Kamoo U ka Utloisisang Bibele Kateng
3. Amohela Thuso e Tsoang ho ba Bang
Ha mofuputsi Edward John Eyre a ne a le leetong le thata la ho haola le Thota ea Nullarbor, Maaborijene a moo a ile a ruta Eyre hore na a ka fumana metsi joang liqubung tsa lehlabathe le lifateng tsa boloukomo. Kaha Eyre o ile a amohela thuso ea ba tsebang sebaka seo, hamorao seo se ile sa pholosa bophelo ba hae.
JOALOKAHA mohlala ona o bontša, e le hore motho a atlehe ho phetha mosebetsi o itseng o boima, hangata ho hlokahala hore a thusoe ke batho ba nang le tsebo. Ho joalo le tabeng ea ho bala Bibele.
Jesu o ne a sa lebella hore balateli ba hae ba utloisise Bibele ho se ea ba thusang. Ka lekhetlo le leng o ile “a bula likelello tsa bona ka botlalo hore li utloisise se boleloang ke Mangolo.” (Luka 24:45) Jesu o ne a tseba hore ba balang Bibele ba hloka thuso hore ba utloisise seo Mangolo a se rutang.
Thuso e Tsoang ho Bo-mang?
Jesu o ile a laela balateli ba hae ba ’nete hore ba fane ka thuso ena. Pele a nyolohela leholimong, Jesu o ile a fana ka taelo ena: “Ka hona e-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, . . . le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matheu 28:19, 20) Mosebetsi o ka sehloohong oa Bakreste o akarelletsa ho ruta, e leng ho kopanyelletsang ho hlalosa hore na melao-motheo ea Bibele e ka sebelisoa joang bophelong ba letsatsi le letsatsi. Bakreste ba ’nete ba thusa ba bang hore ba utloisise Bibele.
Nakoana ka mor’a hore Jesu a fe balateli ba hae taelo ena, ho ile ha etsahala ntho e thahasellisang. Bibele e bua ka letona la ’muso le tsoang Ethiopia le neng le bala karolo ea boprofeta ba Esaia. Le ile la bala karolo e ’ngoe e ileng ea le emisa hlooho. Ho latela tlaleho ea Bibele, le ne le ferekanngoa ke temana e reng: “Joaloka nku o ile a tlisoa tlhabong, le joaloka konyana e sa tsebeng ho bua ka pel’a mokuti oa eona, kahoo ha a ahlamise molomo. O ile a amohuoa kahlolo ha a kokobetsoa. Ke mang ea tla pheta lintlha tse qaqileng tsa moloko oa hae? Hobane bophelo ba hae bo tlosoa lefatšeng.”—Liketso 8:32, 33; Esaia 53:7, 8.
Letona leo le ile la botsa Filipi eo e neng e le khale e le Mokreste a bile a tseba Mangolo, la re: “Moprofeta o bua see mabapi le mang? Mabapi le eena kapa mabapi le motho e mong ea itseng?” (Liketso 8:34) Moethiopia eo ea ratang ’nete o ne a ile a ea Jerusalema ho ea rapela teng, mohlomong o ne a bile a rapetse Molimo hore a mo tataise. Ho hlakile hore o ne a bala ka cheseho le ka boikokobetso. Ho ntse ho le joalo, letona leo le ne le ntse le sa utloisise temana eo. Ka boikokobetso le ile la kōpa Filipi hore a le thuse. Monna enoa o ile a thabisoa ke tlhaloso ea Filipi hoo a ileng a susumelletseha hore le eena e be Mokreste.—Liketso 8:35-39.
Lipaki Tsa Jehova li ntšetsa pele mosebetsi o neng o etsoa ke Filipi le Bakreste ba bang ba pele. Linaheng tse fetang 235, Lipaki li ithaopela ho thusa batho ba bang hore ba utloisise seo ha e le hantle Bibele e se rutang. Li etsa sena ka ho ithuta Mangolo le ba bang li a arotse ka lihlooho tse sa tšoaneng tsa Bibele. Mokhoa ona oa ho tsoela pele ho ithuta Bibele le batho o akarelletsa ho hlahloba seo Bibele e se buang litabeng tse itseng tse tobileng, kapa lihloohong tse itseng.a—Bala lebokose le reng “Likarabo Tse Khotsofatsang Lipotsong Tse Mabapi le Bibele.”
“Lipotso Tsohle Tsa ka li Ile Tsa Arajoa”
Steven, Valvanera le Jo-Anne ba qotsitsoeng sehloohong sa pele, ba ile ba qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Steven o re: “Ntho e neng e ’makatsa ke hore ka ho bapisa melao-motheo e ’maloa ea Mangolo kapa litlaleho tsa ’ona feela, hangata re ne re fumana likarabo habonolo ka Bibeleng. Pele ke qala ho ithuta Bibele, ha ho na motho ea neng a kile a mpontša hore na nka etsa seo joang. Ke ile ka ikutloa ke imolohile haholo ha ke elelloa hore Bibele hase buka ea likhang tse sa feleng le e ikhanyetsang.”
Valvanera o lumellana le seo. O re: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e lumellana ebile e utloahala. Ke ile ka ithuta hore ha kea lokela ho lumela taba hobane feela e rutoa Kerekeng, empa ke lokela ho e lumela hafeela ho fanoa ka tlhaloso e utloahalang bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e rutoang.” Jo-Anne o re: “Taba ea hore lipotso tsohle tsa ka li ile tsa arajoa ka Bibele e ile ea etsa hore ke hlomphe Mongoli oa eona ka ho tebileng, hobane o ile a bona esale pele hore batho ba tla ba le lipotso tse ngata tse thata eaba o etsa bonnete ba hore o tlaleha likarabo tse khotsofatsang ka Bibeleng.”
Na ho na le Paki ea Jehova eo u e tsebang? Ho ka ba joang ha u ka e kōpa hore e u bontše kamoo lenaneo la ho ithuta Bibele le tsamaisoang kateng? Haeba ha ho na Paki ea Jehova eo u e tsebang, re kōpa hore u ngolle atereseng e ’ngoe ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 4 la makasine ena. Ha ho hlokahale hore u thatafalloe ho utloisisa Bibele haeba u ka kōpa thuso ea moea o halalelang oa Molimo, haeba u ikemiselitse ho amohela likhopolo tse ncha ha u e bala le haeba u lumella motho e mong hore a u thuse. Ka sebele, u ka utloisisa Bibele!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova, e thusitse batho ba bangata ho ithuta Mangolo e a arotse ka lihlooho tse sa tšoaneng.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]
Likarabo Tse Khotsofatsang Lipotsong Tse Mabapi le Bibele
Tsena ke tse ling tsa lihlooho tse tšohloang ke Lipaki Tsa Jehova lenaneong la ho ithuta Bibele:
• Morero oa Molimo ke ofe ka lefatše?
• Bafu ba hokae?
• Na re phela “matsatsing a ho qetela”?
• Ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse bohloko?
• Nka etsa joang e le hore bophelo ba lelapa la ka e be bo thabileng?
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
E le hore u utloisise Bibele . . . rapella moea oa Molimo, bala u ikemiselitse ho amohela likhopolo tse ncha, lumella ba bang hore ba u thuse