Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w15 2/1 leq. 16
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Molimo o Tla Tlisa ’Muso o Tla Busa Lefatše Lohle?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
w15 2/1 leq. 16

LIPOTSO TSA BIBELE LIA ARAJOA

Na lefatše lohle le tla ke le be tlas’a ’muso o le mong?

Batho ba lichaba tsohle ba kopantsoe ke ’muso o tla busa lefatše lohle

’Muso oa lefatše o ka etsa’ng ho momahanya batho ba merabe eohle? Esaia 32:1, 17; 54:13

Nahana feela hore na batho ba ka rua molemo hakaakang ha lefatše le le tlas’a ’muso o le mong. Batho ba bangata kajeno ba hula ka thata hobane ba kolla ntsi hanong ha ba ba bang bona ba hafa ka nkatana. Empa ’muso oo moeta-pele oa oona a nang le kutloelo-bohloko o ka etsa bonnete ba hore batho ba fumana seo ba se hlokang. Na u nahana hore batho ba ka theha ’muso o joalo?—Bala Jeremia 10:23.

Ka lilemo tse ngata, mebuso e ’nile ea hlōleha ho hlokomela bafo ba eona, haholo-holo ba kojoana li mahetleng. Mebuso e meng e khopo. (Moeklesia 4:1; 8:9) Empa Molimo ea Matla ’Ohle o tšepisitse hore o tla hloma ’muso o tla nkela mebuso ena e meng eohle sebaka. Morena oa oona o tla hlokomela batho.—Bala Esaia 11:4; Daniele 2:44.

’Muso oa Molimo o tla re etsetsa’ng?

Jehova Molimo o khethile hore ’Muso oa hae o etelloe pele ke Mora oa hae Jesu kaha o na le makhabane ’ohle a hlokahalang. (Luka 1:31-33) Ha Jesu a ntse a le lefatšeng, o ne a rata ho thusa batho. Ha e se e le Morena, o tla momahanya batho ba merabe eohle ’me a rarolle mathata ’ohle a bona.—Bala Pesaleme ea 72:8, 12-14.

Na batho ka kakaretso ba tla ikokobelletsa bobusi ba Jesu? Che. Empa Jehova ha a ba felle pelo. (2 Petrose 3:9) O ba fa monyetla oa ho ikokobelletsa bolaoli ba Jesu. Haufinyane Jesu o tla felisa batho ba khopo ’me a etse hore lefatše lohle le be le khotso le tšireletseho.—Bala Mikea 4:3, 4.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 8 bukeng ena ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova

U ka boela ua e fumana ho www.jw.org/st

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela