Le se ke la Khathala
1 1991 Yearbook e tlaleha ka keketseho e hlollang e etsahalang lefatšeng ka bophara. Ho na le litlhōrō tse ncha tsa bahoeletsi linaheng ka ho fapana.
2 Empa boemo bo joang tšimong ea heno? Na u thulana le ho iphapanya? Na batho ba iphapanyetsa molaetsa oa ’Muso? Na ke batho ba fokolang feela ba fumanehang malapeng? Na ke ba fokolang feela ba arabelang hamolemo? Haeba ho joalo, keletso ea Pauluse e ho Ba-Galata 6:9, (NW) e ka u khothatsa: “A re se keng ra nyahama ho etsa se setle, hobane ka nako e tšoanelang re tla kotula haeba re sa khathale.” Ka sebele ho etsa se setle ho akarelletsa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso ka ntlo le ntlo. Re tlameha ho tsoela pele ho bolela ka phehello ho fihlela Jehova a re mosebetsi o phethiloe. (Esa. 6:8) Esita le masimong a thata, batho ba kang linku ba ntse ba fumanoa.
3 Re ka etsa joang e le hore re se ke ra khathala tšebeletsong? Ho fetola katamelo ea rōna kapa likenyelletso tsa rōna ho ka thusa. Litlhahiso tse molemohali li fumanoa bukeng ea Ho Bea Mabaka. Na u se u lekile ho li sebelisa? Katamelo e khutšoanyane empa e le e tobileng e ka hapa tlhokomelo ea beng ba matlo ba bangata. Etsa hore batho ba tsebe hore u ba etetse hobane ua ba thahasella ebile u thahasella boiketlo ba bona.
NEHELANA KA BUKA EA HO PHOLOHA
4 Ka January re ka bontša kameho ea rōna ho ba bang ka ho nehelana ka buka ea Ho Pholohela Lefatšeng le Lecha. Rōna ka borōna re buella ’Muso oa Molimo le ho o tšehetsa ka ho bolela litaba tse molemo. Buka ea Ho Pholoha ke kofuto e molemohali bakeng sa ho thusa ba bang hore ba ithute ho eketsehileng ka ’Muso oo khafetsa ba o bolelang lithapelong, empa ba tseba ho honyenyane haholo ka oona.
5 Ho na le lintlha tse ’maloa tse tsosang thahasello bukeng ena. Mohlomong u ka fumana khaolo 1 le setšoantšo se maqepheng 4 le 5 e le tse thusang ha u li sebelisa nehelanong ea hao. Ke mang ea sa batleng ho phela maemong a Paradeise a bontšitsoeng moo? Serapa sa pele se bolela hore ke ntho e ka etsahalang hore ho thabeloe bokamoso ba khotso le tšireletseho lefatšeng lena. Mohlomong u ka ba ua phetla sehloohoana se leqepheng 14 se tšohlang tseko ea bobusi. U ka bala serapa 9 leqepheng 16 ho thusa mong’a ntlo ho utloisisa hore ’Muso oa Molimo ke puso ea sebele eo haufinyane e tla kopanya batho ba merabe eohle ’me e fane ka tataiso e lokileng e hlokoang ke bohle. Ke ’nete hore mohlomong u ka batla lintlha tse ling tse ka tšoanelang nehelano ea hao.
6 Ka sebele re ka khothala ka borōna le ho matlafala ka ho kopanela ha rōna mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso beke le beke. Ho phaella moo, bomoea ba rōna bo ka bolokoa bo le matla ka thuto e tsitsitseng ea Lentsoe la Molimo le ho kopanela ka mehla libokeng tsa phutheho.—Ba-Heb. 10:23-25.
KHOTHALLETSA BA BANG HO IPOLOKA BA LE MATLA
7 U ka ithusa le ho khothatsa ba bang ka ho sebetsa ’moho le bona tšebeletsong ea tšimo. (Ba-Gal. 6:10) Ke hobane’ng ha u sa botse bo-pula-maliboho le baholo hore na u ka sebetsa le bona? Hape, ba sa tsoeng ka mehla kapa bao mohlomong ba seng ba se mafolo-folo ba ka khothatsoa ke ha u thahasella boiketlo ba bona ba moea.
8 Ho hlokahala hore kaofela ha rōna re mamelle tšebeletsong ea Jehova ’me re se ke ra khathala mehleng ena e thata ea qetello. Mamello e joalo e tla re nolofalletsa ho boloka cheseho ea rōna ea Bokreste ho sa tsotellehe bothata kapa ho iphapanya ha batho ba itseng. (Ba-Heb. 10:36-39) Rapela Jehova hore a u fe matla. (Esa. 40:29-31) Mo kōpe hore a u thuse ho mamella, ’me u boloke boikutlo bo kholisehileng ba kelello. Hopola, re etsa mosebetsi oa Molimo. O bona seo re se etsang tšebeletsong ea oona, ’me ha o lebale. (Ba-Heb. 6:10) Kahoo a re se keng ra khathala! Ho fapana le hoo, ‘ka mehla a re ’ne re beng le ho hongata hoo re ka ho etsang mosebetsing oa Morena,’ re itšetlehe ka Jehova hore a re matlafatse bakeng sa ‘mosebetsi oa hae o motle.’—1 Ba-Kor. 15:58, NW; Ba-Gal. 6:9, NW.