Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w10 3/1 leq. 23
  • “O Bona Seo Pelo e Leng Sona”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “O Bona Seo Pelo e Leng Sona”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molimo o Khetha Davida
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • O Ile a Mamella le Hoja Maemo a ne a Nyahamisa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Monna ea Ratoang ke Pelo ea Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Samuele o Ntšetsa Pele Borapeli ba ’Nete
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
w10 3/1 leq. 23

Atamela ho Molimo

“O Bona Seo Pelo e Leng Sona”

1 SAMUELE 16:1-12

PONAHALO e ka thetsa. Tsela eo motho a shebahalang ka eona ka ntle ha e le hantle hase hore e senola seo a leng sona ka hare, tlaase botebong ba pelo ea hae. Batho ba tloaetse ho etsa qeto ka seo ba se bonang ka ntle. Rea thaba hobane Jehova Molimo eena o sheba seo motho a leng sona ka hare. Sena se hlakisoa ka botlalo ke mantsoe a tlalehiloeng ho 1 Samuele 16:1-12.

Ak’u nahane ha sena se etsahala. Jehova o haufi le ho tlotsa morena e mocha oa sechaba sa Iseraele. Molimo o re ho moprofeta Samuele: “Ke tla u romela ho Jese Mobethlehema, hobane ke iphumanetse morena har’a bara ba hae.” (Temana ea 1) Jehova ha a mo thonye ka lebitso empa o re feela eo a mo khethileng o har’a bara ba Jese. Ha Samuele a le tseleng e eang Bethlehema, e ka ’na eaba o ntse a ipotsa hore, ‘Ebe ke tla tseba joang hore na ke ofe eo Jehova a mo khethileng har’a bara ba Jese?’

Ha a se a fihlile Bethlehema, Samuele o lokisetsa hore Jese le bara ba hae ba be teng lijong tsa sehlabelo. Ha Eliabe, eo e leng letsibolo, a kena, hang-hang Samuele o khahloa ke ponahalo ea hae. Eaba Samuele o se a nahana hore seemo sa Eliabe ke sona hantle sa borena, ’me a re ka pelong: “Ka sebele motlotsuoa oa Jehova o ka pel’a hae.”—Temana ea 6.

Leha ho le joalo, Jehova o sheba lintho ka tsela e fapaneng. Joale o re ho Samuele: “U se ke ua talima ponahalo ea hae le bophahamo ba seemo sa hae, kaha ke mo lahlile.” (Temana ea 7) Jehova ha a khahloe ke ho ema ka litlhako ha Eliabe haesita le botle ba hae. Mahlo a Jehova a bona sohle seo motho a leng sona ka hare, e leng moo botle ba sebele bo leng hona teng.

Jehova o hlalosetsa Samuele, o re: “Etsoe tsela eo motho a bonang ka eona hase tsela eo Molimo a bonang ka eona, hobane motho o bona se bonahalang mahlong; empa ha e le Jehova, o bona seo pelo e leng sona.” (Temana ea 7) Ka sebele, ke pelo—e leng motho ea ka hare, mohloli oa menahano ea motho, mekhoa le maikutlo a hae—eo e leng ea bohlokoa ho Jehova. “Ea hlahlobang lipelo” o lahla Eliabe—hammoho le bara ba bang ba Jese ba tšeletseng ba hlahang ka pel’a Samuele.—Liproverbia 17:3.

Jese o na le mora e mong hape, e monyenyane, e leng Davida, ea ntseng “a fulisa linku.” (Temana ea 11) Kahoo Davida o bitsoa naheng ’me o tla ka pel’a Samuele. Joale Jehova o re ho Samuele: “Ema, u mo tlotse, etsoe enoa ke eena!” (Temana ea 12) Ke ’nete hore Davida ke “mohlankana ea nang le mahlo a matle le ea ponahalo e ntle.” Empa pelo ea hae ke eona e etsang hore e be ea khahlehang ho Molimo.—1 Samuele 13:14.

Lefatšeng lena leo ho lona botle ba ka ntle bo nkeloang holimo, re ka tšelisoa ke ho tseba hore Jehova Molimo ha a laoloe ke se bonahalang ka ntle. Ha ho tsotellehe hore na u eme ka litlhako hakae kapa hore na batho ba bang ba u nka u boheha kapa u le motle hakae. Ntho ea bohlokoa ho Jehova, ke seo u leng sona ka hare, botebong ba pelo ea hao. Na ho tseba seo ho tla u susumelletsa hore u hlaolele litšobotsi tse tla etsa hore u be motho e motle mahlong a Molimo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela