Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/92 leq. 2
  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa December

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa December
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka December 7
  • Beke e Qalang ka December 14
  • Beke e Qalang ka December 21
  • Beke e Qalang ka December 28
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 12/92 leq. 2

Liboka Tsa Tšebeletso Tsa December

TLHOKOMELISO: Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e tla ba le kemiso ea Seboka sa Tšebeletso bakeng sa beke e ’ngoe le e ’ngoe likhoeling tsa kopano. Liphutheho li ka etsa liphetoho tse hlokahalang bakeng sa ho fana ka nako ea ho ba teng kopanong ea setereke ’me ka mor’a eona ho ka sebelisoa metsotso e 30 bakeng sa ho ikhopotsa lintlha tsa sehlooho tsa lenaneo la kopano Sebokeng sa Tšebeletso bekeng e latelang. Baena ba babeli kapa ba bararo ba tšoanelehang ba ka abeloa esale pele tlhahlobo ea letsatsi ka leng e le hore ba lebise tlhokomelo e khethehileng lintlheng tse khōlō tsa letsatsi leo. Tlhahlobo ena e lokiselitsoeng hantle e tla thusa baena ho hopola lintlha tse khōlō tseo ba ka li sebelisang bophelong ba bona le ho li sebelisa tšimong. Litlhaloso tse tsoang ho bamameli le liphihlelo tse fanoang li lokela ho ba khutšoaane ’me e be tse tobileng.

Beke e Qalang ka December 7

Pina 218

15 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse loketseng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Etsa tlhahiso ka litsela tsa ho tsosa thahasello limakasineng tse tla buelloa tšebeletsong ea tšimo mafelo-bekeng ana. Bua ka litokisetso tse entsoeng ke baholo bakeng sa hore bacha ba kopanele tšebeletsong matsatsing a phomolo ea sekolo. Haeba ba le teng, buisana le mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba kenang sekolo ba kopanetseng tšebeletsong ea bopula-maliboho bo thusang ka December. Khothaletsa bohle ka phuthehong hore ba tšehetse bacha bana le ho tsamaea le bona. Kaha ba bangata ba tla be ba le phomolong kapa ba ile kopanong karolong e qetellang ea December, khothaletsa bahoeletsi bohle hore ba kenye tlaleho ea bona lebokoseng la litlaleho pele ba ea matsatsing a phomolo.

15 mets: “Susumeletsa ba Bang Hore ba Talime ka Hloko ho Jesu.” Puo e khothatsang, e bontšang bohlokoa ba buka Motho e Moholo ha e thusa batho hore ba sebelise borapeli ba ’nete.

15 mets: Na Litokisetso Tsa Hao Bakeng sa ho ea Kopanong ea Setereke li se li Feletse? Puisano e chesehang e pakeng tsa moholo le mohlanka ea sebeletsang. (Sebelisa baena ba tla ea kopanong e abetsoeng phutheho ea lōna.) Buisanang ka mabaka ao re eang likopanong ka ’ona. (Deut. 31:12, 13) Ho hlokahala hore bohle ba mamelisise hantle ka sepheo sa ho etsa qeto ea kamoo ba tla sebelisa boitsebiso boo ka bobona le tšebeletsong ea tšimo. Ho hlokahala hore ho hlahlobjoe ka lekhetlo la ho qetela ho kholiseha hore bohle ba entse litokisetso tsa lipalangoang. Ho na le likeletso tseo kaofela re lokelang ho li hopola. Ha ho motho ea lokelang ho lokisetsa boithabiso ba bosiu haholo nakong ea kopano, kaha kaofela ha rōna re hloka phomolo e lekaneng. Re lokela ho lokisetsa ho fana ka bopaki. Ho bo-mang? Ho batho bao re teanang le bona ha re sebelisa lipalangoang tsa sechaba le liteisheneng tsa peterole, matlung a lijo, lihoteleng, joalo-joalo. Lokisetsa esale pele ka ho ba le lingoliloeng tse lekaneng tseo u tla li neha batho bao re tla buisana le bona ha re le phomolong le ha re le kopanong. (Le ka boetse la kopanyeletsa likhopotso tse loketseng ho tsoa ho kenyeletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea October 1992.)

Pina 205 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka December 14

Pina 20

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Kopanyeletsa le tlaleho ea lichelete le liteboho bakeng sa monehelo. Babatsa phutheho bakeng sa ho tšehetsa phutheho ka lichelete ka seatla se bulehileng haesita le Letlōle la Mokhatlo la Liholo tsa ’Muso le mosebetsi oa Mokhatlo oa lefatše ka bophara. Haeba nako e lumela, pheta liphihlelo tse khethiloeng tse fumanoeng ha ho sebelisoa buka Motho e Moholo ho thusa batho ho sebelisa borapeli ba ’nete. Etsa tsebiso ka litokisetso bakeng sa ho paka ho khethehileng ka December 25.

20 mets: “Aba Tsebo e Nepahetseng ka Jesu Kreste.” Lipotso le likarabo. Etsa pontšo ho sebelisoa buka Motho e Moholo joalokaha ho bontšitsoe ho serapa 2.

15 mets: “Le ’Ne le Bue ka Lintho Tseo le li Boneng le Tseo le li Utloileng.” Puo. Kopanyeletsa liphihlelo tsa sebaka sa lōna tsa bacha ba sebeletsang e le bo-pula-maliboho ba thusang kapa ba sebelisang nako ea bona ea phomolo ea sekolo hamolemo hore ba be le karolo e eketsehileng tšebeletsong.

Pina 71 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka December 21

Pina 53

8 mets: Litsebiso tsa phutheho; kopanyeletsa le litokisetso bakeng sa bopaki bo khethehileng ka January 1. Buella ntlha e le ’ngoe kapa tse peli tse khōlō tse ka sebelisoang ha ho etsoa kenyeletso tšebeletsong ea tšimo mafelo-bekeng ana.

15 mets: “Latella Thahasello ka Temoho Matsatsing a Phomolo.” Buisana le bamameli. Etsa pontšo ka lintlha tse leng ho lirapa 3 le 4.

10 mets: Lebokose la Lipotso. Puo ka moholo.

12 mets: Tse Boleloang ke Bahoeletsi ba Bacha. Kenyeletsa karolo ena ka ho bolela hore na phuthehong ho na le batho ba bakae ba kenang sekolo. Ho kolobelitsoe ba bakae? Ke ba bakae ba sebeletsang e le bahoeletsi ba sa kolobetsoang? U ka boetse ua fana ka lipalo tsa tšebeletso ea tšimo tse bontšang hore na bacha ba finyella eng. Ba babatse moo ho hlokahalang. Ebe u mema bacha ba bang ba lokiselitseng hore ba hlalose hore na ba ile ba tšoaneleha joang hore e be bahoeletsi ba sa kolobetsoang le hore na ke hobane’ng ha ba thabela tšebeletso ea tšimo ’me ba batla ho ba le karolo e khōloanyane. Lipakane tsa bona ke life bakeng sa nako e tlang? Bacha bao ho buisanoang le bona ba lokela ho bua lipolelo tse hahang tseo e leng tsa bona ’me ba se ke ba pheta mantsoe ao ba a boleletsoeng.

Pina 128 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka December 28

Pina 196

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litaba tsa Puso ea Molimo. Etsa pontšo ea kamoo ho ka sebelisoang ka teng lingoliloeng tse tla buelloa sebakeng sa lōna ka January.

10 mets: “Tsoela pele U Ikoetlisa Sepheo sa Hao e le Boinehelo ba Bomolimo.” Puo e khothatsang ka molebeli oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Hlalosa ka ho hlaka hore na Puo No. 2 e tlameha ho fanoa joang, ’me u hopotse ba abetsoeng ho nehelana ka lintlha tse khōlō tsa Bibele hore ba se ke ba fana ka litlhaloso tse pharaletseng karolong ea Bibele e abetsoeng Puo No. 2.

13 mets: “U ka Fumana Matšeliso Nakong ea ho Tsieleha.” (wSU92 7/15 maq. 19-22) Puo e khothatsang e fanoang ke moholo.

12 mets: Litlhoko tsa phutheho.

Pina 103 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela