Itokisetse Phutuho ea Peeletso ea Molula-Qhooa
Kaha ho lebelletsoe phutuho e ikhethileng ea peeletso ea Molula-Qhooa ka April le May, Mokhatlo o ntse o lokisetsa litokollo tse tsosang thahasello e khethehileng tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Lihlooho tse khōlō li tla tšohla litaba tse sa tšoaneng tseo ka kakaretso li leng likelellong tsa batho hohle.
Molula-Qhooa o tla tšohla litaba tse latelang: “Na Nako e se e Ile ho Feta Kamoo u Nahanang ka Teng?” (April 1), “Ha e le Hantle Khotso e Tla Tla Neng?” (April 15), “Ho Sebetsana ka Katleho le Tlōlo ea Molao Lefatšeng le Morusu” (May 1), le “Etelletsa Molimo Pele Bophelong ba Hao ba Lelapa!” (May 15). Lihlooho tsa Tsoha! li tla tšohla litaba tsena: “Ha Motho le Liphoofolo ba Phela ka Khotso” (April 8), “Thuso Bakeng sa Bana Bao Batsoali ba Bona ba Hlalaneng” le “Ho Laba-labela Lottery—Ke Mang ea Hlōlang? Ke Mang ea Hlōloang?” (May 8), le “Thelevishene—Lebokose le Fetotseng Lefatše” (June 8).
Bahoeletsi bohle, haholo-holo bo-pula-maliboho, ba lokela ho hlahloba litlhoko tsa bona ka bomong bakeng sa tšebeletso e eketsehileng ha ba fana ka lipeeletso le ho aba limakasine tse fapa-fapaneng. Kholisehang hore le kōpa palo e eketsehileng ea limakasine nako e sa le teng hore le be le limakasine tse lekaneng ho tloha qalong feela ea phutuho ea Molula-Qhooa.