Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Tlhahlobo ea buka e koetsoeng boitsebisong bo akarelitsoeng likabelong tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa libeke tsa September 7 ho ea ho December 21, 1992. Sebelisa pampiri e ka thōko bakeng sa ho ngola likarabo tsa lipotso tse ngata kamoo u ka khonang nakong e lekanyelitsoeng.
[Tlhokomeliso: Nakong ea tlhahlobo, ho ka sebelisoa Bibele feela ho araba potso leha e le efe. Litšupiso tse latelang lipotso ke tsa hore u iketsetse lipatlisiso. Linomoro tsa leqephe le serapa li ke ke tsa hlahella litšupisong tsohle tsa Molula-Qhooa.]
Araba polelo ka ’ngoe ho tse latelang ka ’Nete kapa Bohata:
1. Ho molemo ho pheta puo ka hlooho e le hore u se ke ua tlameha ho ba le lintlha tse ngotsoeng. [sgSU leq. 63 ser. 17]
2. Hore u ntlafatse boleng ba lentsoe la hao, hoa thusa ho theipa lentsoe la hao le ho le mamela. [sgSU leq. 64 ser. 3]
3. Ha ho hlokahale hore re be masene ha re bua le litho tsa lelapa tse sa lumelang. [sgSU leq. 72 ser. 12]
4. Ho sebelisa lipotso tse batlang maikutlo ho thusa haholo tabeng ea ho finyella pelo ea motho. [sgSU leq. 75 ser. 10]
5. Ka ho lula motseng oa setšabelo, ’molai eo eseng oa ka boomo o ne a tla hlokomela botebo ba seo a se entseng le mohau oa Jehova ka ho mo lumella hore a be le moo a tšabelang teng. (Josh. 20:6) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona hape wSU73 11/15 leq. 516.]
6. Joalokaha ho hlalositsoe tlalehong e ho Baahloli 6:37-39, Gideone o ne a ela lintho hloko ka tsela e fetelletseng. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona hape wSU88 4/1 leq. 30.]
7. Le hoja Manoah a sa ka a bona Molimo ka ho toba, o ile a ikutloa eka o ’mone hobane o ne a bone lengeloi le ikapesitseng ’mele oa nama leo e neng e le ’muelli oa Molimo. (Baahl. 13:22) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona hape wSU88 5/15 leq. 23.]
8. Ka ho tloaelehileng Samuele le bara ba hae ha ba baloe har’a baahloli ba ileng ba sebeletsa ka mor’a Joshua. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona hape wSU86 6/1 leq. 31.]
9. Le hoja Samuele e ne e se moprista, o ile a etsa hantle ha a nyehela mahlabelo, joalokaha ho tlalehiloe ho 1 Samuele 10:8. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona hape w71 leq. 478.]
10. Ha Jonathane a fa Davida liaparo tsa hae, sabole, seqha, le lebanta, o ne a bontša hore o nka Davida e le ea tlotsitsoeng ho ba morena ’me o ikokobelletsa eena. (1 Sam. 18:3, 4) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona wSU89 1/1 leq. 24 ser. 4.]
Arabela lipotso tse latelang:
11. Ke hobane’ng ha ka nepo Jehova a ile a laela hore barapeli ba Baale ba felisoe? [siSU leq. 47 ser. 7]
12. Melemo e ’meli ea puo e fanoang ho sa baloe lintlha ka ho tobileng ke efe? [sgSU maq. 59-60 lir. 5-7]
13. Masene a ka hlalosoa joang? [sgSU leq. 69 ser. 2]
14. Ha re ruta ba bang, ke hobane’ng ha re lokela ho leka ho etsa ho fetang feela ho fetisa tsebo? [sgSU leq. 75 lir. 7, 8]
15. Ntle le ho bua, ke eng se amehang puisanong? [sgSU leq. 78 ser. 3]
16. Haeba moqoqo oa sehlopha sa batho o se o sa hahe, re ka etsa eng ka ’ona? [sgSU leq. 83 ser. 22 ]
17. Motheong oa Baahloli 4:4, na Debora a ka nkoa e le e mong oa baahloli ba Iseraele ea boholo-holo? Hlalosa. [’Malo oa Bibele oa beke le beke: bona wSU86 6/1 leq. 31.]
18. Ke hobane’ng ha Samsone a ile a ea ha mosali oa letekatse motseng oa Gaza? (Baahl. 16:1) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona hape w79 2/15 leq. 31.]
19. Ke hobane’ng ha Jehova a ile a ‘ikoahlaea hore ebe o entse Saule morena’? (1 Sam. 15:10, 11, NW) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona hape g77 3/22 p. 28.]
Fana ka lentsoe kapa polelo e hlokahalang ho qetela polelo ka ’ngoe ho tse latelang:
20. Liketsahalo tse sa tloaelehang tse phahametseng matla a tlhaho tse tlalehiloeng ho Joshua 10:10-14 ke likhopotso tse matla tsa hore___. [siSU leq. 45 ser. 23]
21. Hangata molomo oa motho o tlameha ho ba ___ ho tloha ho sebuela-hōle. [sgSU leq. 68 ser. 19]
22. Ka thuso ea moea oa Molimo, re ka ba matla moeeng joalokaha ___ a ne a le matla ’meleng haeba feela re rapela Jehova ’me re itšetleha ka eena. [siSU leq. 50 ser. 27]
23. Buka ea Ruthe e totobatsa morero oa Jehova oa ho hlahisa ___. [siSU leq. 51 ser. 1]
24. Tlaleho e ho Baahloli 19:15 e bua ka taba e sa tloaelehang ea ha Baiseraele ba hlōleha ho bontša ___ o neng o tloaelehile. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona hape wSU76 1/15 leq. 45.]
25. Molao oa Molimo ka ___ o ke ke oa behelloa ka thōko linakong tsa boemo ba tšohanyetso. (1 Sam. 14:31-34) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona hape wSU86 9/1 leq. 25.]
Khetha karabelo e nepahetseng polelong ka ’ngoe ho tse latelang:
26. Ho ngoloa ha Baahloli ho phethiloe ka (hoo e ka bang ka 1090; hoo e ka bang ka 1100; 1078) B.C.E. [siSU leq. 46 ser. 3 le lebokose]
27. (Ruthe; Rahaba; Debora) o ile a siea naha ea habo ho ea phehella borapeli ba Jehova ’me o ile a ipaka e le mosebetsi ea tšepahalang, ea ikokobelitseng, le ea sebetsang ka boithaopo. [siSU leq. 52 ser. 9]
28. Selemong sa (917; 1017; 1117) B.C.E., ho ile ha ba le phetoho ea bohlokoahali tlhophisong ea Iseraele e le sechaba. [siSU leq. 53 ser. 1]
29. Bangoli ba 1 Samuele e ne e le (Samuele; Gade; Nathane; Davida; Saule). [siSU leq. 53 ser. 2]
30. Motho ea ileng a hlompha litho tsa lelapa la hae ho feta Molimo ke (Manoah; Eli; Saule). (1 Sam. 2:29, 30) [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona hape wSU87 12/15 leq. 16 ser. 8.]
Bapisa mangolo a latelang le lipolelo tse thathamisitsoeng ka tlaase:
Josh. 22:9-31; Baahl. 8:23; Ruthe 2:9; 1 Sam. 21:13-15; Ba-Ef. 5:3, 4
31. Lentsoe la Molimo lea re tataisa tabeng ea hore na re lokela ho qoba puo ea mofuta ofe bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi. [sgSU leq. 56 ser. 9]
32. Jehova ha a lumelle hore basali ba etsoe bahlaseluoa ba ho hlekoa-hlekoa ka likamano tsa botona le botšehali. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona hape wSU87 3/15 leq. 5.]
33. Ha re thulana le mathata, Jehova o lebelletse hore re sebelise matla a rōna a kelello ho e-na le ho lebella hore a re rarollele ’ona. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona hape wSU87 4/15 leq. 19 ser. 14.]
34. Batho ba sa phethahalang ba lokela ho hanela teko ea hore ba sebelise matla hampe. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona hape wSU86 8/15 leq. 11 ser. 13.]
35. Temoho e tla re thusa hore re qobe ho belaella liketso tsa ba bang hampe. [’Malo oa Bibele oa beke le beke; bona hape wSU86 11/1 leq. 23 ser. 10.]