Le ’ne le Bue ka Lintho Tseo le li Boneng le Tseo le li Utloileng
1 Esita leha baapostola ba ne ba tšosoa ka ho shapuoa le ho kenngoa teronkong, ba ile ba re ho bahanyetsi ba bona: “Ha ho kamoo re ka lesang ho bolela tseo re li boneng le tseo re li utloileng.” (Lik. 4:20) Ba ne ba ananela bohlokoa ba mesebetsi le lithuto tsa Jesu.
2 Litaba tse molemo tse mabapi le Jesu le ’Muso oa hae ke tsa bohlokoa ho batho kajeno joalokaha li ne li le bohlokoa nakong eo. Ka baka leo, re lokela ho sebelisa monyetla o mong le o mong ho bua ka seo re se boneng le seo re se utloileng Lentsoeng la Molimo. Hangata batho ba boemong bo molemonyana ba kelello bakeng sa ho bua ka litaba tsa bolumeli nakong ea phomolo, ’me sena se fana ka monyetla o eketsehileng oa ho paka.
3 Bacha, Buang Nakong ea Phomolo ea Sekolo: Lipaki tse ngata tse nyenyane li sebelisa hamolemo monyetla o eketsehileng oa ho paka nakong ea phomolo ea sekolo. Lōna ba kolobelitsoeng le ka ngolisa joaloka bo-pula-maliboho ba thusang ka December. Liphuthehong tse ngata baholo ba hlophisitse hore ho be le liboka tse eketsehileng tsa tšebeletso ea tšimo molemong oa bahoeletsi ba kenang sekolo. Ha re khothaletse ba banyenyane hore ba tsoe ba le bang empa ho e-na le hoo ba sebetse le batsoali ba bona kapa le bahoeletsi ba bang ba hōlileng. Ka December ho na le menyetla e metle ea ho kopanela mosebetsing oa seterata kaha batho ba bangata ba tla be ba rekela Keresemese. Limakasine tsa rōna li tla ba le lihlooho tse tla etsa hore batho ba tsebe kamoo Jesu joaloka Morena ea busang a ka rarollang mathata a batho. (Bapisa le Luka 2:14.) Kaha batho ba bangata ba nahana ka Jesu Kreste le ka khotso nakong ena ea selemo, na hase nako e ntle ea ho nehelana ka buka Motho e Moholo ho batho ba bangata kahohle kamoo ho ka khonehang?
4 Haeba khang e bakoa ke hore u sa kopanele lineanong tsa bolumeli tse amanang le Keresemese, u ka re:
◼“Ha ke kopanele meketeng ea Keresemese hobane mekete e joalo ha e bontše hlompho ho Jesu joalokaha e le eena feela ea re nehang poloko le ea tla felisa ntoa le mathata a morabe. [Qotsa kapa u bale Liketso 4:12.] Jesu ha e sa le lesea empa ke Morena ea busang. Buka ena, Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela, e bua ka lithuto tsohle tsa Jesu le mehlolo ’me e bontša kamoo a tla felisa ho utloa bohloko ha batho.” Ebe u ’montša setšoantšo se ho khaolo 133, ’me u bale serapa sa bobeli leqepheng le hlahlamang. ’Montše lintlha tse ling tseo u nahanang hore li ka ipiletsa ho eena.
5 Bua le Bao U Sebetsang le Bona: Moena e mong o ile a tsamaisa libuka tse 63 ka hore a behe kopi ea buka Motho e Moholo holim’a deske ea hae. Ponahalo ea eona e ntle le sehlooho sa eona li baka lipotso. U ka ’na ua botsa motho eo u sebetsang le eena: “U ka re motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela ke mang?” Ebe ua eketsa: “Buka ena e akaretsa ka ho feletseng bophelo bohle ba Jesu, e bua ka puo e ’ngoe le e ’ngoe eo a faneng ka eona, e araba lipotso tse botsoang ke ba bangata mabapi le mehlolo ea hae, ’me e fana ka makolopetso a mang a thahasellisang. Ke boikhopotso bo feletseng ba seo Bibele e se rutang ka Jesu ’me e paka ntle ho pelaelo hore Jesu Kreste e bile motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela.” Ebe u bua ka tlhaloso ea Napoléon ka Jesu joalokaha e qotsitsoe serapeng sa boraro kenyeletsong ea buka.
6 Ho ka hlaha menyetla e tšoanang ea ho pakela baahisane kapa beng ka uena ba sa lumelang. Rapela hore Jehova a u fe sebete le bohlale ba ho bua ka nako e loketseng. (Lik. 4:29, 31) Seo re tlamehang ho se bua ka Jesu se tla futhumatsa lipelo tsa batho ba nahanang ba sekametseng ho lokeng. Ke phihlelo efe e molemonyana eo re ka bang le eona ho feta ea ho thusa motho eo re kenang sekolo le eena, motho eo re sebetsang le eena, moahisane, kapa mong ka rōna hore a kene tseleng e isang bophelong bo sa feleng?—Joh. 14:6.