Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w13 6/15 maq. 7-11
  • Ananela Litšobotsi Tsa Jehova ka Botlalo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ananela Litšobotsi Tsa Jehova ka Botlalo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • JEHOVA O OA ATAMELEHA
  • TŠOBOTSI E NKOANG E LE EA BOHLOKOA HAHOLO
  • HO ATAMELEHA LE HO BA LE NAKO EA BATHO BA BANG
  • JEHOVA HA A LEEME
  • RE KA LATELA MOHLALA OA JEHOVA
  • Na U Etsisa Molimo oa Rōna ea Seng Leeme?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • “Bongata bo Boholo ba mo Atamela”
    ‘Tloo U be Molateli oa Ka’
  • Etsisa Jehova ka Hore u se ke oa ba le Khethollo
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
  • Etsisa Jehova ka ho Hloka Leeme
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
w13 6/15 maq. 7-11

Ananela Litšobotsi Tsa Jehova ka Botlalo

“Le be baetsisi ba Molimo, joaloka bana ba ratoang.”—BAEF. 5:1.

U KA ARABA JOANG?

  • Re ka etsa joang hore re ananele litšobotsi tsa Jehova le ho feta?

  • Ke’ng e etsang hore motho e be ea atamelehang?

  • Re ka latela mohlala oa Jehova oa ho se be leeme joang?

1. (a) Ke litšobotsi life tsa Jehova tseo Mokreste a ka nahanang ka tsona? (b) Ho tšohla litšobotsi tsa Molimo ho tla re tsoela molemo joang?

HA U nahana ka botho ba Jehova, ke litšobotsi life tsa hae tseo u li hopolang? Ba bangata ba rōna ba nahana ka lerato la hae, toka, bohlale le matla. Leha ho le joalo, rea hlokomela hore Jehova o na le litšobotsi tse ling tse ngata tse ratehang. Ha e le hantle, ke litšobotsi tse fetang 40 tsa Jehova tseo ho ka buuoang ka tsona, ’me e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e kile ea tšohloa ka har’a lingoliloeng tsa rōna. Ak’u nahane feela hore na ke lintho tse hlollang hakaakang tse mabapi le botho ba Jehova tseo re ka ithutang tsona ha re etsa thuto ea botho kapa thuto ea lelapa! Thuto ea mofuta oo e ka re tsoela molemo joang? E ka etsa hore re ananele Ntate oa rōna ea leholimong haholo. Kahoo, ha re ananela Jehova haholo, re tla labalabela le ho feta hore re be le kamano e haufi le eena re be re mo etsise.—Josh. 23:8; Pes. 73:28.

2. (a) Fana ka mohlala o bontšang hore na re ka etsa joang e le hore re ananele litšobotsi tsa Jehova le ho feta. (b) Re tla tšohla’ng sehloohong see le ho tse peli tse latelang?

2 Ha e le hantle ho “ananela” ntho ho bolela’ng? Ho ea kamoo re tla sebelisa lentsoe lena kateng sehloohong sena, ho bolela ho hlokomela hore na ntho ke ea bohlokoa hakae. Kananelo e ka eketseha butle-butle. Ho tea mohlala: Re ka ananela sejo seo re sa se tsebeng ha re qala ho utloa monko oa sona o monate, re se latsoa ’me qetellong re iphehela sona. Ka tsela e tšoanang, re ananela tšobotsi e itseng ea Jehova le ho feta ka hore re e tsebe, re nahanisise ka eona le hore re e bonahatse bophelong ba rōna. (Baef. 5:1) Sepheo sa sehlooho sena le tse peli tse latelang, ke ho etsa hore re ananele le ho feta litšobotsi tsa Molimo tseo re sa nahaneng ka tsona hangata joaloka litšobotsi tsa hae tse ka sehloohong. Re tla tšohla hore na tšobotsi ka ’ngoe e bolela’ng, hore na Jehova o e bonahatsa joang le hore na re ka latela mohlala oa hae joang ka hore re bonahatse tšobotsi eo.

JEHOVA O OA ATAMELEHA

3, 4. (a) U ka hlalosa motho ea atamelehang joang? (b) Jehova o re tiisetsa joang hore o oa atameleha?

