Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/91 leq. 1
  • Na Bana ba Hao ba Itokiselitse ho Khutlela Sekolong?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bana ba Hao ba Itokiselitse ho Khutlela Sekolong?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Lihloohoana
  • SEBELISA BUKANA EA SEKOLO
  • E-BA PAKI LETSATSI LE LENG LE LE LENG
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
km 1/91 leq. 1

Na Bana ba Hao ba Itokiselitse ho Khutlela Sekolong?

1 Ka January, bacha ba Bakreste ba tla be ba khutlela sekolong. E ka ’na eaba ba khutlela sekolong ba nyakalletse kapa mohlomong ba tšoenyehile ka tsela e itseng. Maikutlo ana a ka hare a tlisoa ke menyetla le liphephetso tse lebelletsoeng. Bacha ba bang ba tla teana le barutoana ba bang ba bacha le matichere a macha. Bacha ba Bakreste le bona baa hlokomela hore selemo se seng le se seng se secha sa ho ea sekolong se tsamaea le liteko tumelong ea bona, botšepehing ba bona, le leratong la bona ho Jehova. Na lōna bacha ka phuthehong le itokiselitse ho khutlela sekolong? Lōna batsoali le ka matlafatsa bana ba lōna joang bakeng sa liteko tse larileng ka pele?

SEBELISA BUKANA EA SEKOLO

2 Ka 1983 ho ile ha fanoa ka bukana e lekanang le makasine ea Sekolo haholo-holo bakeng sa batsoali ba Bakreste le bana ba bona ba lilemong tsa ho kena sekolo. E etselitsoe ho tekela matichere le batsamaisi ba sekolo litumelo le mekhoa ea Lipaki tsa Jehova ka ho hlakileng kaha li amana le mesebetsi e itseng ea sekolo. E boetse e fana ka tataiso mabapi le boemo bo kopaneng ba Lipaki tsa Jehova ka mekhoa ea boitšoaro.

3 Bukana ena e lekanang le makasine e ipakile e le tšireletso ea sebele ho bacha ba bangata. Ka mohlala, motsoali e mong oa Paki o ile a elelloa hore barutoana ba ne ba fuoa lithupelo tsa thuto ea botona le botšehali ke batho ba tsejoang ka boitšoaro bo hlephileng. Motsoali eo o ile a khona ho hlalosa litletlebo tsa hae tsa Mangolo a nkile bukana eo e lekanang le makasine ’me a atleha tabeng ea hore ho etsoe liphetoho tse loketseng liklaseng tsa morali oa hae.

4 Pele likolo li buloa, batsoali ba ka matlafatsa likelello le lipelo tsa bana ba bona ka ho ipha nako ea ho nchafatsa mehopolo ea bona ka litaba tse ka hare bukaneng ena e lekanang le makasine. Batsoali ba ka hatisa lintlha tse khethiloeng hantle bukaneng e lekanang le makasine tseo haholo-holo e ka bang thuso har’a selemo ba ntse ba nahanela hantle lilemo tsa ngoana, boemo ba hae, le sekolo. (Liprov. 14:15; 22:3) Hlahloba ’moho le ngoana oa hao hore na ke maemo afe ao a ka ’nang a thulana le ’ona, ’me u bontše kamoo boitsebiso bo hatisitsoeng bo ka thusang ka teng ho ‘etsa litsela tse otlolohileng bakeng sa maoto a hae.’—Ba-Heb. 12:13.

5 Batsoali ba ka etsa ho hongata ho thusa bana ba bona “ho itšireletsa ka pel’a e mong le e mong” ea ka ’nang a ba botsa lipono tsa bona le litebello tsa botho. (1 Pet. 3:15, NW) Maemong a mang batsoali ba ka khetha ho bua le tichere ka seqo. Batsoali ba bang ba Bakreste ba lokisetsa maeto a ho ea sekolong nako le nako, kaha sena se ka thusa ho hlahisa kamano e ntle pakeng tsa bona le matichere. Ho ba le thahasello e joalo ea botho ho boetse ho matlafatsa kamano pakeng tsa motsoali le ngoana. Batsoali ba bang ba etse hloko tlhahiso ea hore ba iphe nako ea hore ba be teng lipuisanong tsa klase moo ho etsa joalo ho lumelletsoeng. Ka linako tse ling sena se fa motsoali pono ea sebele ka tikoloho le liteko tse ikhethileng tsa letsatsi le letsatsi tseo bana ba rōna ba talimanang le tsona.—1 Pet. 3:8.

E-BA PAKI LETSATSI LE LENG LE LE LENG

6 Mocha e mong oa Paki o ne a ee a kōpe tichere ea hae hore e mo thuse ka mantsoe a thata ao a neng a a fumana ha a bala bukana ea Ho Hlahlobisisa Mangolo letsatsi ka leng. Ka letsatsi le leng o ile a hlokomela hore bukana ea hae ha e eo. Hamorao o ile a fumana hore tichere ea hae e ne e ile ea e “alima” ka letsatsi leo e ileng ea tloha sekolong kapele hobane e ne e kula. E ne e sa batle ho fetoa ke ho bala temana. Sena se ile sa lebisa hore a e fe kopi ea Ho Hlahlobisisa Mangolo.

7 Ke ’nete hore selemo se secha sa ho ea sekolong se tlisa maemo a tšoenyang le tšabo. Leha ho le joalo, pono e nepahetseng hammoho le ho lokisetsa ka matla li tla thusa batsoali le bacha ho ‘hlomella likelello tsa bona bakeng sa mosebetsi’ o tlotlisang Jehova selemong se tlang sa ho ea sekolong.—1 Pet. 1:13.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela