.

Batho ba Mathai ba botsoalle haholo. Ho loketse hore ebe Thailand e bitsoa Naha ea Batho ba Bososelang. Sebaka sa pele seo re ileng ra abeloa ho ea ho sona e ne e le motse oa Khorat (oo hona joale o bitsoang Nakhon Ratchasima), moo re ileng ra sebetsa ka lilemo tse peli. Hamorao re ile ra abeloa hore re e’o sebetsa motseng oa Chiang Mai. Mathai a mangata ke Mabuddha ’me ha aa tloaela ho sebelisa Bibele. Ha ke le Khorat ke ile ka ithuta le mookameli oa poso. Re ile ra bua ka mopatriareka Abrahama. Kaha monna enoa o ne a kile a utloa ha ho buuoa ka lebitso Abrahama, o ile a ōma ka hlooho haholo. Leha ho le joalo, ka mor’a nakoana ke ile ka hlokomela hore ha re bue ka Abrahama a le mong. Mookameli oa poso o ne a nahanne ka Abraham Lincoln, mopresidente oa mehleng oa United States!

Re ile ra thabela ho ruta Mathai a lipelo li ntle Bibele, empa batho ba Mathai le bona ba ile ba re ruta hore na re ka thaba joang le hoja re phela bophelo bo itekanetseng. Thuto eo e ile ea e-ba ea bohlokoa hobane lehaeng la baromuoa la pele le neng le le Khorat, re ne re se na motlakase kapa metsi a ka tlung. Likabelong tseo, re ile ra ‘ithuta sephiri sa ho ba le ho hongata haholo le ho hloka.’ Joaloka moapostola Pauluse, re ile ra tseba hore na ke ntho e joang ho ba “le matla ka lebaka la ea [fanang ka] bonatla.”​—Bafil. 4:12, 13.

Mosebetsi-’moho e Mocha le Kabelo e Ncha

Ka 1945, ke ile ka etela London. Ketelong eo, ke ile ka ea setsing sa pokello ea lintho tsa bohlokoa sa Brithani le bo-pula-maliboho ba bang hammoho le basebetsi ba bang ba Bethele. E mong oa bona e ne e le Allan Coville, eo ka mor’a moo a ileng a ea sehlopheng sa bo11 sa Gileade. O ile a abeloa hore a ee Fora ’me ka mor’a moo a ea Belgium.b Hamorao, ha ke ntse ke sebetsa ke le moromuoa Thailand, o ile a nkōpa hore na nka nyalana le eena, ’me ke ile ka amohela kōpo ea hae.

Re ile ra chatela Brussels, Belgium, ka la 9 July, 1955. Kamehla e ne e le takatso ea ka hore ke tle ke ee Paris bakeng sa phomolo ea ka mor’a lechato, kahoo Allan o ile a lokisetsa hore re ee kopanong teng bekeng e latelang. Leha ho le joalo, ha re fihla, ka potlako Allan o ile a kōptjoa hore e be toloko kopanong eo kaofela. Letsatsi le leng le le leng, o ne a tlameha ho tsamaea esale hoseng, ’me re ne re khutlela moo re neng re lula teng bosiu haholo. Kahoo, ke ile ka fela ka ea phomolong ea ka mor’a lechato Paris, empa boholo ba nako ke ne ke bonela Allan hōle—a le sethaleng! Leha ho le joalo, ke ne ke thabela ho bona monna oa ka e mocha a sebelisoa hore a sebeletse bara le baralib’abo, ’me ho ne ho se pelaelo kelellong ea ka hore haeba Jehova e le oa bohlokoa lenyalong la rōna, re ne re tla thaba e le kannete.

Lenyalo le ile la boela la nkisa tšimong e ncha ea Belgium. Ntho feela eo ke neng ke e tseba ka Belgium ke hore lintoa tse ngata li ne li loaneloa teng, empa ka potlako ke ile ka hlokomela hore batho ba bangata ba Belgium ba hlile ba rata khotso. Kabelong ena ea ka ho ne ho boetse ho hlokahala hore ke ithute Sefora, e leng puo e buuoang karolong e ka boroa ea naha ena.

Ka 1955 ho ne ho e-na le bahoeletsi ba 4 500 Belgium. ’Na le Allan re ile ra sebetsa Bethele le mosebetsing oa ho potoloha ka lilemo tse ka bang 50. Ka lilemo tsa pele tse peli le halofo, re ne re nyolosa ebile re theosa ka libaesekele maralleng a moo, ho sa tsotellehe hore na pula ea na kapa che. Lilemong tsena kaofela, re ile ra robala malapeng a fapa-fapaneng a Lipaki a fetang 2 000! Hangata ke ne ke kopana le bara le baralib’abo rōna ba kulang empa ba sebeletsa Jehova ka matla ’ohle a bona. Mohlala oa bona o ile oa nkhothatsa hore ke se ke ka tlohela tšebeletso. Ka mor’a beke e ’ngoe le e ’ngoe eo re neng re e qeta re etetse phutheho, kamehla re ne re ikutloa re khothetse. (Bar. 1:11, 12) Allan e ne e le molekane oa sebele. Mantsoe a ho Moeklesia 4:9, 10 ke ’nete hakaakang ha a re: “Ba babeli ba molemo ho feta a le mong, . . . etsoe haeba a le mong oa bona a ka oa, e mong a ka emisa molekane oa hae”!

Litlhohonolofatso Tsa ho Sebetsa ka ‘Matla a Jehova’ Bophelong

Ka lilemo-lemo, ’na le Allan re ile ra ba le liphihlelo tse ngata tse monate ha re thusa batho ba bang ho sebeletsa Jehova. Ka mohlala, ka 1983 re ile ra etela phutheho ea Sefora ea Antwerp, moo re ileng ra lula le lelapa le neng le boetse le lula le Benjamin Bandiwila, e leng mor’abo rōna ea neng a sa ntse a le mocha lilemong ea neng a tsoa Zaire (eo hona joale e leng Democratic Republic of Congo). Benjamin o ne a tlile Belgium hore a ntšetse pele thuto e phahameng. O ile a re ho rōna, “Kannete ke khalla tsela eo le phelang ka eona, ea ho inehela ka ho feletseng tšebeletsong ea Jehova.” Allan o ile a re: “U re ua re khalla; leha ho le joalo u lelekisa mosebetsi oa lefatše. Na ha u nahane hore litaba tsa hao ha li lumellane?” Mantsoe ana a sa hlatheng koana le koana a ile a etsa hore Benjamin a nahane ka bophelo ba hae. Hamorao ha a se a le Zaire, o ile a qala ho bula maliboho, ’me hona joale ke setho sa Komiti ea Lekala.

Ka 1999, ke ile ka buuoa hore ho tlosoe seso seo ke neng ke e-na le sona ’metsong. Ho tloha ka nako eo, boima ba ka ba ’mele e ’nile ea e-ba lik’hilograma tse 30 feela. Ruri ke ‘sejana sa letsopa’ se fokolang. Leha ho le joalo, ke leboha hore ebe Jehova o mphile “matla a fetang se tloaelehileng.” Ka mor’a hore ke buuoe, Jehova o ile a etsa hore ke boele ke khone ho tsamaea le Allan hape mosebetsing oa ho potoloha. (2 Bakor. 4:7) Joale, ka March 2004, Allan o ile a hlokahala a ithobaletse. Ke mo hloloheloa haholo, empa ho tseba hore o mohopolong oa Jehova hoa ntšelisa.

Kajeno, ha ke le lilemo li 83, ke nahana ka lilemo tse fetang 63 tseo ke li qetileng ke le tšebeletsong ea nako e tletseng. Ke ntse ke le mafolofolo tšebeletsong, ke khanna thuto ea Bibele ke le lapeng ebile ke sebelisa menyetla eo ke e fumanang letsatsi le letsatsi ho bua ka morero oa Jehova o tsotehang. Ka linako tse ling, kea ipotsa, ‘Ebe bophelo ba ka bo ka be bo bile joang haeba ke ne ke sa qala ho bula maliboho ka 1945?’ Ka nako eo, taba ea hore ke ne ke le sekulane e ne e ka ’na ea bonahala e le lebaka le utloahalang la hore ke se ke ka ba pula-maliboho. Leha ho le joalo, ke leboha haholo hore ebe ke ile ka ba pula-maliboho ke sa le monyenyane. Ke bile le tlotla ea ho bona hore haeba re etelletsa Jehova pele, e tla ba matla a rōna.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Salvation e ne e hatisitsoe ka 1939. Hona joale ha e sa hatisoa.

b Pale ea Mor’abo rōna Coville e ile ea hlaha Molula-Qhooeng (oa Senyesemane) oa March 15, 1961.

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Ke na le Astrid Anderson (ea ka letsohong le letona) e leng moromuoa eo ke neng ke sebetsa le eena

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Ke na le monna oa ka mosebetsing oa ho potoloha, ka 1956

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Ke na le Allan ka 2000

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela