Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/91 leq. 2
  • Liboka Tsa Tšebeletso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tsa Tšebeletso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Lihloohoana
  • BEKE E QALANG KA AUGUST 5
  • BEKE E QALANG KA AUGUST 12
  • BEKE E QALANG KA AUGUST 19
  • BEKE E QALANG KA AUGUST 26
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
km 8/91 leq. 2

Liboka Tsa Tšebeletso

BEKE E QALANG KA AUGUST 5

Pina 165

10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rona ea ’Muso. Etsa tlhahiso ea nehelano e le ’ngoe kapa tse peli tsa limakasine tse loketseng tšimo ea lōna, ’me u khothalletse bahoeletsi bohle ho tsoela tšebeletsong ea tšimo mafelo-bekeng ana. E re ba tle le buka ea Ho Bea Mabaka Sebokeng sa Tšebeletso bekeng e tlang.

20 mets: “Rorisa Lebitso la Molimo ka Botlalo.” Puisano ea lipotso le likarabo. Qetella ka pontšo e lokiselitsoeng hantle e bontšang kamoo ho ka sebelisoang Sehlooho sa hona joale sa Puisano. Ikamahanye le maemo a sebakeng sa lōna. Ka mor’a hore mohoeletsi a itsebise kapa a itlhalose ka ho loketseng, mohlomong a ka re: “Kajeno re buisana le baahisani ba rōna ka tlhoko ea ho ba le pono e nang le tšepo ka bokamoso. Hangata baeta-pele ba lefatše ba bua ka merero ea bona ea ho fetola lefatše hore le be molemonyana. Tšepo ea bona e theiloe ho eng? Na u lumela hore batho ba ka khona ho tlisa lefatše le molemonyana? [Emela karabo.] Moprofeta Jeremia o ile a bolela ho hong ka sena joalokaha ho tlalehiloe ho Jeremia 10:23. [E bale.] Re ka ba le tšepo ka bokamoso hobane feela re ithutile ka tšepiso eo Molimo ka booona o e entseng. ’Me tšepiso ea oona e ke ke ea hlōleha. Moapostola Petrose o ngotse tjena. [Bala 2 Petrose 3:13.] Hlokomela kamoo tšepiso ena e tiileng e tsoang ho Molimo e totobatsoang bukaneng ena e lekanang le makasine.” Joale mohoeletsi o tsoela pele ho bontša mong’a ntlo boitsebiso bo loketseng bo bukaneng e lekanang le makasine eo a nehelanang ka eona.

15 mets: “Ho Jala le ho Nosetsa—Mehato e Isang ho Etseng Barutuoa.” Buisana le bamameli ka lirapa 1-9 tsa kenyelletso, leqephe 3. Ha le buisana ka lirapa 7-9, etsa hore boitsebiso e be bo sebetsang ka ho buisana hakhutšoaane le bahoeletsi ba atlehileng ho etsa se boletsoeng kapa liphihlelo tsa sebakeng sa lōna tse bontšang lintlha tseo. Kholiseha hore liphihlelo kapa lipotso e ba tse khutšoaane le tse tobileng.

Pina 130 le thapelo e koalang.

BEKE E QALANG KA AUGUST 12

Pina 72

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete. Balla phutheho liteboho le lipolelo tsa kananelo tse tsoang Mokhatlong bakeng sa menehelo e rometsoeng. Hape, babatsa phutheho ka ho tšehetsa litlhoko tsa phutheho. Ba khothalletse ho kopanela tšebeletsong ea tšimo bofelong ba beke le ka linako tse ling ha ho na le litokisetso tsa ho paka ka sehlopha.

15 mets: “Kopanela ka Pelo Eohle Tšebeletsong ea Tšimo—Karolo 2.” Puo e khothatsang le e rutang e akaretsang boitsebiso bo sehloohong sena le e bontšang kamoo ho ka sebelisoang buka ea Ho Bea Mabaka. Ha ho hlokahale hore ho etsoe pontšo ka lintlha tse boletsoeng, empa sebui se ka mpa sa bontša kamoo ho ka fumanoang le ho sebelisa boitsebiso bo kofutong ena e ntle ea tšebeletso ea tšimo. Ka bokhutšoaane bontša bohlokoa ba mananeo a boikoetliso ho itokisetsa tšebeletso ea tšimo. Haeba nako e lumela, u ka mema mohoeletsi ’me a hlalose kamoo a etsang sena ka teng.

20 mets: “Ho Jala le ho Nosetsa—Mehato e Isang ho Etseng Barutuoa.” Ka mor’a kenyelletso e khutšoaane e hokahanyang boitsebiso bo akarelitsoeng bekeng e fetileng, etsa tlhahlobo ea lipotso le likarabo ea lirapa 10-20 tsa kenyelletso, maqephe 3 le 4. Mohlomong bahoeletsi ba bang ba ka pheta kamoo ba ntlafalitseng tšebeletso ea bona le ho qalisa lithuto tsa Bibele ka ho sebelisa litlhahiso tse bontšitsoeng litokollong tse fetileng tsa Tšebeletso ea Rona ea ’Muso.

Pina 48 le thapelo e koalang.

BEKE E QALANG KA AUGUST 19

Pina 174

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo. “Ho Sebetsa ka Thata ho Etseng Thato ea Molimo.” Khothalletsa baena ho lokisetsa esale pele ho ba teng lenaneong la letsatsi le khethehileng la kopano la 1992. Bolela letsatsi le sebaka haeba li tsejoa. Haeba nako e lumela, etsa tlhahiso ea hore na ke lihlooho life limakasineng tsa morao-rao tseo e ka bang ho loketseng haholoanyane ho li buella ka ntlo le ntlo mafelo-bekeng ana.

20 mets: “Ho Nehelana ka Taba tse Molemo—Tšimong e Sebetsoang Khafetsa.” Lipotso le likarabo. Etsa hore boitsebiso bo tšoanele phutheho ea lōna kapa u etse hore bo lumellane le litlhoko tsa phutheho.

15 mets: “Tokisetso ea Thuto ea Buka ea Phutheho—Karolo 2.” Puo e khothatsang ’me e fanoe ke mokhanni oa thuto ea buka ea atlehang.

Pina 25 le thapelo e koalang.

BEKE E QALANG KA AUGUST 26

Pina 134

15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Puisano e batsi ea litokisetso tsa phutheho tsa tšebeletso ea tšimo le se ka etsoang ho fana ka khothatso le thuso ho bahoeletsi ba bo-pula-maliboho. Lebisa tlhokomelo e khethehileng litlhokong tsa ba ka ’nang ba qalisa tšebeletso ea bona ea bopula-maliboho ka la 1 September. Fana ka tlaleho ea khatelo-pele e entsoeng phutuhong ea tšimo e sa abuoang. Tsebisa phutheho ka litokisetso tse entsoeng bakeng sa September ’me u khothalletse bohle ho sebetsa tšimong e sa abuoang bonyane mafelo-beke a le mang ka khoeli. Ba khothalletse ho kopanela tšebeletsong ea tšimo mafelo-bekeng ana, ’me u hopotse bahoeletsi ho nka buka ea Phela ka ho sa Feleng bakeng sa ho e sebelisa tšebeletsong ea tšimo ho qala ka Sontaha, la 1 September.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho. U ka sebelisa boitsebiso bo lihloohong tse qalang tsa Tsoha! ea June 8, 1991 e le motheo oa puo kapa puisano e theiloeng tabeng ea ho bua ka batho.

15 mets: Karolo ea Lipotso. Puisano ea lipotso le likarabo. Hatisa mahlohonolo a tlisoang ke ho latela litlhahiso tsa puso ea Molimo.

Pina 16 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela