Lipotso Tsa Thuto ea Bukana Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?
Libakeng tse ling lithutong tsena, ho entsoe tšupiso sehlomathisong, se maqepheng a 27-31. Litlhaloso tsa lirapa tse bontšitsoeng li ka ’na tsa akarelletsoa thutong, ’me lirapa tsa sehlomathiso li ka baloa ha nako e lumela.
BEKE EA PELE
Leqephe 2
1-4. Ke hobane’ng ha ho le nakong ho hlahloba kamoo mali a ka bolokang bophelo ka teng? (Bona leqephe 27, lirapa 1-3.)
Leqephe 3
1, 2. Ke hobane’ng ha e le ha tlhaho ho nka bophelo bo amana le mali, ’me Molimo o ameha joang tabeng ena?
3, 4. Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella seo Molimo o se bolelang ka mali?
5. Re lokela ho ela hloko Genese 9:3-6 ka lebaka lefe, ’me bohlokoa ba mantsoe ao ke bofe?
6. Baiseraele ba ne ba le ka tlas’a litlamo life mabapi le mali?
Leqephe 4
1, 2. Melao ea Molimo e ile ea tsoela Iseraele ea boholo-holo molemo joang, empa lebaka le leholo leo Iseraele e neng e qoba mali ka lona e ne e le lefe?
3. Molao o mabapi le mali o ne o lokela ho talingoa joang boemong ba tšohanyetso?
Leqephe 5
1, 2. Tabeng ea molao o mabapi le mali, Jesu o behile mohlala ofe?
3, 4. (a) Seboka sa baapostola se ile sa fihlela qeto efe ka Bakreste le mali? (b) Re tseba joang hore na ebe ho tela mali e ne e le taelo ea nakoana feela kapa che?
5. Ho ea ka baapostola ba Jesu, ho qoba mali e ne e le habohlokoa hakae?
6, 7. Bopaki bo eketsehileng bo bontšang hore taelo e mabapi le mali e ne e le tlhokahalo ea ka ho sa feleng ke bofe?
Leqephe 6
1, 2. Mehleng ea pele ho Bokreste mali a ne a sebelisoa joang phekolong ea meriana?
3. Mehleng ea Roma Bakreste ba pele ba ile ba arabela joang tšebelisong ea mali, esita le phekolong ea meriana?
4-6. (a) Tšebeliso ea litšelo tsa mali e qalile joang? (b) Ka baka la molao oa Molimo, ke hobane’ng ha ho tšela mali methapong ho fosahetse?
7. Ke hobane’ng ha Lipaki tsa Jehova li hana litšelo tsa mali? (Bona leqephe 27, lirapa 4-7.)
8. Le hoja lebaka la sehlooho la hore Bakreste ba qobe litšelo tsa mali e le la bolumeli, ke hobane’ng ha re lokela ho hlahloba litšobotsi tsa meriana tsa phekolo ea mali?
BEKE EA BOBELI
Leqephe 7
1, 2. Tšelo ea mali e nka sebaka sefe phekolong ea kajeno ea meriana?
3, 4. Ke hobane’ng ha e le ho utloahalang ho hlahloba hore na ebe litšelo tsa mali li kotsi kapa che?
Leqephe 8
1. Ke potso efe eo ka bohlale re e botsang mabapi le litšelo tsa mali?
2, 3. Ke hobane’ng ha ho aroloa ha mali ka mefuta ea ’ona le ho hlahloba hore na aa lumellana e le habohlokoahali empa ho hlile ho sa lekana?
4, 5. Ke joang tšelo ea mali e ka bakang mathata a ho itšireletsa ha ’mele mafung?
6, 7. Ke kotsi efe eo litšelo tsa mali li ka ’nang tsa e baka ka mor’a ho buuoa ka lebaka la kankere?
Leqephe 9
1. Ke eng se boleloang ke bopaki bo mabapi le tšelo ea mali le ho buuoa ka lebaka la kankere?
2, 3. Ke kotsi efe e ’ngoe ea boitšireletso ba ’mele mafung eo litšelo tsa mali li ka ’nang tsa e baka?
4, 5. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore batho ba tsebe ka kotsi ea ho tšoaroa ke mafu a hlahang litšelong tsa mali?
Leqephe 10 (Lebokose)
1, 2. Kotsi ea lefu la sebete le tsamaisoang ke litšelo tsa mali e tebile hakae?
3. Boemong bo bong, ke hobane’ng ha ho ile ha bonahala eka kotsi ea ho tšoaroa ke lefu la sebete le hlahang maling e hlotsoe?
4, 5. Ke liphetoho life tse ileng tsa paka hore kotsi ea ho tšoaroa ke lefu la sebete le hlahang maling e sa ntsane e ke ke ea hlokomolohuoa?
6-8. Ke hobane’ng ha ho ameha ka lefu la sebete e se ntho ea nakong e fetileng?
Leqephe 11
1. Ke eng se ka ’nang sa bontša hore likotsi tsa hore mali a ka baka mafu li ke ke tsa fela?
2-4. Ke joang mali a ka pepesetsang motho mafung a sa tloaelehang sebakeng sa habo? (Bona le lebokose, leqephe 11.)
5-7. Seoa sa AIDS se bontšitse joang hore mafu a macha, a kotsi a ka ’na a amahanngoa le mali?
Leqephe 12
1, 2. Ke hobane’ng ha tšebeliso ea litlhahlobo tsa ho fumana metsoako e loantšang kokoana-hloko ea AIDS e ntse e se tiiso ea hore mali ha a na kotsi?
3-5. Ke hobane’ng ha tšokelo ea kokoana-hloko ea AIDS e se qetello ea taba?
6, 7. Ke ho tšoenyeha hofe ho utloahalang hoo litsebi li nang le hona ka likokoana-hloko tse tsamaisoang ke mali?
BEKE EA BORARO
Leqephe 13
1, 2. Ke mang ea batlang tlhokomelo ea boleng bo botle ea meriana, ’me sena se akarelletsa eng?
3-5. U ka bontša joang hore ho na le mekhoa e meng ea phekolo ka ntle ho litšelo tsa mali?
6-8. Mali a ne a atisa ho tšeloa neng, empa ke hobane’ng ha mokhoa ona o ne o se na motheo o motle?
Leqephe 14
1. Ke eng se bontšang hore bophahamo ba hemoglobin bo ka tlaase ho bo tloaelehileng bo ka mamelloa?
2, 3. Haeba motho a lahleheloa ke mali ka tšohanyetso, ke eng se hlokahalang, ’me bothata bona bo ka phekoloa joang?
4. Ke hobane’ng ha maro a nkelang mali a lahlehileng sebaka e le a sebetsang hantle?
5. Lingaka li ka thusa mokuli ho sebetsana ka katleho le tahlehelo ea lisele tse khubelu tsa mali joang?
Leqephe 15
1. Ke eng se ka etsoang ho potlakisa ho hlahisoa ha lisele tse khubelu tsa mali?
2-4. Nakong ea ho buuoa, tahlehelo ea mali e ka fokotsoa joang?
Leqephe 16
1-3. Ke bopaki bofe bo bontšang hore tšebetso e khōlō ea ho buuoa ka ntle ho litšelo tsa mali ea khoneha?
4-6. Ke litšebetso life tse pharalletseng tsa ho buuoa tse khonehang ka ntle le ho sebelisa mali? (Bona leqephe 28, lirapa 1-3.)
Leqephe 17
1. Ke liphello life tse ntle tse ’nileng tsa finyelloa ha ho buuoa pelo ho sa sebelisoe mali?
2-4. Bakuli ba Lipaki ka bobona ba tlatsetsa joang phellong e hlollang eo hangata e bang teng tšebetsong ea ho buuoa ka ntle ho mali?
BEKE EA BONE
Leqephe 17
5, 6. Tlhahlobisiso ea likotsi kapa melemo ke eng, ’me e sebelisoa joang?
Leqephe 19
1, 2. Mokuli o phetha karolo efe tlhahlobisisong ea likotsi kapa melemo?
3-5. Ke hobane’ng ha phekolo ea mali e akarelletsoa ka ho loketseng ha ho bapisoa likotsi le melemo? (Bona leqephe 31, lirapa 1, 2.)
6. Ke molao-motheo ofe oa molao o sebetsang tokelong ea hao ea ho khetha liphekolo tsa meriana? (Bona leqephe 30, lirapa 1-8.)
Leqephe 18 (Lebokose)
1-4. Ke eng seo bakuli ba Lipaki ba se etsang ho tlosa likameho tsa molao ka lehlakoreng la basebetsi ba phekolo ea meriana? (Bona leqephe 28, serapa 4.)
5-7. Ka baka la seo Lipaki li tlang ho se etsa ho kokobetsa likameho tsa molao, ke hobane’ng ha e le ho utloahalang hore lingaka le lipetlele li sebelisane le tsona?
Leqephe 20
1-3. Basebetsi ba bang ba phekolo ea meriana ba arabetse joang khatong eo Lipaki li e nkang?
4, 5. Makhotla a ’nile a ameha joang linyeoeng tse ling tsa bakuli ba Lipaki?
Leqephe 21
1, 2. Ke hobane’ng ha ho retelehela makhotleng e se tsela e molemohali ea ho sebetsana le linyeoe tse amang Lipaki le mali?
3, 4. Ke ka mabaka afe ho retelehela makhotleng e leng ho sa lokelang esita leha mokuli e le ngoana?
5, 6. Ke tokelo efe ea batsoali e sebetsang ho khetheleng bana phekolo? (Bona leqephe 28, serapa 5, le leqephe 29, serapa 1.)
7-leq. 22, ser. 3. Lipontšo tse ling tsa molao tsa hore batsoali ba lokela ho lokoloha ho etsa liqeto tsa phekolo ea meriana bakeng sa bana ba bona ke life?
Leqephe 22
4. Ke hobane’ng ha batsoali ba Lipaki le basebetsi ba phekolo ea meriana ba lokela ho sebetsa ’moho?
BEKE EA BOHLANO
Leqephe 22
5, 6. Ke linnete life tsa sehlooho tseo u lokelang ho li hopola mabapi le mali le kōpo ea Lipaki ea phekolo ea meriana e sa sebeliseng mali?
Leqephe 23
1-3. Esita le haeba ba bang ba e-shoa ba ntse ba hana mali, ke’ng seo re sa tlamehang ho se hlokomoloha? (Bona leqephe 29, lirapa 2-5, le leqephe 31, lirapa 3-5.)
4, 5. Pono ea sebele mabapi le lefu le mali ke efe?
Leqephe 24
1, 2. Ke eng se ka re thusang ho ananela hore na mali a hlile a boloka bophelo joang?
3, leq. 25, ser. 1. Mehleng ea pele ho Bokreste, pono ea Molimo e ne e le efe ka mali, hona hobane’ng?
Leqephe 25
2. Mali a ne a kenella joang Letsatsing la Tefello ea Libe, ’me ke hobane’ng ha re lokela ho ameha ka hoo?
3, 4. Ho na le kamano efe pakeng tsa Letsatsi la Tefello ea Libe le karolo eo Jesu a e phethang?
5. (a) Lebaka la sehlooho leo Bakreste ba telang mali ka lona ke lefe? (b) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho hatella haholo likotsi tsa litšelo tsa mali?
6, 7. (a) Mali a amana joang le boemo ba rōna pel’a Molimo? (b) Ke thuto efe eo re tlamehang ho e utloisisa e le e ka sehloohong ponong ea rōna ka mali?
8. Ke hobane’ng ha re ka bolela hore boemo ba Lipaki mabapi le mali bo bontša tlhompho bakeng sa bophelo?
Leqephe 26
1, 2. Mali a kenella joang bokamosong ba rōna ba ka ho sa feleng?