Ho Batla ka Hare ho “Lintho Tse Tebileng Tsa Molimo”
“Moea o batla ka hare ho lintho tsohle, esita le lintho tse tebileng tsa Molimo.”—1 BAKORINTHE 2:10.
1. Ke linnete life tsa Bibele tse thabisang liithuti tse ncha tsa Bibele?
BA BANGATA ba rōna ka phuthehong ena ea Bokreste re ka hopola hore na re ne re thabe hakaakang ha re ne re qala ho ithuta ’nete. Re ile ra ithuta hore na ke hobane’ng ha lebitso la Jehova e le la bohlokoa, hore na ke hobane’ng ha a lumella ho utloa bohloko, hore na ke hobane’ng ha batho ba bang ba e-ea leholimong le hore na bokamoso ba batho ka kakaretso ke bofe. Mohlomong pele ho moo re ne re kile ra bala Bibele ka hloko, empa re ne re patetsoe lintho tsena, joalokaha li patetsoe batho ba bangata. Re ne re tšoana le monna ea shebileng ’mapa oa tsela empa a sa tsebe ho o sebelisa hore o mo thuse ho fihla sebakeng seo a eang ho sona. Haeba ho se na motho ea mo thusang, o tla iponela mabitso a libaka feela a sa reng letho ho eena. Empa haeba motho e mong ea tsebang ho sebelisa ’mapa a mo thusa, oa thaba ha a hlokomela hore na o ea hokae le hore na o lokela ho tsamaea le hokae. Ka tsela e tšoanang, ha motho e mong a ne a qala ho re thusa ho utloisisa Mangolo, re ile ra qala ho bona tlhasenyana ea “lintho tse tebileng tsa Molimo.”—1 Bakorinthe 2:8-10.
2. Ke hobane’ng ha thabo ea ho ithuta Lentsoe la Molimo e ka ba e sa feleng?
2 Na re lokela ho khotsofalla ho ba le tsebo e seng kae feela ea ’nete ea Bibele? Poleloana “lintho tse tebileng tsa Molimo” e akarelletsa ho utloisisa bohlale ba Molimo boo Bakreste ba bo senoleloang ke moea o halalelang empa bo patetsoe ba bang. (1 Bakorinthe 2:7) Ruri bohlale ba Molimo bo re fa menyetla ea hore re thabele ho ithuta lintho tse ngata re sa khaotse! Re ke ke ra tseba lintho tsohle ka bohlale ba litsela tsa Molimo. Thabo eo re ileng ra e fumana ha re qala ho ithuta lithuto tsa motheo tsa Bibele e ka ba e sa feleng haeba re ntse re phehella ho batla “lintho tse tebileng tsa Molimo.”
3. Ke hobane’ng ha re lokela ho utloisisa ka botlalo mabaka a etsang hore re lumele lintho tseo re li lumelang?
3 Ke hobane’ng ha re lokela ho utloisisa ‘lintho tseo tse tebileng’? Ho utloisisa lintho tseo re li lumelang hammoho le hore na ke hobane’ng ha re li lumela—ke hore mabaka ao re li lumelang ka ’ona—ho matlafatsa tumelo ea rōna hape hoa re kholisa. Mangolo a re bolella hore re sebelise ‘matla a rōna a ho nahana’ ho “ipakela e le [rōna] thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.” (Baroma 12:1, 2) Ha re utloisisa hore na ke hobane’ng ha Jehova a re laela hore re phele ka tsela e itseng seo se matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho batla ho mo mamela. Ka lebaka leo, ho tseba “lintho tse tebileng tsa Molimo” ho ka re fa matla a hore re hlōle ha re lekeha ho etsa lintho tse sa lokang ’me ho ka re susumelletsa hore re be ba “chesehelang mesebetsi e metle.”—Tite 2:14.
4. Ho ithuta Bibele ho akarelletsa’ng?
4 Ho utloisisa lintho tse tebileng ho hloka hore motho a ithute. Leha ho le joalo, ho ithuta ha ho tšoane le ho bala ntho u e okola ka holimo feela. Ho akarelletsa ho hlahloba boitsebiso ka hloko ho bona hore na bo amana joang le seo re seng re ntse re se tseba. (2 Timothea 1:13) Ho akarelletsa ho utloisisa mabaka ao taba e buuoang ka ’ona. Ho ithuta Bibele ho akarelletsa ho nahanisisa ka hore na re ka sebelisa seo re ithutang sona joang ho etsa liqeto tse bohlale le ho thusa ba bang. Hape, kaha “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo ’me le molemo,” seo re ithutang sona se lokela ho akarelletsa “polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.” (2 Timothea 3:16, 17; Matheu 4:4) Ho ithuta Bibele e ka ba mosebetsi o boima! Empa e ka boetse ea e-ba ntho e thabisang ’me ho utloisisa “lintho tse tebileng tsa Molimo” hase ntho e thata haholo.
Jehova O Thusa ba Bonolo Hore ba Utloisise
5. Ke bo-mang ba ka utloisisang “lintho tse tebileng tsa Molimo”?
5 Le haeba u ne u sa ipabole sekolong u bile u sa tloaela ho ithuta, ha ua lokela ho nahana hore u ke ke ua utloisisa “lintho tse tebileng tsa Molimo.” Nakong ea tšebeletso ea Jesu mona lefatšeng, Jehova o ile a etsa hore morero oa Hae o se ke oa utloisisoa ke batho ba bohlale le ba rutehileng empa o utloisisoe ke batho ba sa rutehang le batho feela tjee ba sa reng letho ba neng ba ikokobelitse hoo ba ileng ba rutoa ke mohlanka oa Molimo. Ha ba bapisoa le ba neng ba ithutile likolong, bona ba ne ba tšoana le bana. (Matheu 11:25; Liketso 4:13) Ha a ngolla balumeli-’moho le eena ka “lintho tseo Molimo a li lokiselitseng ba mo ratang,” moapostola Pauluse o ile a re: “Molimo o re senoletse tsona ka moea oa hae, kaha moea o batla ka hare ho lintho tsohle, esita le lintho tse tebileng tsa Molimo.”—1 Bakorinthe 2:9, 10.
6. Bakorinthe ba Pele 2:10 e bolela’ng?
6 Moea oa Molimo “o batla ka hare ho lintho tsohle, esita le lintho tse tebileng tsa Molimo” ka tsela efe? Ho e-na le ho senolela Bakreste ka bomong ’nete, Jehova o sebelisa moea oa hae ho tataisa mokhatlo oa hae, o fang batho ba Molimo ba bonngoeng kutloisiso ea Bibele. (Liketso 20:28; Baefese 4:3-6) Liphutheho tsohle lefatšeng ka bophara, li fumana lenaneo le tšoanang la thuto ea Bibele. Ka mor’a nako e itseng li ithuta lithuto tsohle tsa Bibele. Moea o halalelang o sebetsa ka phutheho ho thusa batho ho ba le maikutlo a hlokahalang e le hore motho a tsebe ho utloisisa “lintho tse tebileng tsa Molimo.”—Liketso 5:32.
Se Akarelletsoang ke “Lintho Tse Tebileng Tsa Molimo”
7. Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba sa utloisise “lintho tse tebileng tsa Molimo”?
7 Ha rea lokela ho nahana hore “lintho tse tebileng” ke lintho tse thata. Batho ba bangata ba siretsoe ke tsebo ea “lintho tse tebileng tsa Molimo,” ha ea ba sirela hobane ho le thata haholo ho fumana bohlale ba Molimo, empa ke hobane Satane o thetsa batho ka hore ba hane thuso eo Jehova a fanang ka eona ka mokhatlo oa Hae.—2 Bakorinthe 4:3, 4.
8. Khaolong ea boraro ea lengolo leo Pauluse a neng a le ngoletse Baefese o ile a bua ka lintho life tse tebileng?
8 Khaolo ea boraro ea lengolo leo Pauluse a neng a le ngoletse Baefese e bontša hore “lintho tse tebileng tsa Molimo” li akarelletsa linnete tse ngata tseo boholo ba batho ba Jehova ba li utloisisang hantle, tse kang ho hlalosa hore na Peō e tšepisitsoeng ke mang, ho khethoa ha batho ba nang le tšepo ea ho ea phela leholimong le ’Muso oa Bomesia. Pauluse o ile a ngola: “Melokong e meng sephiri sena ha sea ka sa tsebahatsoa ho bara ba batho joalokaha hona joale se senotsoe ho baapostola ba hae ba halalelang le baprofeta ka moea, e leng, hore batho ba lichaba e ne e tla ba majalefa hammoho ’me e be litho hammoho tsa ’mele le ba nang le kabelo le rōna tšepisong bonngoeng le Kreste Jesu.” Pauluse o ile a bolela hore o ne a rometsoe ho ‘etsa hore batho ba bone kamoo sephiri se halalelang se tsamaisoang kateng seo ho tloha nakong e sa lekanyetsoang e fetileng se ’nileng sa patoa ho Molimo.’—Baefese 3:5-9.
9. Ke hobane’ng ha e le tokelo ho utloisisa “lintho tse tebileng tsa Molimo”?
9 Pauluse o ile a tsoela pele ho hlalosa thato ea Molimo e le hore “bohlale ba Molimo bo fapa-fapaneng haholo bo ka tsebahatsoa ka phutheho ho mebuso le balaoli libakeng tsa leholimo.” (Baefese 3:10) Mangeloi a rua molemo ka ho sheba le ho utloisisa bohlale ba Jehova ha a sebelisana le phutheho ea Bokreste. Ke tokelo e kaakang hore ebe re utloisisa lintho tse khahlang esita le mangeloi! (1 Petrose 1:10-12) Joale, Pauluse o bolela hore re lokela ho ikitlaelletsa ho ‘utloisisa ka ho phethahetseng kelellong hammoho le bahalaleli bohle hore na bophara le bolelele le bophahamo le botebo ba tumelo ea Bokreste ke eng.’ (Baefese 3:11, 18) Joale a re ke re hlahlobeng mehlala e meng ea lintho tse tebileng tse ka eketsang kutloisiso ea rōna.
Mehlala ea Lintho Tse Tebileng
10, 11. Ho latela Mangolo, Jesu e ile ea e-ba karolo e ka sehloohong ea “peō” ea “mosali” oa leholimo oa Molimo neng?
10 Rea tseba hore Jesu ke karolo e ka sehloohong ea “peō” ea “mosali” oa leholimo oa Molimo eo ho buuoang ka eena ho Genese 3:15. E le ho eketsa kutloisiso ea rōna re ka ’na ra ipotsa: ‘Jesu e bile Peō e tšepisitsoeng neng? Na ebe see se etsahetse pele e e-ba motho oa nama, ha a tsoaloa e le motho oa nama, ha a kolobetsoa kapa ha a tsosoa?’
11 Molimo o ne a ile a tšepisa hore karolo ea leholimo ea mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng, eo boprofeta bo e bitsang “mosali” oa hae, e ne e tla hlahisa peō e neng e tla khoba hlooho ea noha. Empa lilemo tse likete li ile tsa feta, mosali oa Molimo a sa hlahise peō e neng e ka timetsa Satane le mesebetsi ea hae. Ka lebaka leo, boprofeta ba Esaia bo re ke “nyopa” le “ea utloileng bohloko moeeng.” (Esaia 54:1, 5, 6) Qetellong, Jesu o ile a hlahela Bethlehema. Empa ke feela ka mor’a hore a kolobetsoe, nakong eo a neng a tlotsoa ka moea hore e be mora oa Molimo oa moea moo Jehova a ileng a phatlalatsa: “Enoa ke Mora oa ka.” (Matheu 3:17; Johanne 3:3) Karolo e ka sehloohong ea “peō” ea mosali e ne e qeteletse e itlhahisitse. Hamorao, balateli ba Jesu le bona ba ile ba tlotsoa ’me ba tsoaloa ka moea o halalelang. “Mosali” oa Jehova, eo ka nako e telele a neng a ile a ikutloa joaloka “nyopa e sa kang ea beleha,” qetellong o ne a ka “hoeletsa ka thabo.”—Esaia 54:1; Bagalata 3:29.
12, 13. Ke mangolo afe a bontšang hore Bakreste bohle ba tlotsitsoeng lefatšeng ke “lekhoba le tšepahalang le le masene”?
12 Mohlala oa bobeli oa lintho tse tebileng tseo re li senoletsoeng ke o mabapi le morero oa Molimo oa ho khetha batho ba 144 000 molokong oa batho. (Tšenolo 14:1, 4) Re lumela thuto ea hore batlotsuoa bohle ba phelang lefatšeng nakong efe kapa efe ke “lekhoba le tšepahalang le le masene” leo Jesu a itseng le ne le tla fa bahlanka ba hae ba ntlo “lijo” ka nako e tšoanetseng. (Matheu 24:45) Ke mangolo afe a Bibele a pakang hore kutloisiso ee e nepahetse? Na ebe Jesu o ne a bua ka tsela e akaretsang ka Mokreste ofe kapa ofe ea matlafatsang barab’abo ka lijo tsa moea?
13 Molimo o ile a re ho sechaba sa Iseraele: “Le lipaki tsa ka . . . eena mohlanka oa ka eo ke mo khethileng.” (Esaia 43:10) Empa ka la 11 Nisane selemong sa 33 C.E., Jesu o ile a bolella baeta-pele ba Iseraele hore Molimo o ne a lahlile sechaba sa habo bona hore e se ke ea hlola e e-ba mohlanka oa Hae. O ile a re: “Muso oa Molimo o tla nkuoa ho lōna ’me o fuoe sechaba se hlahisang litholoana tsa oona.” Jesu o ile a re ho matšoele: “Bonang! Ntlo ea lōna e tlohetsoe ho lōna.” (Matheu 21:43; 23:38) Nakong eo ntlo ea Iseraele e neng e le lekhoba la Jehova, e ne e sa tšepahale ebile e ne e se masene. (Esaia 29:13, 14) Hamorao hona letsatsing leo, ha Jesu a botsa: “Ha e le hantle ke mang eo e leng lekhoba le tšepahalang le le masene?” seo a neng a hlile a se botsa ke hore, ‘Ke sechaba sefe se masene se tla nka sebaka sa Baiseraele hore e be lekhoba la Molimo le tšepahalang?’ Moapostola Petrose o ile a fana ka karabo ha a ne a re ho phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng: “Le . . . ‘sechaba se halalelang, batho bakeng sa letlotlo le khethehileng.’” (1 Petrose 1:4; 2:9) Sechaba seo sa moea, e leng “Iseraele ea Molimo,” se ile sa fetoha lekhoba la Jehova le lecha. (Bagalata 6:16) Feela joalokaha sechaba sohle sa Iseraele ea boholo-holo e ne e le “mohlanka” a le mong, ka ho tšoanang Bakreste bohle ba tlotsitsoeng ba lefatšeng nakong efe kapa efe ke “lekhoba” le le leng “le tšepahalang le le masene.” Ke tokelo e kaakang hore ebe lekhoba la Molimo le re fa “lijo”!
Thuto ea Botho e ka Thabisa
14. Ke hobane’ng ha ho ithuta Bibele, eseng ho e bala mohoalotso feela, ho thabisa?
14 Ha re fumana kutloisiso e ncha ka Mangolo na ha re thabele tsela eo e matlafatsang tumelo ea rōna ka eona? Ke ka lebaka leo e leng ntho e thabisang hakana ho ithuta Bibele, eseng ho e bala mohoalotso feela. Ka lebaka leo, ha u bala lingoliloeng tsa Bokreste, ipotse: ‘Tlhaloso ee e fapana joang le kutloisiso eo ke neng ke e-na le eona ka taba ee? Ke Mangolo afe a mang kapa mabaka ao ke a hopolang a ka tšehetsang liqeto tse fihleloang sehloohong see?’ Haeba ho hlokahala hore u etse lipatlisiso tse eketsehileng, ngola potso eo u batlang ho fumana karabo ea eona, ebe nakong e tlang e ba eona taba eo u tla ithuta ka eona.
15. Ke lintho life tseo re ka thabelang ho ithuta tsona, hona ke joang li ka re tsoelang molemo ka nako e telele?
15 Ke lintho life tseo u ka ithutang tsona tse ka etsang hore u thabele ho fumana kutloisiso e ncha? Hoa ruta ho hlahloba ka botebo lilekane tse sa tšoaneng tseo Molimo a ’nileng a li etsa molemong oa batho. U ka imatlafatsa tumelo ka ho ithuta boprofeta bo buang ka Jesu Kreste kapa ua ithuta buka e ’ngoe ea Bibele ea boprofeta temana ka temana. Ntho e ’ngoe e matlafatsang tumelo ke ho hlahloba histori ea Lipaki Tsa Jehova ea mehleng ena, u sebelisa buka ea Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo, haeba buka ena e le teng ka puo ea heno.a Hape ho hlahloba lihlooho tsa “Lipotso Tse Tsoang ho Babali” tse hatisitsoeng Melula-Qhooeng e fetileng ho ka u thusa hore u be le kutloisiso e ncha ea mangolo a itseng. Ela hloko mabaka a Mangolo a tšetlehoang hore ho fihleloe liqeto tse tekoang sehloohong seo. Sena se tla u thusa hore u koetlise “matla a [hao] a ho lemoha” le hore u be le temoho. (Baheberu 5:14) Ha u ntse u ithuta, ngola lintlha Bibeleng ea hao kapa leqepheng e le hore seo u ithutang sona se tle se u tsoele molemo ka nako e telele hammoho le batho bao u tlang ho ba thusa.
Thusa Bana ho Thabela Thuto ea Bibele
16. U ka thusa bana joang hore ba thabele thuto ea Bibele?
16 Ho na le lintho tse ngata tseo batsoali ba ka li etsang ho thusa bana ba bona hore ba lapele lintho tsa moea. U se ke ua khella fatše matla a bana a ho utloisisa lintho tse tebileng. Haeba u file bana sehlooho seo ba lokelang ho etsa lipatlisiso ka sona pele ho thuto ea lelapa ea Bibele, u ka ba botsa hore na ba ithutile eng. Thuto ea lelapa e ka boela ea akarelletsa mananeo a ho itlhakisa ho thusa bana hore ba tsebe ho emela tumelo ea bona le ho bontša hore seo ba se rutiloeng ke ’nete. Ho phaella moo, u ka sebelisa bukana ea “Bona Naha e Ntle”b ho ba ruta jeokrafi ea Bibele le ho hlakisa lintho tseo le ithutang tsona ’malong oa Bibele oa beke le beke.
17. Ke hobane’ng ha re lokela ho lekanyetsa lintho ha re ithuta lintho tse itseng ka ho khetheha thutong ea rōna ea botho ea Bibele?
17 Ho ithuta lintho tse itseng ka ho khetheha thutong ea botho ea Bibele hoa hlolla ebile ho matlafatsa tumelo, empa u lokela ho ba hlokolosi hore u se ke ua lumella boithuto bona ho u sitisa ho lokisetsa liboka tsa phutheho. Liboka ke tsela e ’ngoe eo Jehova a re laeang ka eona ka “lekhoba le tšepahalang le le masene.” Leha ho le joalo, ho etsa lipatlisiso tse eketsehileng ho ka u thusa hore u fane ka likarabo tse utloahalang libokeng—ka mohlala, Thutong ea Buka ea Phutheho kapa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo nakong ea puo ea lintlha-khōlō tsa ’malo oa Bibele oa beke le beke.
18. Ke hobane’ng ha boiteko boo re bo etsang ha re ithuta “lintho tse tebileng tsa Molimo” e le ba bohlokoa?
18 Ho ithuta Lentsoe la Molimo ka botebo ho ka u atametsa haufi le Jehova. Bibele e bontša bohlokoa ba boithuto bo joalo ha e re: “Bohlale ke tšireletso joalokaha chelete e le tšireletso; empa molemo oa tsebo ke hore bohlale bo boloka ba nang le bona ba phela.” (Moeklesia 7:12) Ka lebaka leo, boiteko boo u bo etsang ba ho tebisa kutloisiso ea hao ea lintho tsa moea bo loketse. Ha Bibele e tšepisa ba lulang ba batla, e re: “U tla fumana tsebo ea Molimo.”—Liproverbia 2:4, 5.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
b E hatisitsoe ke Lipaki Tsa Jehova.
Na U ka Hlalosa?
• “Lintho tse tebileng tsa Molimo” ke eng?
• Ke hobane’ng ha re sa lokela ho khaotsa ho ithuta lintho tse tebileng?
• Ke hobane’ng ha Mokreste e mong le e mong a ka thabela ho ithuta “lintho tse tebileng tsa Molimo”?
• U ka rua molemo ka botlalo joang ‘linthong tse tebileng tsa Molimo’?
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Jesu e bile Peō e tšepisitsoeng neng?
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Batsoali ba ka fa bana ba bona lihlooho tseo ba ka etsang lipatlisiso ka tsona pele ho thuto ea lelapa