Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w14 2/1 leq. 10
  • Re U Lome Tsebe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re U Lome Tsebe?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Ntlo ea Thapelo Bakeng sa Lichaba Tsohle”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Jesu o Hloekisa Tempele
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
  • Jesu o Hloekisa Tempele
    Ithute Lipaleng Tsa Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
w14 2/1 leq. 10

RE U LOME TSEBE?

Lekhala le neng le sebelisoa mehleng ea Bibele e ne e le lefe?

Sefate sa Agarwood

Lekhala le ne le tsoa sefateng sa Agarwood

Bibele e bolela hore lekhala le ne le sebelisetsoa ho nkhisa liaparo le libethe hamonate. (Pesaleme ea 45:8; Liproverbia 7:17; Sefela sa Lifela 4:14) Ho bonahala eka lekhala leo ho buuoang ka lona ka Bibeleng le ne le tsoa sefateng sa Agarwood (mofuta oa sefate sa Aquilaria). Ha patsi e bola, e ne e ntša oli e nkhang hamonate le boroku. Patsi e ne e siloa e le hore e be phofo, e neng e rekisoa ’me e bitsoa lekhala.

Bibele e bapisa litente tsa Iseraele le “limela tsa lekhala tseo Jehova a li lemmeng.” (Numere 24:5, 6) E ka ’na eaba ho ne ho buuoa ka sebōpeho sa sefate sa Agarwood, se neng se e-ba bolelele ba limithara tse ka bang 30 ’me se nama. Le hoja sefate sena se sa fumanoe Iseraele ea mehleng ena, buka ea A Dictionary of the Bible e re, “ha ho na letho le etsang hore re se ke ra lumela hore sefate sena le tse ling tseo hona joale li sa tsejoeng [sebakeng seo] li ne li jaloa Phuleng ea Jordane e neng e ruile ebile e e-na le baahi ba bangata.”

Ke linyehelo tsa mofuta ofe tse neng li amoheleha tempeleng e Jerusalema?

Setempe sa letsopa se tsoang tempeleng ea Jerusalema

Setempe sena sa letsopa se tsoa tempeleng ea jerusalema, e ka ba lilemo tse 2 000 se le teng

Molao oa Molimo o ile oa bolela hore mahlabelo kaofela a neng a nyeheloa tempeleng e ne e lokela ho ba a boleng bo holimo ka ho fetisisa. Molimo o ne a ke ke a amohela mahlabelo a neng a e-na le sekoli. (Exoda 23:19; Levitike 22:21-24) Ho latela mongoli oa Mojuda oa lekholong la pele la lilemo la mehleng ea Kreste, Philo, baprista ba ne ba hlahloba liphoofolo “ho tloha hloohong ho ea leotong” e le ho etsa bonnete ba hore li ne li phetse hantle ka hohle-hohle le hore “li ne li se na letheba kapa sekoli sa mofuta leha e le ofe.”

Setsebi E. P. Sanders o bolela hore e ka ’na eaba balaoli ba tempele “ba ne ba fana ka tumello ho barekisi ba liphoofolo tsa sehlabelo, hore ba rekise feela liphoofolo le linonyana tse ileng tsa hlahlojoa ke baprista pele. Ebe morekisi o fa moreki ntho e neng e fana ka bopaki ba hore phoofolo ea sehlabelo ha e na sekoli.”

Ka 2011, baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba fumana ntho e joalo mabaleng a tempele—e leng setempe sa letsopa se lekanang le chelete ea tšepe se bontšang hore ke sa lilemong tse pakeng tsa lekholo la pele ho mehla ea Kreste le selemo sa bo70 mehleng ea Kreste. E ne e ngotsoe mantsoe a mabeli a Searame ao baepolli ba ileng ba a fetolela ka ho re “E Hloekile Hore e ka Neheloa Molimo.” Ho nahanoa hore balaoli ba tempele ba ne ba haka litempe tseo thepeng kapa liphoofolong tse neng li tla nyeheloa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela