Rorisa Lebitso la Molimo ka Botlalo
1 Re thabela mahlohonolo a mangata a Jehova hakaakang! Selemong sena sa tšebeletso ho bile le litlhōrō tse ncha tsa bahoeletsi le lithuto tsa mahae tsa Bibele Afrika Boroa. Ho boetse ha ba le palo e ntle ea ba ka bang 125 000 ba bileng teng Sehopotsong. Batho ba fetang 128 000 ba bile teng Likopanong tsa Setereke tsa “Puo e Hloekileng” Afrika Boroa le linaheng tse haufinyane. Re ruile molemo lijong tse ngata tsa moea tse fanoeng mananeong a monate a kopano ea potoloho le letsatsi le khethehileng la kopano. Re boetse re fumane mahlohonolo a mang a mangata.
2 Re ka bontša kananelo ea rōna joang bakeng sa sohle seo Jehova a re etsetsang sona? Re ka e bontša ka ho rorisa lebitso la Molimo ka botlalo!—Pes. 145:21.
U ’NE U RORISE LEBITSO LA MOLIMO
3 Re ka rorisa lebitso la Jehova ka botlalo joang ka August? Re tla tsoela pele ho buella libukana tse lekanang le makasine. Ka ho lokisetsa ka mafolo-folo le ho nka mefuta e sa tšoaneng ea libukana tsena tse lekanang le makasine ha re ea tšebeletsong ea tšimo, re tla hlomelloa ho rorisa Jehova ’me ho ka etsahala hore re thuse ba bang ho ithuta kamoo le bona ba ka mo rorisang ka teng.
4 Sehlooho sa Puisano se re, “Ke Mang ea Tla Tlisa Lefatše le Lecha?” Re ka lokisetsa likenyelletso tse loketseng tse theiloeng boitsebisong bo maqepheng a 9-15 a buka ea Ho Bea Mabaka. Ntle ho tika-tiko ba bang ho beng ba matlo ba tla buisana le uena ka se boleloang ke baeta-pele ba lefatše ka litebello tsa hona joale tsa ho fetola lefatše hore le be molemonyana. Le hoja batho ba bangata ba laba-labela maemo a khotso, Jeremia 10:23 e bontša hore motho a ke ke a itharollela mathata a hae. Hoa khothatsa ho tseba hore tšepiso ea Molimo ea ho etsa ho hong ka maemo a lefatše kajeno e ke ke ea hlōleha. Tšepiso ena e fumanoa ho 2 Petrose 3:13. Nehelana ka bukana e lekanang le makasine e loketseng.
LOKISETSA HANTLE
5 Tokisetso ea hlokahala e le hore re ka ruta ba bang ka katleho. Ke hobane’ng ha u sa lokisetse le litho tse ling tsa lelapa, le ea u rutileng ’nete, kapa le e mong ea leng sehlopheng sa heno sa thuto ea buka? Ka ho ikhopotsa nehelano ea hao, u tla ba sebete haholoanyane ’me u bonahatse kholiseho ea botho ha u bua le batho tšimong.
6 Nehelano ea rōna e lokela ho bonahatsa thahasello ea rōna ho batho. Hatisa tšepiso ea Bibele ea lefatše le lecha e le ho fana ka tšepo ho ba tepelletseng maikutlo le ba nyahameng. Ha mong’a ntlo a amohela bukana e lekanang le makasine, u ka ’na ua ’montša hore na lenaneo la rōna la ho ithuta Bibele le tsamaisoa joang. Kapa u ka ’na ua etsa qeto ea hore e ka ba ho loketseng haholoanyane ho ’montša leetong la ho boela.
7 Ha re ntse re atamela bofelo ba selemo sena sa bohlokoa sa tšebeletso, ke thabo e kaakang ho amohela mahlohonolo a mangata hakana a tsoang ho Jehova! Haeba mohoeletsi e mong le e mong a ka kopanela ka mehla tšebeletsong beke e ’ngoe le e ’ngoe ’me a tlaleha tšebeletso ea hae ka nako bofelong ba August, re na le lebaka le utloahalang la ho lumela hore re tla phetha selemo sena sa tšebeletso ka tlhōrō e ’ngoe ea bahoeletsi! E se eka kaofela ha rōna re ka sebelisa khoeli ena e setseng ea selemo sa tšebeletso sa 1991 ho rorisa lebitso la Jehova ka botlalo ha re ntse re lebelletse ka cheseho ho sebeletsa Jehova ka ho sa feleng lefatšeng la hae le lecha.