Babali ba Batla ho Tseba . . .
Na Molimo o Nka Hore ho na le Morabe o Phahametseng e Meng?
▪ Che, ha ho joalo. Ka ho hlaka Bibele e re: “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”—Liketso 10:34, 35.
Maikutlo a Molimo tabeng ena a utloahala ho feta a batho ba sa phethahalang. Ba bangata ba nka hore morabe o mong (haholo-holo oa habo bona) o phahametse e meng. Maikutlo a joalo a khethollo a tšoana le a Charles Darwin, ea ileng a re: “Nakong e tlang, . . . ruri merabe e hlabolohileng e tla felisa e sa hlabolohang, e be e e nkele sebaka.” Ka masoabi, ba bangata ba ’nile ba hlokofatsoa ke merabe e meng e neng e nka hore e phahametse morabe oa bona.
Na maikutlo a hore merabe e meng e phahametse e meng a loketse? Ka mohlala, na saense e paka hore ho latela liphatsa tsa lefutso, merabe e meng e phahame ho feta e meng, ha e meng e le ka tlaasana? Che, ho fapana le hoo, Bryan Sykes, setsebi sa liphatsa tsa lefutso ebile e le moprofesa Oxford, o re: “Ha ho na liphatsa tsa lefutso tseo ho ka thoeng joang kapa joang ke tsa mohlobo o itseng kapa morabe o itseng feela. . . . Kamehla batho baa mpotsa hore na ho na le DNA ea Bagerike kapa phatsa ea lefutso ea Mataliana, empa ha ho na ntho e joalo. . . . Batho ba amana haufi-ufi.”
Boitsebiso bona ba saense bo lumellana le seo re se balang ka Mangolong. Bibele e ruta hore Molimo o bōpile monna a le mong le mosali a le mong, bao meloko eohle ea batho e tsoileng ho bona. (Genese 3:20; Liketso 17:26) Ka hona, ho ea ka Molimo, ho na le morabe o le mong feela—e leng moloko oa batho.
Ho hang Jehova ha a nke ’mala oa letlalo kapa ponahalo ea motho e le ntho ea bohlokoa. Ho e-na le hoo, O khahloa ke ntho ea bohlokoa haholo ho feta eo—e leng lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso, kapa seo re leng sona ka hare. O re: “Hobane motho o talima tšobotsi, empa Jehova eena o talima pelo.” (1 Samuele 16:7, Bibele ea Sesotho) Ho hopola taba eo ho ka re khothatsa haholo. Joang?
Ho sa tsotellehe hore na morabe oa rōna ke ofe, bongata ba rōna ho na le lintho tse itseng tseo re sa li rateng ka tsela eo re shebahalang ka eona, empa ha re na matla a makaalo a ho li fetola. Leha ho le joalo, re ka khona ho ntlafatsa seo e leng sa bohlokoa haholo—menahano le maikutlo a lipelo tsa rōna. (Bakolose 3:9-11) Haeba re itlhahlobisisa hantle, re ka ’na ra fumana hore re na le tlhasenyana ea ho inka re phahametse morabe o mong, kapa mohlomong ea ho inka re le tlaasana ho morabe o mong. Kaha ho hang Molimo ha a na maikutlo ao ka bobeli, re lokela ho leka ka matla ho felisa maikutlo ao lipelong tsa rōna.—Pesaleme ea 139:23, 24.
Haeba re leka ho inka ka tsela eo Jehova a re nkang ka eona, le ho nka ba bang ka tsela eo a ba nkang ka eona, re ka kholiseha hore o tla re thusa. Lentsoe la hae lea re hopotsa: “Ha e le Jehova, mahlo a hae a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.” (2 Likronike 16:9) Seo ke ’nete ho sa tsotellehe hore na morabe oa rōna ke ofe.