Qalisang le ho Phetha Liboka ka Nako
1 Liboka tsohle tsa phutheho, ho akarelletsa le liboka tsa tšebeletso ea tšimo, li lokela ho qaloa le ho phethoa ka nako. Hobane’ng? Ho boloka nako ho bonahatsa tlhophiso ’me ho bontša ho nahanela bohle ba bang teng libokeng le ba kopanelang ho tsona. (Moek. 3:17b; 1 Ba-Kor. 14:33) Re ka bontša kameho ea rōna ka ho khomarela tataiso e latelang ho tiisa hore liboka li qalisoa le ho phethoa ka nako.
2 Ka mehla re lokela ho leka ka matla hore re fihle nako e sa le teng libokeng e le hore re ka qoqa le ba bang, re hlokomele litaba tse hlokahalang, le ho kopanela pineng le thapelong e bulang. Ka tloaelo, ho fanoa ka metsotso e mehlano bakeng sa pina le thapelo. Ba emelang phutheho ka thapelo ba lokela ho hopola morero oa seboka le ho bonahatsa sena ka mantsoe a bona thapelong e bulang le thapelong e koalang. Lithapelo tse joalo ha lia lokela ho ba telele.
3 Seboka sa Phatlalatsa: Lipuo tsa phatlalatsa li lekanyelitsoe bakeng sa metsotso e 45. Ho tlōla nako e fanoeng ho tla ama Thuto e latelang ea Molula-Qhooa. Liboka tsena ka bobeli, ho akarelletsa lipina le lithapelo, li lokela ho phethoa ka lihora tse peli. Libui tsa phatlalatsa li lokela ho khomarela nako e bontšitsoeng kemisong ea Mokhatlo ’me li se ke tsa akarelletsa litaba tse sa ameheng puong, tse kang litumeliso. Haeba sebui se sa tsebe moo Holo ea ’Muso e leng hona teng, se lokela ho kōpa phutheho eo se tla e etela hore e se supise tsela le hore na mohlomong leeto le ka nka nako e kae.
4 Thuto ea “Molula-Qhooa”: Thuto ea Molula-Qhooa e abetsoe hora e le ’ngoe, ho akarelletsa ho baloa ha lirapa tsohle le ho botsa lipotso tsa tlhahlobo. Litlhaloso tsa mokhanni oa eona tse khutšoanyane le tse tobileng tsa selelekela li lokela ho tsosa thahasello le ho lebisa thutong. Litlhaloso tsa hae le lipono tsa hae nakong ea thuto e lokela ho ba tse lekanyelitsoeng. Hore mokhanni a arole boitsebiso ho latela nako ho tla mo thusa ho qoba ho qeta nako e ngata haholo karolong e qalang ea thuto ebe o potlakela ho qeta karolo e qetellang ea eona.
5 Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo: Sena ke seboka sa metsotso e 45. Le hoja puo ea taeo le ea lintlha tse khōlō tsa ’malo oa Bibele li ke ke tsa emisoa ha nako e se e felile, baena ba abetsoeng likarolo tsena ba tlameha ho khomarela nako eo ba e abetsoeng. Haeba ba sa etse sena, ba lokela ho fuoa keletso e ka thōko. Hape, keletso le litlhaloso tsa molebeli oa sekolo li lokela ho khomarela nako e bontšitsoeng. Ho ka bolokoa nako haeba liithuti tsohle li ka lula haufi le sethala le haeba e mong le e mong a phetha puo ea hae hang feela ha nako eo a e abetsoeng e fela.—Bona Kemiso ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo Bakeng sa 1991.
6 Seboka sa Tšebeletso: Seboka sena le sona ke sa metsotso e 45. Lenaneo lohle ha lea lokela ho feta hora e le ’ngoe le metsotso e 45, ho kopanyelletsa le Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le lipina le lithapelo. Baena ba nang le likabelo Sebokeng sa Tšebeletso ba lokela ho khomarela nako eo ba e abetsoeng. Likarolo tse lokelang ho akaretsoa ka lipotso le likarabo li hloka kenyelletso e khutšoanyane feela. Ha ho hlokahale hore ho phaelloe ka boitsebiso bo bong bo pharalletseng ba selelekela. Lipontšo li lokela ho lokisetsoa hantle, ’me batho ba kopanelang ho tsona ba lokela ho itokisetsa hantle le hore ba be libakeng tse loketseng e le hore ba tle ba sebelise hamolemo nako e abetsoeng karolo eo.
7 Thuto ea Buka ea Phutheho: Sena ke seboka sa hora e le ’ngoe, ho akarelletsa thapelo e bulang le e phethang. Lirapa tsohle li lokela ho baloa. E le hore mokhanni a ka phetha seboka ka nako, o tla aro-arola boitsebiso e le hore a ka qoba ho akaretsa karolo e setseng ea thuto ka potlako kapa ho qeta kapele haholo. Ho hlokahala hore mokhanni a lemohe hore na ho senngoa nako e kae serapeng se seng le se seng. Lintlha tsa sehlooho li lokela ho utloisisoa ka ho hlaka. Tsebo ea ho ruta ea mokhanni e tla mo nolofalletsa ho tobana ka katleho le phephetso leha e le efe tabeng ena.—Tite 1:9, NW.
8 Liboka tsa Tšebeletso ea Tšimo: Liboka tsena ha lia lokela ho feta metsotso e 15, ho akarelletsa le ho fana ka likabelo tsa tšimo le ho koala ka thapelo. Ba eang tšebeletsong ba batla ho qalisa tšebeletso ea bona ea tšimo kapele kamoo ho ka khonehang. Mokhanni o tla qalisa seboka ka nako, a ke ke a lieha ho fihlela ha sehlopha se seholo sa batho se se se le teng. Hape, hang ha likabelo tsa tšimo li se li entsoe ’me seboka se phethiloe ka thapelo, sehlopha se ka tloha hang-hang hore se fihle tšimong. Hona ke habohlokoa haholo-holo ho bo-pula-maliboho bao e ka ’nang eaba ba teng.
9 Kaofela ha rōna re ka rua molemo libokeng tse qalang le ho fela ka nako. Haholo-holo sena se ananeloa ke ba nang le balekane ba sa lumelang ba lebelletseng hore ba be ba le hae ka nako e itseng. Ha ba lokisetsa lipalangoang tse eang libokeng le tse tlohang libokeng kapa ha ba bolela nako eo ba tla beng ba khutletse lapeng ka eona, ho ka ba hotle hore ba tsoang malapeng a arohaneng ba hlokomele hore na ba hloka nako e kae pele le ka mor’a liboka bakeng sa ho thabela botsoalle, ho iphumanela lingoliloeng, joalo-joalo. Ntle ho pelaelo, ho qalisa le ho phetha liboka ka nako ho tlatsetsa ho etseng lintho “ka nepo le ka tlhophiso.”—1 Ba-Kor. 14:40, NW.