“Matsatsing a Morena Heroda”
E LE ha a leka ho bolaea Jesu e sa le lesea, Heroda e Moholo e leng morena oa Judea, o ile a ntša taelo ea hore masea ’ohle a bashanyana a bolaoe Bethlehema. Histori e tlaleha liketsahalo tse ngata tse ileng tsa etsahala “matsatsing a Morena Heroda,” ’me liketsahalo tseo li re fa leseli la se ileng sa etsahala pejana ho bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae.—Matheu 2:1-16.
Ke eng e ileng ea etsa hore Heroda a batle ho bolaea Jesu? Hona ke hobane’ng ha Bajuda ba ne ba e-na le morena ha Jesu a hlaha, empa ha a shoa ba ne ba se ba busoa ke Ponse Pilato oa Moroma? E le hore re utloisise ka botlalo karolo e ileng ea phethoa ke Heroda historing le hore na ke hobane’ng ha e le oa bohlokoa ho batho ba balang Bibele, re lokela ho tseba ho itseng ka se ileng sa etsahala lilemo tse mashome a ’maloa pele Jesu a hlaha.
Ho Tsekoa Setulo Judea
Halofong e qalang ea lekholo la bobeli la lilemo B.C.E., Judea e ne e busoa ke Maseleusia a Basyria, e leng le leng la masika a borena a ileng a hlaha ka mor’a hore ’muso oa Alexandere e Moholo o oe. Leha ho le joalo, hoo e ka bang ka 168 B.C.E. ha morena oa Maseleusia a leka ho felisa borapeli ba Jehova e le hore ho rapeloe Zeuse tempeleng ea Bajuda e Jerusalema, Bajuda ba ile ba fetohela ’muso oo ba eteletsoe pele ke lelapa la ha Maccabee. Bamaccabee, kapa Mahasmone, ba ile ba busa Judea ho tloha ka 142-63 B.C.E.
Ka 66 B.C.E., likhosana tse peli tsa Mahasmone, e leng Hyrcanus II le mor’abo Aristobulus, ba ile ba loanela setulo sa bohlahlami. Ho ile ha qetella ho qhomme ntoa ea lehae, ’me ka bobeli ba bona ba ile ba kōpa thuso ho Pompey, e leng molaoli oa mabotho a Roma eo ka nako eo a neng a le Syria. Pompey o ile a thabela monyetla oo haholo.
Ha e le hantle, Baroma ba ne ba ntse ba hapa libaka ba lebile ka bochabela, ’me nakong ena ba ne ba laola boholo ba libaka tse Asia Minor. Leha ho le joalo, babusi ba bangata ba Syria ba neng ba se na matla hakaalo ba ile ba etsa hore sebaka seo se qetelle se hloka taolo, e leng se ileng se etsa hore ho se be le khotso eo Baroma ba neng ba batla hore e lule e le teng linaheng tse ka Bochabela. Kahoo Pompey o ile a tla ho tla laola Syria.
O ile a rarolla qaka ea Mahasmone ka ho tšehetsa Hyrcanus, ’me ka 63 B.C.E., Baroma ba ile ba futuhela Jerusalema ho tla hlomamisa morena ea khethiloeng ke bona. Leha ho le joalo, Hyrcanus o ne a sa tl’o etsa boithatelo. Joale Baroma ba ne ba se ba suntse hlooho ’me ba ke ke ba khutlela morao. Hyrcanus e ile ea e-ba morena ea busang ka tlas’a Baroma, a le mohaung oa bona, a laoloa ke bona a bile a tšehetsoa ke bona e le hore a lule a le setulong. O ne a ka laola litaba tsa lehae kamoo a ratang kateng, empa tse amanang le linaha tse ling tsona o ne a lokela ho latela melao ea Baroma.
Kamoo Heroda a Ileng a Fumana Matla
Borena ba Hyrcanus bo ne bo se matla. Leha ho le joalo, Antipater, Moidumea, eo e neng e le ntate oa Heroda e Moholo, o ne a mo tšehelitse. Antipater ke eena ea neng a busa le hoja a ne a se setulong. Ha aa ka a lumella lihlopha tsa Bajuda tse khahlanong le puso eo hore li hlahise hlooho, ’me ho e-s’o ee kae o ne a se a laola Judea. O ile a thusa Juliase Cesare ha a loantša lira tsa hae Egepeta, eaba Baroma ba putsa Antipater ka ho mo fa boemo bo phahameng ba ho ba ’musisi ea ikarabellang ka ho toba ho bona. Joale eena o ile a beha bara ba hae ba babeli, e leng Phasael le Heroda, hore e mong e be ’musisi oa Jerusalema e mong e be oa Galilea.
Antipater o ile a ruta bara ba hae hore ha ho seo ba neng ba ka se etsa ntle le hore ba utloe ka Baroma. Heroda o ile a lula a hopola seo. Nakong eohle ea puso ea hae, o ne a leka ho phetha se batloang ke Baroma, ha ka lehlakoreng le leng a leka ho khotsofatsa se hlokoang ke bafo bao e leng Bajuda ba habo. O ile a thusoa ke hore o ne a e-na le tsebo ea ho hlophisa le ho laola mabotho. Ha Heroda ea neng a le lilemo li 25 a behoa hore e be ’musisi, ka potlako feela Bajuda le Baroma ba ile ba mo rata hobane o ile a sebetsa ka thata ho felisa lihlopha tsa linokoane tse neng li le sebakeng sa hae.
Ka mor’a hore ba lireng ba jese Antipater chefo ka 43 B.C.E., Heroda e ile ea e-ba eena motho ea matla ka ho fetisisa Judea. Empa o ne a e-na le lira. Sehlopha sa batho ba phahameng Jerusalema se ne se nka hore o ipehile setulong ka likhoka eaba se leka ho susumetsa Baroma hore ba mo tlose setulong. Boiteko ba bona bo ile ba nyopa. Roma e ne e entse e hopola mesebetsi ea Antipater, ebile e nka bokhoni ba mora oa hae e le ba bohlokoa.
O Etsoa Morena oa Judea
Batho ba bangata ba ne ba halefisitsoe ke tsela eo ka eona Pompey a ileng a rarolla qaka ea Mahasmone ea ho tseka setulo lilemong tse ka bang 20 tse fetileng. Sehlopha sa ba ileng ba hlōloa se ile sa leka ka makhetlo ho nka puso, ’me ka 40 B.C.E. se ile sa atleha ka thuso ea Baparthia, e leng lira tsa Baroma. Se sebelisa monyetla oa meferefere e bakiloeng ke ntoa ea lehae Roma, se ile sa hlasela Syria, sa theola Hyrcanus setulong eaba se beha setho sa sehlopha sa Mahasmone se khahlanong le Baroma.
Heroda o ile a balehela Roma, moo a ileng a amoheloa ka liatla tse peli. Baroma ba ne ba batla hore Baparthia ba lelekoe Judea ’me sebaka seo se boele se khutlele ho bona, se busoe ke ’musi eo ba mo ratang. Ba ne ba batla motho eo ba ka mo tšepang ’me ba ile ba nka Heroda e le eena ea loketseng. Ka hona, Lekhotla la Senate la Roma le ile la hlomamisa Heroda ho ba morena oa Judea. E le ho bontša hore Heroda o ne a tla lokela ho liha molala linthong tse ngata e le hore a lule a le setulong, o ile a etella pele mokoloko o tlohang ntlong ea Senate o lebang tempeleng ea Jupitere, moo a ileng a etsetsa melimo ea bohata mahlabelo.
A thusoa ke mabotho a Roma, Heroda o ile a hlōla lira tsa hae Judea ’me a boela setulong sa hae. Eaba o iphetetsa ka sehlōhō ho ba neng ba mo hanyetsa. A felisa Mahasmone le sehlopha sa batho ba phahameng Judea ba neng ba ile ba a tšehetsa, hammoho le batho leha e le bafe ba neng ba tletlebisoa ke hore ba busoa ke motho ea entseng botsoalle le Baroma.
Heroda o Matlafatsa ’Muso oa Hae
Ka 31 B.C.E., ha Octavius a hlahella e le ’musi ea ke keng a engoa pele oa Baroma ka mor’a hore a hlōle Mark Antony, sebakeng sa Actium, Heroda o ile a elelloa hore botsoalle ba hae ba nako e telele le Mark Antony bo ne bo tla belaelloa. Ka hona, Heroda o ile a potlakela ho bontša Octavius hore o tla mo tšepahalla. Eaba joale ’musi eo e mocha oa Baroma o tiisa borena ba Heroda Judea, a ba a eketsa libaka tse oelang tlas’a hae.
Lilemong tse latelang, Heroda o ile a tsitsisa ’muso oa hae a ba a etsa hore o rue, a fetola Jerusalema setsi sa mekhoa ea bophelo ea Bagerike. O ile a qala mesebetsi e meholo ea ho haha—a haha lipaleise, motse o nang le kou oa Cesarea hammoho le mehaho e mecha e meholo e bileng e leng metle ea tempele e Jerusalema. Nakong ena eohle, ntho eo a neng a hlile a amehile ka eona le e neng e etsa hore a lule a le matla e ne e le botsoalle ba hae le Roma.
Seeta ho ne ho lla sa Heroda feela Judea eohle. Heroda o ile a ba a laola le boprista bo phahameng, e le eena ea khethang eo a mo ratang.
Polao e Ileng ea Bakoa ke Poulelo
E ne e le moluba-lube feela bophelong ba Heroda ba letsatsi le letsatsi. Bongata ba basali ba hae ho ba leshome ba ne ba batla hore e mong oa bara ba bona e be mohlahlami oa ntat’ae. Bohlaba-phio paleiseng bo ile ba etsa hore Heroda a se ke a hlola a tšepa motho a be a be sehlōhō haholo. A qetiloe ke poulelo, o ile a laela hore mosali oa hae eo a mo ratang ka ho fetisisa, e leng Mariamne, a bolaoe, hamorao a ba a etsa hore bara ba mosali eo ba babeli ba fenethoe kaha ho ne ho thoe ba rera ho mo tsoa tlaase. Ka hona, tlaleho ea Matheu ea polao e sehlōhō ea Bethlehema e lumellana le kamoo a tsebahalang kateng tabeng ea ho ba sefela-peloana le ho ikemisetsa ho bolaea motho leha e le ofe ea lekang ho qothisana lehlokoa le eena.
Ba bang ba re kaha Heroda o ne a tseba hore batho ba bangata ha ba mo rate, o ile a ikemisetsa ho etsa hore ha a shoa, sechaba kaofela se lle ho e-na le hore se thabe. E le hore a finyelle seo, o ile a tšoara baahi ba Judea ba hlaheletseng ’me a laela hore ha ho phatlalatsoa hore o shoele, kaofela ha bona ba bolaoe. Taelo eo ha ea ka ea phethoa.
Lefa la Heroda e Moholo
Ha Heroda a shoa, Roma e ile ea etsa qeto ea hore Archelaus e be eena ea hlahlamang ntate oa hae e le ’musi oa Judea, ’me bara ba bang ba hae ba babeli ba etsoa likhosana tse ikemetseng—Antipase a busa Galilea le Perea, Filipi a busa Iturea le Trakonitise. Archelaus ha aa ka a ratoa ke bafo ba hae hammoho le ke ba mo okametseng. Ka mor’a lilemo tse leshome ha a ntse a hlōleha ho phetha se lebeletsoeng, Baroma ba ile ba mo tlosa ’me ba khetha ’musisi oa bona, ea ileng a hlahlangoa ke Ponse Pilato. Ha e le Filipi le Antipase—eo Luka a reng ke Heroda—ba ile ba tsoela pele ho busa libakeng tseo ba li abetsoeng. Ke kamoo boemo ba lipolotiki bo neng bo le kateng ha Jesu a qala tšebeletso ea hae.—Luka 3:1.
Heroda e Moholo e ne e le ralipolotiki ea masene ebile e le ’molai ea sehlōhō, eo e ka ’nang eaba ketso ea hae e sehlōhō ka ho fetisisa e bile ea ha a ne a leka ho bolaea Jesu e sa le lesea. Ho hlahloba seo Heroda a se phethileng historing ho thusa babali ba Bibele—ho etsa hore ba utloisise liketsahalo tsa bohlokoa tsa nakong eo, ho hlalosa hore na ho tlile joang hore Baroma ba buse Bajuda ho bile ho qaqisa liketsahalo tsa nakong ea bophelo ba Jesu le tšebeletso ea hae lefatšeng.
[’Mapa o leqepheng la 15]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Palestina le libaka tse haufi le eona mehleng ea Heroda
SYRIA
ITUREA
GALILEA
TRAKONITISE
Leoatle la Galilea
Nōka ea Jordane
Cesarea
SAMARIA
PEREA
Jerusalema
Bethlehema
JUDEA
Leoatle la Letsoai
IDUMEA
[Litšoantšo tse leqepheng la 13]
Heroda e mpa e le e mong oa babusi ba ileng ba busa Judea lilemong tse makholo a mabeli pele Jesu a qala tšebeletso ea hae