3 A re ke re qaleng ka ho tšohla tšobotsi ea ho atameleha. U ka hlalosa motho ea atamelehang joang? U ka ’na ua re, ‘Ke motho ea mosa, ea iphang nako kamehla ha u mo hloka le eo ho leng bonolo ho buisana le eena.’ Hangata u ka hlokomela hore na motho ea itseng o oa atameleha kapa che ka ho mamela seo a se buang le ka ho sheba lintho tseo a li etsang—tse kang tsela eo a tsamaisang sefahleho le litho tsa ’mele ka eona.

4 Jehova o bontša joang hore o oa atameleha? Le hoja Jehova e le ’Mōpi ea matla ’ohle oa bokahohle bo boholohali, o re tiisetsa hore o ikemiselitse ebile o labalabela ho mamela lithapelo tsa rōna le ho li araba. (Bala Pesaleme ea 145:18; Esaia 30:18, 19.) Re ka bua le Molimo nako e telele nako efe kapa efe, sebakeng sefe kapa sefe. Re ka bua le eena re lokolohile re tseba hore le ka mohla a ke ke a re tenehela. (Pes. 65:2; Jak. 1:5) Lentsoe la Molimo le hlalosa Jehova ka tsela e etsang hore re phutholohe ha re mo rapela. Ka mohlala, mopesaleme Davida o ile a re “mahlo a Jehova a [re] talimile” le hore ‘letsoho la hae le letona le lutse le re tšoere ka tieo.’ (Pes. 34:15; 63:8) Moprofeta Esaia o ile a tšoantša Jehova le molisa, a re: “O tla bokella likonyana ka letsoho la hae; o tla li beha sefubeng.” (Esa. 40:11) Ak’u nahane feela! Jehova o batla hore re be haufi le eena joaloka konyana e sefubeng sa molisa ea lerato. Ruri re na le Ntate ea atamelehang haholo! Re ka etsisa Jehova joang tabeng ee?

TŠOBOTSI E NKOANG E LE EA BOHLOKOA HAHOLO

5. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore baholo ba atamelehe?

5 Haufinyane tjena, Lipaki tse chesehang tse tsoang lik’honthinenteng tse sa tšoaneng li ile tsa botsoa hore na ke tšobotsi efe eo li nkang e le habohlokoa hore moholo a be le eona. Tse ngata tsa tsona li ile tsa re, “Hore e be motho ea atamelehang.” ’Nete ke hore Mokreste e mong le e mong o lokela ho loanela ho ba le tšobotsi eo, empa ke habohlokoa haholo hore baholo ba atamelehe. (Esa. 32:1, 2) Ha morali e mong oabo rōna a hlalosa hore na ke hobane’ng ha a bona e le habohlokoa hore baholo ba be le tšobotsi eo, o ile a re: “Ha moholo a atameleha ke hona feela re ka ruang molemo litšobotsing tse ling tse ntle tseo e ka ’nang eaba o na le tsona.” Ka sebele sena ke ’nete. Empa ke eng e etsang hore motho e be ea atamelehang?

6. Ke ntho efe e ka sehloohong e ka etsang hore motho a atamelehe?

6 Ntho e ka sehloohong e ka etsang hore motho a atamelehe ke hore a thahaselle batho ba bang e le kannete. Haeba moholo a tsotella batho ba bang ’me a ikemiselitse ho itella bona, ho ka etsahala hore bara le barali babo hammoho le bana ba hlokomele sena. (Mar. 10:13-16) Carlos ea lilemo li 12, o re: “Ke ee ke utloe ke thabile ha ke bona baholo ba bososela ba bile ba le mosa ha ba le Holong ea ’Muso.” ’Nete ke hore ha hoa lekana hore feela moholo a re o oa atameleha; o lokela ho bontša tšobotsi eo. (1 Joh. 3:18) A ka etsa seo joang?

7. Ke hobane’ng ha hangata ho qhoaela beche ea kopano ho etsa hore motho a khone ho qalisa moqoqo, hona re ka ithuta’ng ho seo?

7 Nahana ka papiso ena. Haufinyane tjena, mora e mong oabo rōna o ne a qhoaetse beche ea hae ea kopano ’me a khutlela hae ka sefofane ka mor’a ho ba kopanong mose ho maoatle. Ha mosebeletsi oa sefofaneng a bona beche eo e neng e ngotsoe mantsoe a reng, “’Muso oa Molimo o ke o Tle!” o ile a re, “Kannete a o ke o tle—ke kōpa re tle re bue ka taba eo.” Hamorao, ba ile ba buisana ka taba eo ’me mosebeletsi eo oa sefofaneng o ile a thabela ho amohela limakasine. Ba bangata ba rōna ba kile ba ba le liphihlelo tse joalo. Joale, ke hobane’ng ha hangata ho qhoaela beche ea kopano ho etsa hore motho a khone ho qalisa moqoqo? Hobane ha e le hantle ho e qhoaela ke ho re ho batho: “Le se ke la tšaba ho bua le ’na. Mpotseng hore na ke ea hokae.” Beche ke letšoao le bolellang batho hore re ikemiselitse ho ba bolella seo re se lumelang. Ka tsela e tšoanang, baholo ba Bakreste ba batla ho etsa lintho tse reng ho balumeli-’moho le bona: “Le se ke la tšaba ho nkatamela.” Tse ling tsa lintho tseo ke life?

8. Baholo ba bontša joang hore ba hlile ba tsotella batho ba bang, ’me seo se ama phutheho joang?

8 Litso tsa batho li ea fapana ho ea ka libaka, empa hangata ha re bososela ha re bona bara le barali babo rōna, re ba amohela ka ho ba tšoara ka letsoho, re ba lumelisa ka mofuthu, re bontša hore re ba tsotella e le kannete. Ke mang ea lokelang ho qala pele ho etsa see? Hlokomela mohlala oo Jesu a re behetseng oona. Matheu o tlaleha hore ha Jesu a ne a kopane le barutuoa ba hae, ‘O ile a atamela ’me a bua le bona.’ (Mat. 28:18) Ka tsela e tšoanang, kajeno baholo ke bona ba qalang ho atamela balumeli-’moho le bona ebe ba bua le bona. Seo se ka ama phutheho joang? Morali e mong oabo rōna oa pula-maliboho ea lilemo li 88, o re: “Ha baholo ba bososela ka mofuthu ’me ba bua mantsoe a nkhothatsang ha ke kena Holong ea ’Muso, seo se etsa hore ke ba rate haholo.” Morali e mong oabo rōna ea tšepahalang o ile a phaella ka ho re: “Batho ba bang ba ka ’na ba nka hore ena ke ntho e nyenyane, empa ha moholo a nkamohela ka ho bososela ha ke fihla sebokeng, ke ho nka e le ntho e khōlō haholo.”

HO ATAMELEHA LE HO BA LE NAKO EA BATHO BA BANG

9, 10. (a) Jehova o re behela mohlala ofe o motle? (b) Baholo ba ka etsa joang hore ba iphe nako ea batho ba bang?

9 Ho hlakile hore batho ba ke ke ba khona ho re atamela haeba re se na nako ea bona. Jehova o re behela mohlala o motle haholo mabapi le taba ena. ‘Ha a hōle le e mong le e mong oa rōna.’ (Lik. 17:27) Tsela e ’ngoe eo ka eona baholo ba iphang nako ea batho ba bang, ke ka hore pele le ka mor’a liboka tsa Bokreste ba behelle nako ka thōko ea hore ba buisane le bara le barali babo bona—ba baholo le ba banyenyane. Mora e mong oabo rōna oa pula-maliboho o re: “Ha moholo a mpotsa hore na ke phela joang ’me a ema a mamela karabo ea ka, ke ikutloa ke le motho oa bohlokoa.” Morali e mong oabo rōna ea seng a sebelelitse Jehova ka lilemo tse ka bang 50, o re: “Baholo ba iphang nako ea ho bua le ’na ka mor’a seboka ba etsa hore ke ikutloe ke le motho oa bohlokoa.”

10 Hoa utloahala hore balisa ba Bakreste ba lokela ho phetha mesebetsi e meng. Leha ho le joalo, sepheo sa bona ha ba le libokeng e lokela ho ba ho qala ka ho hlokomela linku.

JEHOVA HA A LEEME

11, 12. (a) Ho se be leeme ho akarelletsa’ng? (b) Jehova o re behela mohlala ofe mabapi le ho se be leeme?

11 Ho se be leeme ke e ’ngoe ea litšobotsi tsa Jehova tse ratehang. Ho se be leeme ho bolela’ng? Ho akarelletsa ho sebetsa lintho ka toka, ho se nke lehlakore kapa ho se ee ka tšobotsi. Empa haeba re sa batle ho ba leeme ho batho ba bang, re lokela ho lumela hore motho e mong le e mong o lokela ho tšoaroa ka toka. Ka Mangolong a Segerike a Bakreste, poleloana e reng “ha a leeme” ha e le hantle e bolela hore “ha a ee ka tšobotsi” ka mantsoe a mang, ha a nke hore motho e mong o betere ho feta e mong. (Lik. 10:34; Bibele—Phetolelo e Ncha) Kahoo, motho ea seng leeme ha a tšoare batho ba itseng hantle ho feta ba bang ho ea ka hore na ba shebahala joang kapa ho ea ka hore na maemo a bona ke afe, empa o ba tšoara ho latela hore na ba na le botho bo joang.

12 Jehova ke eena ea ka sehloohong ea re behelang mohlala oa ho se be leeme. Lentsoe la Hae le re “ha a leeme” le hore ha a ‘tšoare le ea mong ka leeme.’ (Bala Liketso 10:34, 35; Deuteronoma 10:17.) Se ileng sa etsahala mehleng ea Moshe se bontša seo.

Barali ba Zelofehade ba ile ba ananela ho se be leeme ha Molimo (Sheba serapa sa 13 le sa 14)

13, 14. (a) Barali ba Zelofehade ba bahlano ba ile ba thulana le bothata bofe? (b) Jehova o ile a bontša joang hore ha a leeme?

13 Ha Baiseraele ba le haufi le ho kena Naheng e Tšepisitsoeng, barali ba motho ba bahlano ba sa nyaloang ba ile ba thulana le bothata. E ne e le bothata bofe? Ba ne ba tseba hore joaloka malapa a mang a Baiseraele, lelapa labo bona le ne le tla fumana karolo ea naha e neng e abetsoe ntat’a bona. (Num. 26:52-55) Leha ho le joalo, ntat’a bona e leng Zelofehade, oa leloko la Manase, o ne a shoele. Ho ea ka tloaelo, bara ba Zelofehade ke bona ba neng ba e-na le tokelo ea ho fumana karolo ea naha, empa Zelofehade o ne a e-na le barali feela. (Num. 26:33) Kaha ho ne ho se na mora lelapeng leo, na karolo ea naha e neng e lokela ho ea lelapeng la Zelofehade e ne tla fuoa beng ka eena ebe barali ba hae ha ba fuoe lefa la lelapa?

14 Barali bao ba motho ba bahlano ba ile ba ea ho Moshe ’me ba re: “Ke hobane’ng ha lebitso la Ntate le lokela ho tlosoa lelapeng la hae kahobane a ne a se na mora?” Ba ile ba kōpa ka tieo ba re: “Re feng lefa har’a barab’abo Ntate.” Na Moshe o ile a re, ‘Molao ha o lumele, ’me ha ho seo nka se etsang ho le thusa’? Che, o ile a “hlahisa taba ea bona ka pel’a Jehova.” (Num. 27:2-5) Jehova o ile a re’ng? O ile a re ho Moshe: “Barali ba Zelofehade ba bua ka nepo. Ka sebele u lokela ho ba fa leruo har’a barab’abo ntat’a bona, ’me u fetisetse lefa la ntat’a bona ho bona.” Jehova ha aa ka a fella moo. O ile a etsa hore taba eo e fetohe molao, a re ho Moshe: “Haeba monna leha e le ofe a ka shoa a se na mora, joale le fetisetse lefa la hae ho morali oa hae.” (Num. 27:6-8; Josh. 17:1-6) Ho tloha ka nako eo, basali bohle ba Baiseraele ba neng ba thulana le mathata a tšoanang le a barali ba Zelofehade ba ne ba tla sireletsoa.

15. (a) Jehova o tšoara bahlanka ba hae joang, haholo-holo ba se nang mang-oe? (b) Ke litlaleho life tse ling tsa Bibele tse bontšang hore Jehova ha a leeme?

15 Ruri eo e ne e le qeto e mosa le e sa bontšeng leeme! Jehova o ile a tšoara basali bana ba neng ba se na mang-oe! ka tsela e ba fang seriti joalokaha a ne a tšoara Baiseraele ba bang bao lintho li neng li ba tsamaela hantle. (Pes. 68:5) Ena ke e ’ngoe ea litlaleho tse ngata tsa Bibele tse bontšang ’nete ena e khothatsang: Jehova o tšoara bahlanka ba hae bohle ka tsela e se nang leeme.—1 Sam. 16:1-13; Lik. 10:30-35, 44-48.

RE KA LATELA MOHLALA OA JEHOVA

16. Re ka etsa joang hore joaloka Jehova re se ke ra ba leeme?

16 Re ka latela mohlala oa Jehova oa ho se be leeme joang? Hopola hore re tla tšoara batho ba bang ka tsela e sa bontšeng leeme haeba re lumela hore batho bohle ba lokela ho tšoaroa ka tsela e bontšang toka. Ke ’nete hore kaofela ha rōna re inka re se leeme. Leha ho le joalo, e ka ’na eaba u oa hlokomela hore hase kamehla ho leng bonolo hore re itlhahlobe ka botšepehi. Kahoo, re ka etsa’ng hore re fumane hore na batho ba re tseba re le batho ba leeme kapa che? Ha Jesu a ne a batla ho tseba hore na batho ba ne ba re’ng ka eena, o ile a botsa metsoalle ea hae eo a neng a e tšepa a re: “Batho ba re Mor’a motho ke mang?” (Mat. 16:13, 14) E ka ba hantle hore u latele mohlala oa Jesu tabeng eo. U ka botsa motsoalle oa hao eo u tsebang hore o tla u bolella ’nete hore na u na le botumo ba ho se be leeme kapa che. Haeba a u bolella hore ho bonahala eka u sa ntse u e-na le mesaletsa ea ho khetholla batho ho ea ka morabe, maemo a bona kapa moruo, u lokela ho etsa’ng? Rapela Jehova ka tieo mabapi le maikutlo ao u nang le ’ona, u mo kōpe hore a u thuse hore u fetole maikutlo a hao e le hore le uena u ka mo etsisa ka hore u se ke ua ba leeme.—Mat. 7:7; Bakol. 3:10, 11.

17. Re ka tšoara batho ba bang ka tsela e sa bontšeng leeme joang?

17 Ka phuthehong ea Bokreste, re bontša hore re batla ho latela mohlala oa Jehova ka hore re tšoare batho bohle ka tsela e bontšang tlhompho le ka mosa. Ka mohlala, haeba re mema batho, re lokela ho mema balumeli-’moho le rōna ba mefuta eohle, ho akarelletsa le ba tsoang litsong tse ling, ba futsanehileng, likhutsana hammoho le bahlolohali. (Bala Bagalata 2:10; Jakobo 1:27.) Ho feta moo, ha re etsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso, ha re ee ka leeme, re bolella batho ba litso tsohle litaba tse molemo, ho akarelletsa le ba tsoang linaheng tse ling. Ruri re thaba haholo hore ebe re na le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng ka lipuo tse ka bang 600! Ka sebele bona ke bopaki bo totobetseng ba hore ha re ee ka leeme!

18. U tla bontša joang hore u ananela taba ea hore ebe Jehova o oa atameleha ebile ha a leeme?

18 Ka sebele, ha re ntse re nahanisisa kamoo Jehova a atamelehang a bileng a seng leeme kateng, re mo ananela le ho feta. Kananelo eo e tla re susumelletsa hore re bonahatse litšobotsi tsa Jehova ka hohle kamoo re ka khonang kateng re be re li bonahatse ha re sebelisana le balumeli-’moho le rōna hammoho le batho bao re ba bolellang litaba tse molemo.

“Jehova o haufi le bohle ba ipiletsang ho eena.”​—Pes. 145:18 (Sheba serapa sa 9)

“Jehova Molimo oa lōna . . . ea sa tšoareng le ea mong ka leeme.”​—Deut. 10:17 (Sheba serapa sa 17)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela