Bibele—Buka e Ngotsoeng ka Morero oa Hore e Utloisisoe
BATHO ba bang ba lumela hore Bibele ke Lentsoe le hlakileng la Molimo le lokelang ho lateloa joalokaha le le joalo. Ho ba bang, “molaetsa oa Bibele o ka hlalosoa ka mekhoa e mengata haholo.” Ho bolela joalo komiti ea litho tse 12 ea tumelo le thuto ea bolumeli ea sehlopha sa bolumeli ba Boprostanta se seholo ka ho fetisisa sa Canada. Moruti Clifford Elliott, oa Kereke ea United, o na le boikutlo ba hore ho ba bang “Bibele e thata hore e utloisisoe, ha e na kamano le motho hape hase ea bohlokoa.”
Lipono tse joalo li hlahisa lipotso tse loketseng tse tšoanelang ho arabjoa. Tsa bohlokoa ho tsona ke tsena, Ke hobane’ng ha Bibele e ile ea ngoloa? Na e ferekanya haholo ebile e thata hore batho ba e utloisise? Na motho feela ea tloaelehileng a ka e utloisisa? Ke thuso efe e hlokahalang hore motho a utloisise se boleloang ke Mangolo? Hona ke hobane’ng ha tsebo e nepahetseng ea Bibele e hlokahala linakong tsee tsa pherekano?
Ke Hobane’ng ha Bibele e Ile ea Ngoloa?
Ho ithuta Lentsoe la Molimo e ’nile ea e-ba ntho ea bohlokoa e hlokahalang bakeng sa ba tla fumana mohau le kamohelo ea Molimo Ea Holimo-limo, Jehova. Marena, baprista, batsoali, banna, basali, le bana—barui le mafutsana ka ho tšoanang—ba ne ba laeloa hore ba iphe nako mesebetsing ea bona ea bophelo ea letsatsi le letsatsi ea ho nahana ka botebo le ka thapelo ka Lentsoe la Molimo le ngotsoeng.—Deuteronoma 6:6, 7; 17:18-20; 31:9-12; Nehemia 8:8; Pesaleme ea 1:1, 2; 119:7-11, 72, 98-100, 104, 142; Liproverbia 3:13-18.
Ka mohlala, Joshua o ile a laeloa: “Tiisa hore buka ea Molao e baloa kamehla borapeling ba hao. Ithute eona motšehare le bosiu, hape u tiise hore u mamela ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka ho eona. Ke moo u tla tsoella ’me u atlehe.” (Joshua 1:8, Today’s English Version) Ho ithuta le ho sebelisa Molao oa Molimo ka mokhoa o hlokolosi joalo ho ne ho tla fella ka katleho le thabo. Jehova o ile a rera hore “batho ba mefuta eohle” ba ne ba sa tl’o utloisisa Lentsoe la hae, Bibele feela, empa hape ba ne ba tla le mamela, ka tebello ea ho amohela mpho ea bophelo.—1 Timothea 2:3, 4, NW; Johanne 17:3.
Na e Thata Haholo Hore e ka Utloisisoa?
Pele Jesu a nyolohela leholimong, o ile a hlakisa hore o batla hore lenaneo le leholo la thuto ea Bibele le tsoele pele lefatšeng ka bophara. (Liketso 1:8) O ne a tseba hore Bibele e ngotsoe ka morero oa hore e utloisisoe. Hoba a hlalose hore Jehova o ne a mo nehile bolaoli bohle leholimong le lefatšeng, o ile a ntša taelo ena e tobileng: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang; ’me le ba rute, ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.”—Mattheu 28:19, 20.
Barutuoa ba bacha ba ne ba lokela ho rutoa ka Jehova, Mora oa hae, le tšebetso ea moea o halalelang pele ba kolobetsoa. Ho phaella moo, ba ne ba lokela ho lauoa ka molao oa tsamaiso ea lintho ea Bokreste. (1 Ba-Korinthe 9:21; Ba-Galata 6:2) Ho finyella phello ena, ntho ea pele e neng e hlokahala e ne e le hore ba tšoanelehang ba lumele hore Bibele e tsoa ho Jehova ’me ntho ea bobeli e le hore e ngotsoe ka morero oa hore e utloisisoe.—Mattheu 10:11-13.
Ke eng e hlokahalang ka lehlakoreng la hao hore u utloisise Bibele? Mora oa Molimo o ile a etsa boiteko bo khethehileng ba ho hlalosa Mangolo. O ne a tseba hore Mangolo a Halalelang ke ’nete le hore a na le thato ea Jehova e boletsoeng ka mokhoa o hlakileng. (Johanne 17:17) Mabapi le kabelo ea hae ea mosebetsi, Jesu Kreste o ile a re: “Ke ile ka tsoaloa ’me ka tlela morero ona o le mong lefatšeng, hore ke bue se mabapi le ’nete. Mang kapa mang eo e leng oa ’nete oa ’mamela.” (Johanne 18:37, TEV; Luka 4:43) Jesu ha aa ka a tlohela ho ruta ba nang le lipelo le litsebe tse amohelang. Ho Luka 24:45, rea bolelloa: “Ea e-ba hona a [Kreste Jesu] bulang kutloisiso ea bona, hore ba utloisise Mangolo.”
Jesu nakong ea tšebeletso ea hae o ile a qotsa ka bolokolohi Lentsoeng le ngotsoeng, a hlalosa a bile a supa mangolong a “molaong oa Moshe le baporofeteng le lipesalemeng.” (Luka 24:27, 44) Ba neng ba utloa litlhaloso tsa hae tsa Mangolo ba ne ba susumetsoa haholo ke kutloisiso ea hae e hlakileng, hammoho le tsebo ea hae ea ho ruta. (Mattheu 7:28, 29; Mareka 1:22; Luka 4:32; 24:32) Ho eena, Mangolo e ne e le buka e utloisisoang habonolo.
Bibele le Balateli ba Jesu
Moapostola Pauluse, moetsisi oa Jesu Kreste, o ile a bona hore hoa hlokahala ho ruta ba bang se ka Mangolong. Le eena o ne a tseba hore e ngotsoe ka morero oa hore e utloisisoe. Ke ka lebaka leo a ileng a ruta phatlalatsa ’me ntle ho pelaelo a ileng a hlalosa Mangolo malapeng a ba neng ba batla ho a utloisisa. Pauluse o ile a tsebahatsa boemo ba hae ha a re: “Lea tseba hore ha ke bolela leha ke ruta phatlalatsa le ka malapeng a lōna ha kea ka ka pata ntho leha e le efe e neng e tla le thusa.” (Liketso 20:20, TEV) Nakong eo a neng a tšoara lipuisano ka eona o ne a beha mabaka ka Mangolo, a hlalosa ’me a paka lintlha tsa hae ka litšupiso. (Liketso 17:2, 3) O ne a thahasella ho thusa ba bang hore ba utloisise seo Mangolo a se bolelang.
Na u laba-labela ho utloisisa lintho tseo Jesu le barutuoa ba hae ba neng ba li ruta? (1 Petrose 2:2) Baahi ba Berea ea boholo-holo ba bile le takatso e joalo, ’me ba ne ba lakatsa ho lumela seo moapostola Pauluse a neng a ba ruta sona ka Kreste. Ka hona ba ile ba khothaletsoa ho ithuta Mangolo kamehla ’me kahoo ba kholisehe hore litaba tse molemo tseo ba li utloang e ne e le ’nete ka sebele. Kaha lipelo tsa bona li ne li sekametse ho amoheleng likhopolo tsa ba bang, “ba bangata har’a bona ba [ile] ba lumela.”—Liketso 17:11, 12.
Hore a tle a utloisise Bibele, pelo ea motho e lokela ho ba boemong bo nepahetseng, a be le takatso ea ho ithuta e hlokang boikaketsi, le ‘ho ela hloko seo a se hlokang moeeng.’ (Mattheu 5:3, NW) Ha Jesu a ne a botsoa: “U buela’ng le bona ka litšoantšo na? A ba araba, a re: Ke hobane lōna le neiloe ho tseba liphiri tsa ’muso oa maholimo, empa bona ha ba ka ba neoa.” Ho ne ho ile ha boleloa esale pele hore o ne a tla ‘ahlamisa molomo ka litšoantšo, a pepese litaba tse neng li patiloe.’ (Mattheu 13:10, 11, 35) Kahoo Jesu o buile ka litšoantšo ho arola momameli ea sa nkeng litaba ka botebo le ea bohele-hele ho motho ea botsang ka lebaka la thahasello ea sebele. Barutuoa ba Jesu ba ile ba bontša thahasello ea sebele ha ka lekhetlo le leng ba e-ea le eena ka tlung e ’ngoe ’me ba re: “Re qaqisetse setšoantšo sa mofoka oa tšimo.”—Mattheu 13:36.
Ho totobetse hore re hloka thuso haeba re tla utloisisa Bibele. Moruti Hal Llewellyn, mongoli oa Kereke ea United oa thuto ea bolumeli, tumelo le ntšetso-pele ea bonngoe ba Bokreste lefatšeng ka bophara, o ile a re: “Ke habohlokoa haholo ho hlakisa hore na Bibele e bolela eng ho rōna le hore na e baloa joang le ho hlalosoa joang.” Empa le haeba hase bohle ba hlokomelang, ’nete ke hore re ke ke ra utloisisa Bibele haeba re sa thusoe. Re hloka thuso.
Ke Thuso Efe e Fumanehang?
Ka Bibeleng ho na le lipolelo tse ling tse ferekanyang, lipotso tse ling tse tsietsang, le lipolelo tse ling tse thata ho utloisisoa tse hlokang ho rarolloa. Mohlomong li poteletse ka morero, li sebelisitse lipapiso tse nang le moelelo tse ileng tsa etsoa ka morero oa hore li se ke tsa utloisisoa ka nako eo li neng li ngoloa ka eona. Empa ka sebele li ne li ama merero ea Jehova. Ka mohlala, Tšenolo 13:18 e re “palo ea sebata” ke “makholo a tšeletseng a mashome a tšeletseng a metso e tšeletseng.” Ha temana e re “ke moo bohlale bo leng teng,” ha e hlalose hore na palo eo e bolela eng. Leha ho le joalo, Jehova kajeno ka mokhatlo o hlophisitsoeng oa hae, o nehile bahlanka ba hae ba tšepahalang hore ba utloisise seo e se bolelang. (Bona lebokose le reng, “Mocha oa ho Utloisisa Bibele.”) Le uena u ka fumana kutloisiso ena ka thuso ea ba nang le tsebo ea ho ‘ruta lentsoe la ’nete ka ho loka.’—2 Timothea 2:2, 15, 23-25; 4:2-5; Liproverbia 2:1-5.
Jesu ka linako tse ling o ne a sebelisa litšoantšo ho bontša karabelo kapa bosieo ba karabelo molaetseng oa ’Muso. O ile a bontša hore ba bang ba ne ba sa tl’o tsoela pele kahobane ba nyahamisitsoe ke khanyetso e etsoang ke metsoalle le beng ka bona. Ba bang ba ne ba tla lumella “tšoenyeho le hloriso” ho senya kananelo ea bona ea molaetsa oa ’Muso. Ba bang hape ba ne ba tla lumella litaba tsa bophelo tsa letsatsi le leng le le leng, “ho belaella lintho tsa lefatše lena, le ho thetsa ha lefumo,” hore li pupetse lerato leha e le lefe leo e ka ’nang eaba ba na le lona bakeng sa litaba tse molemo. Ka lehlakoreng le leng, ho na le ba arabelang ka thabo ’me ba ikemiselitse ho utloa lentsoe la bohlokoa le ho le utloisisa. Baa ‘feheloa, baa bobola ka baka la manyala ’ohle a etsoang’ Bokreste-’mōtoaneng, a etsoang ka tumelo ea hore a etsoa lebitsong la Jesu Kreste. Ba joalo ba chesehela ho lauoa ka litsela tsa Jehova ’me ka hona ba utloisise seo ba se balang ka Bibeleng.—Mattheu 13:3-9, 18-23; Ezekiele 9:4; Esaia 2:2-4.
Bakeng sa ba batlang ho ba le temohisiso ka merero ea Jehova motheong oa motho ka mong, Jehova a ka bona hore thuso e hlokahalang ea fanoa. E le papiso, Bibele e tlaleha hore moea oa Jehova o ile oa tataisa ’moleli oa evangeli Filippi hore a thuse monna oa Ethiopia ea neng a hlahloba buka ea Bibele ea Esaia ha a le leetong a tsoa Jerusalema. Tseleng e eang hae, o ne a e bala ka koloing ea hae. E le ha a utloa ketello-pele ea moea o halalelang oa Jehova, Filippi o ile a matha a ikhohlile le koloi eo ’me a botsa: “Na u utloisisa seo u se balang na?” Monna eo o ne a ikokobelitse ’me a tšepahala ka ho lekaneng hore a lumele hore o ne a hloka thuso. Ka thabo Filippi o ile a ruta motho enoa ea lapileng moeeng le ea rutehang. Thuto eo e ile ea mo thusa hore a utloisise Mangolo. O ile a ithuta seo joale a neng a lokela ho se etsa hore a thabele kamano e ntle le Jehova e le hore a fumane bophelo bo sa feleng. O ile a fetoha mohlanka ea thabileng, ea kolobelitsoeng oa Jehova, ea ileng a phehella bophelo bo neng bo thabisa Molimo.—Liketso 8:26-39.
U ka ’na ua ba le Bibele ka lapeng la hao, ’me e ka ’na eaba u e balile ka makhetlo a mangata. Ho ka etsahala hore ebe u thulane le bothata bo tšoanang le boo Moethiopia enoa ea nang le thahasello ea sebele, ea ikokobelitseng a ileng a thulana le bona. O ne a sitoa ho utloisisa seo a se balang. O ne a hloka thuso ’me ha aa ka a tsila-tsila ho amohela thuso eo Jehova Molimo a neng a khahloa ho fana ka eona. Joaloka Filippi, Lipaki tsa Jehova li thabela ho u thusa hore u utloisise lintho tse buang ka Molimo tse ngotsoeng ka Lentsoeng la hae, Bibele. Lia tseba hore Jehova o fane ka Bibele ka morero oa hore e utloisisoe.—1 Ba-Korinthe 2:10; Ba-Efese 3:18; 2 Petrose 3:16.
Ke Hobane’ng ha Bibele e Hlokahala?
Re phela nakong e potlakileng haholo historing ea motho. Bibele e e bitsa “ho fela ha lefatše.” (Mattheu 24:3) Liketsahalo tse ngata tse etsahalang phethahatsong ea boprofeta ba Bibele ho tloha ka selemo sa 1914 li bontša hore haufi-ufi ’Muso oa leholimo oa Molimo o tla ‘robaka o felise mebuso e meng kaofela.’—Daniele 2:44.
Ipalle se boletsoeng esale pele ka Bibeleng ho Mattheu khaolo ea 24, Mareka khaolo ea 13, le Luka khaolo ea 21. U tla hlokomela hore lefatše lohle le amehile ka liketsahalo tse hlalositsoeng moo. Li akarelletsa lintoa tsa lefatše—tse khethollehileng lintoeng tse ling tsohle. Ho tloha Ntoeng ea I ea Lefatše, re bone likhaello tsa lijo, litšisinyeho tsa lefatše, le nako ea ho se ee ka molao e sa tloaelehang tse ileng tsa boleloa esale pele. ’Me hona joale ho bonahala lichaba li le mothating oa ho bua polelo e tla fana ka pontšo e tšepahalang ea hore timetso ea lefatše e haufi. Mabapi le sena, moapostola Pauluse o ile a ngola: “Letsatsi la Morena le tla hlaha joalo ka lesholu la bosiu. Hobane mohla ba tla re: Ho khotso, ho iketliloe! ke moo tšenyeho e tla ba oela holimo ka sehlōhō, . . . ’me ba ke ke ba phonyoha.” (1 Ba-Thessalonika 5:2, 3) Ke bafe ba sa tl’o phonyoha? Pauluse oa hlalosa: “Ba sa tsebeng Molimo, le . . . ba sa utloeng Evangeli ea Jesu Kreste, Morena oa rōna.” (2 Ba-Thessalonika 1:7-9) Karolo e ’ngoe ea pontšo e nang le likarolo tse ngata e ne e tla phethahatsoa ke ba mamelang taelo e fanoeng ho Mattheu 24:14 ea ho bolela “Evangeli ena ea ’muso . . . lefatšeng lohle.”
Lipaki tsa Jehova tse baloang ka limilione li phethahatsa taelo ena linaheng le lihleke-hlekeng tsa leoatle tse 231. Li etela malapeng a batho ’me li ba mema ka botsona hore ba ithute ka puso ea ’Muso oa Jehova. Ka mosa li supa khato eo e mong le e mong a lokelang ho e nka hore a tle a be har’a baphonyohi ba tsamaiso ena ea lintho le hore a tle a phele lefatšeng la paradeise leo ho lona ho ke keng ha e-ba le masoabi, ho bokolla, bohloko, kapa lefu.—Tšenolo 21:3, 4.
Lefatše lena le khopo le felloa ke nako ka potlako, ’me hoa hlokahala hore bohle ba batlang ho phonyoha bofelo ba lefatše lena ba ithute hore na ke eng e amehang ho “utloeng Evangeli” ’me kahoo ba phonyohe timetso. Ka nako e latelang ha Lipaki tsa Jehova li etela lapeng la hao, ke hobane’ng ha u sa amohele memo ea hore u be le thuto ea Bibele ea beke le beke? Ho molemo ho feta moo, ke hobane’ng ha u sa li kōpe hore li ithute Bibele le uena hobane u batla ho e utloisisa?
[Lebokose le leqepheng la 8]
MOCHA OA HO UTLOISISA BIBELE
JESU o re tiiselitse hore ka mor’a lefu la hae le tsoho, o ne a tla hlahisa “mohlanka ea khabane, ea bohlale” ea neng a tla sebeletsa e le mocha oa hae oa puisano. (Mattheu 24:45-47) Moapostola Pauluse o ile a tsebahatsa mocha ona ho Bakreste ba Efese ha a ne a ngola hore “bohlale ba Molimo, bo leng bongata mekhoeng ea jona, bo bonahale ka Kereke, . . . ka morero oo o o entseng ho hloleheng, ’me ke hona o tsoang ho o phetha ka Jesu Kreste, Morena oa rōna.” (Ba-Efese 3:10, 11) E ne e le phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng, e ileng ea tsoaloa ka Pentekonta ea 33 C.E., eo tlhokomelong ea eona ho ileng ha behoa lintho “tse senotsoeng.” (Deuteronoma 29:29) E le sehlopha, Bakreste ba tlotsitsoeng ba sebeletsa e le mohlanka ea khabane, ea bohlale. (Luka 12:42-44) Kabelo eo ba e behetsoeng ke Molimo ke hore ba fane ka kutloisiso ea moea ea lintho “tse senotsoeng.”
Feela joalokaha boprofeta ba Bibele bo ile ba lebisa tlhokomelo ho Messia esale pele, bo boetse bo re supisa sehlopheng se momahaneng sa Lipaki tsa Bakreste tse tlotsitsoeng seo hona joale se sebeletsang e le mohlanka ea khabane, ea bohlale.a Se re thusa ho utloisisa Lentsoe la Molimo. Bohle ba batlang ho utloisisa Bibele ba lokela ho ananela hore “bohlale ba Molimo, bo leng bongata mekhoeng ea jona” bo ka tsejoa feela ka mocha oa puisano oa Jehova, mohlanka ea khabane, ea bohlale.—Johanne 6:68.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Molula-Qhooa, September 1, 1981, maqepheng a 9-15.