Ho Kopanela Keketsehong ea ’muso
1 “Ke liphetoho tse tsotehang hakaakang!” “Ho etsahetse kapele hakaakang!” “Ke tlhohonolofatso e kaakang ho baena ba rōna ba leng Soviet Union!”
2 Lipolelo tsena li ile tsa utloahala ho ea bofelong ba August le mathoasong a September likopanong tse ileng tsa tšoaroa ka katleho Soviet Union ho sa tsotellehe tšitiso e neng e ka ’na ea ba teng. Ka kakaretso, ho bile teng batho ba 74 252 likopanong tse supileng tse neng li tšoaretsoe Soviet Union lehlabuleng lena, ’me ha kolobetsoa ba 7820. Ho phaella moo, batho ba eketsehileng ba 295 924 ba ile ba bokana likopanong tse neng li tšoaretsoe Europe Bochabela.
3 Ka sebele, joaloka lekholong la pele la lilemo, mantsoe a moprofeta Esaia aa phethahala: “Batho ba neng ba tsamaea lefifing ba bone leseli le leholo. . . . U atisitse sechaba; u entse hore se thabe haholo. Se ’nile sa thaba pel’a hao ka thabo e kang ea mohla kotulo.” E, keketseho ea ’Muso e tsoela pele! Jesu Kreste oa busa! ’Me joalokaha boprofeta bo tsoela pele: “Puso ea bohosana le khotso li ke ke tsa fela.”—Esa. 9:2, 3, 7, NW.
4 Ho hlokomela keketseho e tsotehang e teng Europe Bochabela ho ’nile ha hloka hore nako le nako ho ahoe meaho e meholoanyane ea khatiso Jeremane. Baena ba rōna moo ba thabela ho tšehetsa keketseho ena, e tlatsetsang ka ho toba phethahatsong ea boprofeta ba Jesu bo ikhethang: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona bakeng sa bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo tlang.”—Matt. 24:14, NW.
5 Le rōna re bona keketseho e khōlō lekaleng la Afrika Boroa. Morao tjena, sebokeng sa selemo le selemo sa Lipaki tsa Jehova tsa Afrika Boroa, ho ile ha boleloa lintlha tse ling mabapi le hore na ke hobane’ng ha keketseho ena e hlokahala, le hore na re ntse re tsoella joang ka katoloso ea lekala. Re thabela ho le amela lintlha tse seng kae ho tsena.
6 Setsi sa Rōna sa Khatiso: Hona joale re hatisa limakasine ka lipuo tse 15 tse fapaneng mona lekaleng la Afrika Boroa. Ka kakaretso, re hatisa litokollo tse 46 tse fapaneng tsa limakasine khoeli le khoeli! Ho phaella moo, selemong se fetileng sa tšebeletso, re hatisitse libuka tse fapaneng tse lekanang le makasine tse 94 ka lipuo tse 25, le libukana tse fapaneng tse 34 ka lipuo tse 13. Re ile ra khona ho sebetsana le libuka tse fapaneng tse 35 ka lipuo tse 12! Libuka tsena li tla hatisoa ke fektheri e Brooklyn.
7 Ho phaella ho se boletsoeng ka holimo, re boetse re hatisa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ka lipuo tse robong khoeli le khoeli, hammoho le litlhahlobo tse ngoloang. Ho hatisoa likemiso tsa lipuo bakeng sa likopano tsa setereke, likopano tsa potoloho, likopano tsa matsatsi a khethehileng, le lipuo tsa phatlalatsa. Ho hatisoa lipampitšana tse limillione. Hape re hatisa limemo, liforomo, le mangolo a mangata ao Mokhatlo o romellang boitsebiso tšimong ka ’ona. Ha e le hantle, hona joale re hatisa lingoliloeng tse ka bang limillione tse peli setsing sa rōna sa khatiso se lekaleng la Afrika Boroa khoeli le khoeli! Lingoliloeng tse ngata ho tsena li lokela ho fetoleloa ka lipuo tse ’maloa tsa sebakeng sena. Hona joale Lefapha la rōna la Phetolelo ke lona le leholo ka ho fetisisa lefatšeng.
8 Selemong se fetileng sa tšebeletso re ile ra fumana mochine o mocha oa Wohlenberg o nang le mahare a mararo o khaolang limakasine o tsoang lekaleng la Jeremane. Mochine ona o kentsoe karolo e ikenyetsang limakasine ka boeona, ’me o ekelitse tekanyo ea mosebetsi oa rōna haholo bakeng sa ho khaola limakasine ka mahlakoreng. Ho kenngoa ha mochine oa rōna o mocha o hatisang oa Hantscho joale ho se ho le haufi le ho phethoa. Hang ha mochine ona o hatisang o sebetsa o tla eketsa tekanyo ea ho hatisoa ha limakasine kapa libukana tse lekanang le makasine ho tloha ho tse 18 000 ho ea ho tse 56 000 ka hora ha re sebelisa mechine ea rōna e ’meli e hatisang!
9 O mong oa merero e meholo ka ho fetisisa eo re tšoarehileng ka eona hona joale ke phetolelo ea Bibele. Re fumane tumello e tsoang ho Komiti e Ngolang ea Sehlopha se Busang bakeng sa hore re fetolele Bibele ka lipuo tse tšeletseng: Seafrikaanse, Sepedi, Sesotho, Setswana, Sexhosa, le Sezulu. Hona joale re ntse re tsoela pele hantle ka lipuo tse tharo ho tsena, e leng Seafrikaanse, Sesotho, le Sezulu. Ho hlokahala bafetoleli ba eketsehileng bakeng sa lipuo tse ling. Lefapha la Litšebeletso tsa Phetolelo le Brooklyn le re file Tsamaiso ea Phetolelo ea Bibele e hlahisitsoeng ka computer. Morero oa tsamaiso ena ke ho hlahisa phetolelo e nepahetseng, e lumellanang, ea lentsoe ka lentsoe, le eo ho leng bonolo ho e bala le ho e utloisisa.
10 Tšobotsi e ’ngoe ea mosebetsi oa rōna o eketsehileng haholo ke e amanang le ho romella thepa makaleng a mang. Hona joale ka karolelano re romella lithane tse 250 tsa thepa makaleng a mang re sebelisa literaka tse ’nè tsa boima ba lithane tse 25 khoeli le khoeli. Nako le nako ho romeloa limakasine, libuka, thepa ea moaho, le thepa e ’ngoe e ngata makaleng a Zimbabwe le Zambia. Ho tla fihlela joale, re se re rometse hoo e ka bang lithane tse lekholo tsa thepa ea liphallelo hammoho le libuka le limakasine Angola. Hape re ’nile ra khona ho thusa Zaire, Moçambique, le linaha tse ling tse karolong e ka boroa ho Afrika. Ke tokelo ho rōna ho sebeletsa lithahasello tsa baena le bo-khaitseli ba rōna ba leng linaheng tse ling ka mokhoa ona.
11 Ho Thoe’ng ka Morero oa Lekala la Rōna oa Kaho?: Ntle ho pelaelo ba bangata ho lōna ba se ba utloile ka tieho e bileng teng morerong oa lekala la rōna oa kaho. Ka mor’a hore re qete lipolane tsa rōna tse ngata, Ofisi ea Kaho e Brooklyn e ile ea fihlela qeto ea hore ho ka ba molemo hore re latele mekhoa ea morao-rao ea kaho ea ho sebelisa mokhoa oa ho foroma mabota e be a se a emisoa feela (tilt-up). E hlalositse hore le hoja sena se tla re liehisa qalong, qetellong re tla rua molemo. Hase feela hore mokhoa ona o tla etsa hore re be le moaho o molemonyana empa nako ea kaho e tla ba e potlakileng haholoanyane ’me likatoloso tsa nako e tlang li ka ahoa ka potlako e khōlō. Ka hona re ile ra lokela ho qala ho etsa lipolane bocha ho tloha qalong.
12 Leha ho le joalo, re thabela ho le tsebisa hore joale lipolane li lokile, ’me likamore tsa bolulo tse 30 li se li ka qala ho ahoa. Ha e le hantle, re se re qetile ho foroma marako a mangata a tlang ho potlakisa mosebetsi oa kaho. Re lebelletse ho qeta morero oohle oa kaho hoo e ka bang ka likhoeli tse supileng kapa tse robeli.
13 Ho sa le joalo, re entse mosebetsi o mong o mongata. Re betlile tsela e likolohang sebaka seo kaho e tla ba ho sona, re entse mosebetsi o mongatanyana oa ho kenya mochine o mocha oa rotary oa Hantscho, ’me re se re qetile mesebetsi e meng e mengata ea kaho Bethele. Hape, ho na le khatelo-pele e ntle mabapi le ho ngolisoa ha setša sa rōna joaloka motse. Hang ha ho fanoe ka tumello, re tla khona ho etsa mosebetsi o mong o hlokahalang oa kaho. Re lokela ho atolosa kamore ea rōna ea ho jela; re lokela ho atolosa setsi sa rōna sa khatiso; re lokela ho eketsa mokato o le mong liofising tsa rōna; ’me ho tla hlokahala hore bonyane re atolose lehlakore le leng moahong oa bolulo.
14 Sehlopha se Busang se ntse se thusa makala a mang ka lichelete le thepa. Empa, rōna re lokela ho jara boikarabelo ba morero oa rōna oa kaho, ho fihlela moo re ka khonang. Tabeng ena re lakatsa ho leboha baena Afrika Boroa kaofela ka menehelo ea bona e metle le litšepiso tsa bona tse ngata tsa ho re tšehetsa ka lichelete. Kaofela ha lōna baena le bo-khaitseli le ile la tlatsa maqetšoana a manyenyane ho bontša hore na le tla nehelana ka bokae khoeli le khoeli. Ho bile le karabelo e tsotehang. Liphutheho tseo pele li neng li etsa monehelo oa R50 ka khoeli li tšepisitse ho etsa monehelo oa hoo e ka bang R600 ho ea ho R1000 ka khoeli. Liphutheho tse nyenyane tse e-s’o ka li etsa menehelo li tšepisitse ho romela menehelo e tomanyana. Ka sebele re ananela haholo litšepiso tsa lōna tsa ho thusa ka lichelete. Rea hlokomela hore mehleng ena e sa tsitsang maemo a sa lebelloang a ka re thatafalletsa ho phethahatsa litšepiso tsena. Leha ho le joalo, re khothalletsa bohle ho hopola mantsoe a ho Moeklesia 5:4, 5 ha ba ntse ba nahanisisa ka litšepiso tseo ba li entseng.
15 Ebang le khona ho ithaopela ho sebetsa setšeng sa kaho kapa ho etsa monehelo oa chelete, kaofela ha rōna re ka rapella hore merero ena ea kaho e atlehe, ka morero oa hore lithahasello tsa ’Muso oa Molimo li tle li eketsehe lefatšeng ka bophara. E se eka Ntate oa rōna oa leholimo a ka re atlehisa kaofela ha re ntse re loanela ho phetha mosebetsi oa hae.
Kapele-pele re hloka baena bakeng sa ho thusa kahong joalokaha ho hlalositsoe lengolong la rōna la October 15, 1991, le neng le ea “Ho Liphutheho Tsohle.”
Ho hlokahala baena likarolong tse peli:
(1) Baena ba masoha kapa banyalani ba se nang bana ba ka itlhahisang hore ba sebelisoe nakong ea mosebetsi oa kaho o teng hona joale kapa ho feta.
(2) Litsebi tsa mosebetsi oa matsoho, tse kang liahi, ba lilang mabota ka samente, ba kenyang lipeipi tsa metsi, litsebi tsa motlakase, ba cheselletsang litšepe, tse ka thusang beke e le ’ngoe ho isa khoeling e le ’ngoe kapa ho fihlela likhoeling tse tharo, linakong tseo tsebo ea tsona e hlokahalang ka tsona.
Haeba u moena ea kolobelitsoeng ea nang le boemo bo botle ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova, ’me eba bonyane u ka qeta beke e le ’ngoe u re thusa ka kaho, ka kōpo tlatsa karolo e ka tlaase kenyelletsong ena ’me u e romele ho rōna. Joale re tla u romella foromo ea kōpo hore u e tlatse.
KAHO EA LEKALA LA AFRIKA BOROA
Baena, ba lilemo li 19 ho ea holimo, ba mengoa hore ba ngole mesebetsi eo ba e tsebang likarolong tse sa tšoaneng tsa mosebetsi oa kaho ka ho kōpa foromo ea boithaopo, ho e tlatsa, le ho e khutlisa. Haeba u na le tsebo kapa phihlelo leha e le efe ea moaho, kapa u batla ho ithaopela ho thusa ka mosebetsi o tloaelehileng, ka kōpo tlatsa setlankane sena ’me u se romele ho CONSTRUCTION DESK, Watch Tower Society, Private Bag 2067, Krugersdorp, 1740. Joale re tla u romella foromo ea kōpo e nang le boitsebiso bo qaqileng haholoanyane hore u e tlatse.
LEBITSO LE FELLETSENG: PHUTHEHO:
ATERESE: Nom. ea FONO:
NOMORO EA POSO: