Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/91 leq. 1
  • Ka Sebete Fetisa Memo ea Hore “Tloo!”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ka Sebete Fetisa Memo ea Hore “Tloo!”
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • KOPANELA KA SEBETE
  • “Moea le Monyaluoa ba Ntse ba re: ‘Tloo!’”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • “E Mong le e Mong ea Utloang a ke a re: ‘Tloo!’”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Phutuho e Atlehang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Memo e Tobileng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2015
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
km 2/91 leq. 1

Ka Sebete Fetisa Memo ea Hore “Tloo!”

1 Liketsahalo tse potlakileng lefatšeng ka bophara li khetholla linako tsena e le ‘mehla ea qetello.’ (2 Tim. 3:1-5) Bonokoane bo eketsehang, ho se tsitse ha moruo, le mafu a sokelang bophelo le tsona li ekelitse khatello ea tsona. Empa ka thabo, har’a masisa-pelo a joalo, batho ba fetisa memo e ka ba amang ka ho sa feleng. Moea le monyaluoa ba tsoela pele hore “Tloo!” ’Me hona joale “bongata bo boholo ba batho” bo kopane le bona ho fetisetsa memo e eang ho batho bohle ho tla inkela metsi a bophelo ntle ho tefo.—Tšen. 7:9; 22:17.

2 Kajeno, manane a maholo a ba nyoretsoeng ho loka a arabela memong ena. Selemong se fetileng ba limillione ba bile teng likopanong tsa setereke tse neng li tšoeroe lefatšeng ka bophara, ’me ba ka bang limillione tse leshome ba bile teng Sehopotsong. Ba bang ba limillione ba bontša kananelo ka litokisetso tsa Jehova ka ho mamela molaetsa oa ’Muso. Ke habohlokoa hakaakang hore re sebelise nako ea rōna ka bohlale ho fetisetsa memo ena phatlalatsa le ka ntlo le ntlo!—Lik. 5:42; Ba-Ef. 5:15, 16.

KOPANELA KA SEBETE

3 Bakreste ba pele ba ile ba hlorisoa ka baka la boboleli ba bona bo mafolo-folo. (Lik. 16:19-21; 17:2-8) Leha ho le joalo, ha ba ka ba tela boitekong ba bona ba ho tsebahatsa litaba tse molemo. Le rōna ka ho tšoanang re lokela ho ba sebete le ho ikemisetsa boitekong ba rōna ba ho bolela litaba tse molemo.

4 Esita le linaheng tseo mosebetsi o thibetsoeng ho tsona, baena ba kopanela ka pelo eohle mosebetsing oa boboleli ho sa tsotellehe mahloriso a sehlōhō, ho kopanyelletsa le ho lahleheloa ke mesebetsi, matlo, esita le tokoloho ea bona. Mohlala oa bona o motle o re khothalletsa ho tsoela pele ho mema ba bang hore ba ‘Tle!’—2 Ba-Thess. 3:9.

5 Khaitseli e mong ka mor’a lilemo tse 35 tsa ho ithuta ’nete, o ’nile a boloka takatso ea pelo ea ho ba pula-maliboho. Maemo a hae a botho a ile a fetoha ha a le lilemo li 70, ’me e ile ea e-ba pula-maliboho oa ka mehla. Le hoja e le batho ba ’maloa feela ba ka kenelang mosebetsi o mocha ha ba e-na le lilemo tse kalo, o hlile a etsa joalo. Ka mor’a ho thabela tšebeletso ea nako e tletseng ka lilemo tse ngata o re: “Ho ntse ho ntlafala letsatsi le letsatsi.” O ile a tlisetsa ba bang khatholoho ea moea ka ho amohela ka sebete memo ea Jehova ea ho hahamalla litokelo le ho kopanela haholoanyane tšebeletsong ea ’Muso.

6 Joaloka lekholong la pele la lilemo, kajeno batho ba arabela memong ena, ba fetola menahano ea bona le ho lahla mekhoa e hlomphollang Molimo. Ba fetoha karolo ea boena ba machaba ba Lipaki tse inehetseng ’me ba kopanela le moea le monyaluoa hore “Tloo!” ho batho ba bang ba pelo li tšepahalang.

7 Keketseho e khōlō mosebetsing oa ’Muso le ho atolosoa ha liofisi tsa makala linaheng tse fapaneng e fana ka bopaki ba tlhohonolofatso ea Jehova. Empa tsamaiso ena ea lintho e ntse e felloa ke nako. Joale ena ke nako e loketseng ea ho bontša sebete le mafolo-folo ho fetisetseng memo ea hore “Tloo!” e le hore ba bang ba ka arabela ka potlako le ho nka bohato ka seo ba se utloang.—Lik. 20:26, 27; Ba-Roma 12:11.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela