Pina ea 25
Lintle tsa Molimo
1. Jehova o entse
Lintho tse khahlisang.
Ho ja le tšebetso,
Ke mpho tse ikhethang.
Ho beiloe lipelong
Nako e sa feleng.
Ka hoo re lebella
Phelo bo sa khaotseng.
2. Molimo o rata
Ho re re fumane
Mahlohonol’a hae
Hore re o ra te.
Re tla tšoareha ke
Lintho tsa Jehova;
’Me Jah o tla lula
Le rōna kamehla.
3. Tšebetso’e babatsoang
Eo re e rutiloeng
Le eo e re amang
K’ea hore re pakeng.
Ke neo e tsoang ho Jah
’Me ea re thabisa.
Ke mpho e ntle ea hae
Eo re nang le eona.
4. Re be le bohlale
Kamehla le mehla.
Ho etsa ho hotle,
Re tsebahatse Jah.
E, rea e thabela
Kabelo’en’a rōna,
R’etsa tsena tsohle
Ho khahla Jehova.