Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w13 6/1 leq. 16
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khotso ea ’Nete—E Tsoa Mohloling Ofe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Ke Mang ea Tla Isa Batho Khotsong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • “Khotso ea Molimo” e ke e Lebele Pelo ea Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Khotso ea Molimo bakeng sa ba Rutoang ke Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
w13 6/1 leq. 16

LIPOTSO TSA BIBELE LIA ARAJOA

Ke hobane’ng ha ho le thata hakaale hore lefatše le be le khotso?

Khotso ea lefatše e tla tlisoa feela ke ’muso o ka fetolang lipelo tsa batho

Bibele e fana ka mabaka a mabeli a ka sehloohong. La pele ke hore le hoja batho ba finyeletse lintho tse babatsehang, ha baa bōptjoa ba e-na le matla a ho tsamaisa mehato ea bona. La bobeli ke hore maano a batho aa hlōleha kaha “lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo,” e leng Satane Diabolose. Kahoo, batho ba hlōlehile ho tlisa khotso lefatšeng.​—Bala Jeremia 10:23; 1 Johanne 5:19.

Kaha batho ke baithati ba bile ba rata botumo, ba entse hore khotso e be sieo lefatšeng. Khotso ea lefatše e tla tlisoa feela ke ’muso o ka rutang batho ho rata ho loka le ho hlokomelana.—Bala Esaia 32:17; 48:18, 22.

Ke mang ea tla tlisa khotso lefatšeng?

Molimo ea Matla ’Ohle o tšepisitse hore o tla hloma ’muso o tla busa batho bohle. O tla nkela mebuso ea batho sebaka. (Daniele 2:44) Jesu, Mora oa Molimo, o tla busa e le Khosana ea Khotso. O tla felisa bokhopo lefatšeng lohle ’me a rute batho ho phela ka khotso.​—Bala Esaia 9:6, 7; 11:4, 9.

Hona joale, batho ba limilione lefatšeng lohle, bao Jesu a ba tataisang ba sebelisa Lentsoe la Molimo, Bibele, ho ruta batho hore ba phelisane ka khotso. Haufinyane khotso e tla ba teng lefatšeng.​—Bala Esaia 2:3, 4; 54:13.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 3 ea buka ena ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela