Liboka Tsa Tšebeletso Tsa August
Beke e Qalang ka August 3
10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Bua ka lintlha tse khōlō ho tsoa limakasineng tsa morao-rao. Khothalletsa bohle hore ba kopanele tšebeletsong ea tšimo mafelo-bekeng ana, ho kopanyelletsa le kabong ea limakasine. August ke khoeli ea ho qetela selemong sa tšebeletso. Khothalletsa bahoeletsi bohle hore ba kopanele tšebeletsong beke e ’ngoe le e ’ngoe ’me ba tlalehe tšebeletso ea bona hang-hang bofelong ba August. Na bohle re ka sebeletsa ho ba le tlhōrō e ncha ea bahoeletsi ka August?
15 mets: “Likenyelletso Tse Tla Tsosa Thahasello.” Puisano ea lipotso le likarabo. Etsa pontšo ka lintlha tse boletsoeng ho serapa 5.
20 mets: “Khato e Tiileng ea ho Finyella Tsoelo-pele e Eketsehileng.” Hōlisa lirapa tse peli tse qalang tsa kenyelletso u fane ka tsona e le puo. Koahela karolo e setseng ea sehlooho ka lipotso le likarabo. Hatisa lintlha tse ka sebelisoang sebakeng sa lōna. Qetella ka kakaretso e khutšoaane.
Pina 155 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka August 10
10 mets: Litsebiso tsa phutheho, ho kopanyelletsa le tlaleho ea lichelete le liteboho bakeng sa menehelo. Babatsa phutheho ka ho tšehetsa phutheho ka lichelete, hammoho le mosebetsi oa Mokhatlo oa lefatše ka bophara.
20 mets: Ho Hōlisa Thahasello Maetong a ho Boela. Puisano ka molebeli oa tšebeletso. Ba bangata ba fumana ho thabisa ho buisana le batho le ho ba siela lingoliloeng. (omSU maq. 87-8) Boikarabelo ba rōna bo akarelletsa ho hlaolela thahasello lipelong tsa batho bao re buisanang le bona. Etsa pontšo e khutšoaane ea kamoo ho ka sebelisoang pampitšana ho hōlisa thahasello leetong la ho boela moo ho sa siuoang sengoliloeng ketelong ea pele. Totobatsa ntlha e le ’ngoe kapa tse peli feela. Etsa pontšo e khutšoaane e bontšang kamoo le boitsebiso bo ho index bukeng ea Ho Bea Mabaka bo ka sebelisoang ka teng. Hatella lintlha tse khutšoaane le tse tobileng tse ka sebelisoang ho hōlisa thahasello Bibeleng. Bontša kamoo ho ka lokisetsoang maeto a eketsehileng.
15 mets: “Babylona e Moholo.” Puisano bukeng ea Ho Bea Mabaka, maqephe 29-33. Pontšo: Mohoeletsi o bua le seithuti ka khatelo-pele ea sona. O hatella tlhokahalo ea hore Jehova a re nke re halalela, re loketsoe ke thuso ea Hae le tlhohonolofatso. (1 Pet. 1:15, 16) A hatise bohlokoa ba hore hona joale re balehe ho Babylona ’me re ikopanye le mokhatlo o hlophisitsoeng o halalelang oa Jehova. Molula-setulo o qetella ka ho khothalletsa baena hore ba sebelise likhatiso ho tataisetsa liithuti mokhatlong o hlophisitsoeng le ho sebelisa thuso eo baholo ba fanang ka eona.
Pina 129 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka August 17
15 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo. Puisano ka sehlooho “Ho Phela ka Kelello e Hlaphohileng le ho Loka.” Khothalletsa baena hore ba etse litokisetso esale pele bakeng sa ho ba teng lenaneong la kopano ea letsatsi le khethehileng selemong sa 1993 sa tšebeletso. Tsebisa letsatsi le sebaka haeba li se li tsejoa. Hape, ba khothalletse ho kopanela mosebetsing oa tšimo mafelong a beke.
20 mets: “Phephetso ea ho Etsa Maeto a ho Boela.” Lipotso le likarabo. Ka mor’a ho buisana ka lirapa 5 le 6, etsa lipontšo tse peli. (1) Bontša kamoo ho ka sebelisoang pampitšana ho qalisa thuto ea Bibele. (2) Khetha sehlooho bukeng ea Ho Bea Mabaka ’me u bontše kamoo se ka sebelisoang ka teng ho arabela potso leetong la ho boela. Totobatsa bohlokoa ba ho ba le linako tsa ho ikoetlisa. Ba khothalletse hore ba latelle thahasello e ’ngoe le e ’ngoe.
10 mets: Puisano ka sehlooho “Na U sa Hopola?” ho Molula-Qhooa oa April 15, 1992. Khothalletsa bohle hore ba be le kemiso e ntle ea ho bala limakasine. Fana ka litlhahiso tse sebetsang.
Pina 130 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka August 24
5 mets: Litsebiso tsa phutheho.
15 mets: “Ho Sebetsa ka Katleho ka Ntlo le Ntlo.” Puisano ea lipotso le likarabo. Ba khothalletse ho nka bopula-maliboho bo thusang ka September. Hlalosa hore hangata batho ba nkang bopula-maliboho bo thusang ba ba le tekanyo e phahameng ea tšebeletso likhoeling tse latelang.
15 mets: Bua ka boitsebiso bo ho “Antikreste” bukeng ea Ho Bea Mabaka, maqephe 27-9. Tlhaloso ea “antikreste” ke efe? Na ho na le antikreste a le mong kapa ba bangata? Antikreste o bile teng neng, hona ke bo-mang ba ka tšoantšoang le eena? Etsa pontšo e khutšoaane ea mohoeletsi ea etelang motho ea kenang kereke ea ileng a lemosoa ka Lipaki tsa Jehova.
10 mets: “Ho Sebelisa Buka Motho e Moholo ka ho Fetisisa Maetong a ho Boela.” Ka bokhutšoaane bua ka lintlha tse leng lirapeng tse peli tse qalang. Ebe u etsa pontšo ho etsoa leeto la ho boela ho sebelisoa katamelo e tobileng ho qalisa thuto ea Bibele.
Pina 126 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka August 31
5 mets: Litsebiso tsa phutheho.
15 mets: Na U Etsa Khatelo-pele Moeeng? Puisano ka moholo. Na litho tsa phutheho li finyelletse lipakane tse tobileng selemong se fetileng sa tšebeletso? Haeba ha ho joalo, hobane’ng? Etsa tlhahiso ka lipakane tseo ba ka ipehelang tsona. Khatelo-pele ea hlokahala bakeng sa ho boloka bomoea ba motho. (Ba-Fil. 3:16) Pontšo e khutšoaane ea lelapa, nakong ea thuto ea lelapa, le hlahloba tšebeletso ea lona hore le bone moo le ka etsang khatelo-pele moeeng.
10 mets: Moholo ea tšoanelehang a fane ka tlaleho ea mosebetsi o entsoeng tšimong e sa abuoang. Buisana le bahoeletsi ba bang ’me ba phete liphihlelo tseo ba li thabetseng khoeling ea pele ea phutuho. Tsebisa phutheho ka litokisetso tse entsoeng bakeng sa September ’me u khothalletse bohle hore ba kopanele bonyane hanngoe ka khoeli. Baholo ba khothalletsoa hore ba lokisetse puo ea phatlalatsa tšimong e sa abuoang haeba ho ka etsahala. Lekang ho ba le sebui sa phatlalatsa se tla khona ho bua le bamameli ka puo ea bona. Ho ka nahanoa ka litlhoko tsa phutheho haeba phutheho e sa sebetse tšimong e sa abuoang.
15 mets: Buella buka ea Phela ka ho sa Feleng ka September. Puo le pontšo. Bua ka lintlha tse khōlō le litšoantšo tse ka buelloang ha ho nehelanoa ka buka Phela ka ho sa Feleng. Haeba ho loketse ho ka sebelisoa lintlha tse bukeng ea Ho Bea Mabaka tlas’a sehlooho “Bokhopo.” Mohlomong boitsebiso bo ho likhaolo 11 le 19 “Ke Hobane’ng ha Molimo o Lumelletse Bokhopo?” le “Kamor’a Harmagedone, ke Lefatše la Paradeise” li tla ipiletsa ho mong’a ntlo. E re mohoeletsi ea tšoanelehang a etse pontšo ka mpho ea khoeli, a sebelise Liproverbia 2:21, 22 le litšoantšo tse ho maqephe 156-8, 161, le 162, ho totobatsa hore haufinyane morero oa Molimo oa pele oa ho bōpa lefatše o tla phethahatsoa.
Pina 109 le thapelo e koalang.